Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Buka ea Esaia

Likhaolo

Kakaretso ea Buka

  • 1

    • Ntate le bara ba hae ba marabele (1-9)

    • Jehova o hloile borapeli bo sa etsoeng ka pelo eohle (10-17)

    • ‘A re lokiseng litaba’ (18-20)

    • Motse oa Sione o tla tsosolosoa e le motse o tšepahalang hape (21-31)

  • 2

    • Thaba ea Jehova e phahame (1-5)

      • Lisabole li etsoa mehoma (4)

    • Letsatsi la Jehova le tla kokobetsa ba ikhohomosang (6-22)

  • 3

    • Baeta-pele ba Juda ba khelosa sechaba (1-15)

    • Barali ba Sione ba bonyang baa ahloloa (16-26)

  • 4

    • “Basali ba supileng ba tla tšoara monna a le mong” (1)

    • “Lijalo tseo Jehova a li melisang li tla atleha” (2-6)

  • 5

    • Pina e buang ka tšimo ea Jehova ea morara (1-7)

    • Bomalimabe bo tla tlela tšimo ea Jehova ea morara (8-24)

    • Jehova o halefela batho ba hae (25-30)

  • 6

    • Esaia o bona Jehova ka tempeleng (1-4)

      • “Oa halalela, oa halalela, oa halalela Jehova” (3)

    • Molomo oa Esaia oa hloekisoa (5-7)

    • Esaia oa rongoa (8-10)

      • “Ke ’na enoa. Roma ’na” (8)

    • “E tla ba ho fihlela neng Jehova?” (11-13)

  • 7

    • Molaetsa o eang ho Morena Akaze (1-9)

      • Sheare-jashube (3)

    • Pontšo e amanang le Emanuele (10-17)

    • Litla-morao tsa ho se tšepahale (18-25)

  • 8

    • Boprofeta ba hore Asiria e tla hlaseloa (1-8)

      • Mahere-shalale-hashe-baze (1-4)

    • Le se ke la tšaba​—“Molimo o na le rona!” (9-17)

    • Esaia le bana ba hae ba joaloka lipontšo (18)

    • Tšepang molao, eseng bademona (19-22)

  • 9

    • Ho ba le leseli le leholo Galilea (1-7)

      • “Khosana ea Khotso” ea tsoaloa (6, 7)

    • Molimo o ahlola Iseraele (8-21)

  • 10

    • Molimo o ahlola Iseraele (1-4)

    • Asiria ke molamu oo Molimo a o sebelisang ho ntša bohale ba hae (5-11)

    • Asiria ea otloa (12-19)

    • Ba phonyohileng ba Jakobo ba tla khutla (20-27)

    • Molimo o tla ahlola Asiria (28-34)

  • 11

    • Lekala la Jese le busa ka toka (1-10)

      • “Phiri e tla phomola le konyana” (6)

      • “Hohle lefatšeng batho ba tla tseba Jehova” (9)

    • Ba setseng ba tla khutla (11-16)

  • 12

    • Pina ea teboho (1-6)

      • “Jah Jehova ke matla a ka” (2)

  • 13

    • Kahlolo e tobisitsoeng ho Babilona (1-22)

      • Letsatsi la Jehova le haufi! (6)

      • Bamede ba tla hlola Babilona (17)

      • Babilona e ke ke ea hlola e e-ba le baahi (20)

  • 14

    • Baiseraele ba tla khutlisetsoa naheng ea habo bona (1, 2)

    • Morena oa Babilona oa sonngoa (3-23)

      • Ea khanyang o tla oa ho tsoa leholimong (12)

    • Jehova o tla thuhakanya Moasiria (24-27)

    • Phatlalatso e tobisitsoeng ho Filistia (28-32)

  • 15

    • Phatlalatso e tobisitsoeng ho Moabe (1-9)

  • 16

    • Molaetsa oa ho ahloloa ha Moabe o tsoela pele (1-14)

  • 17

    • Phatlalatso e tobisitsoeng ho Damaseka (1-11)

    • Jehova o khalemela lichaba ka matla (12-14)

  • 18

    • Molaetsa oa ho ahloloa ha Ethiopia (1-7)

  • 19

    • Phatlalatso e tobisitsoeng ho Egepeta (1-15)

    • Egepeta e tla tseba Jehova (16-25)

      • Aletare ea Jehova Egepeta (19)

  • 20

    • Pontšo ea lintho tse tla etsahalla Egepeta le Ethiopia (1-6)

  • 21

    • “Phatlalatso e tobisitsoeng lefeelleng la leoatle” (1-10)

      • “Ke lula ke eme holim’a tora ea ho lebela” (8)

      • “Babilona o oele.” (9)

    • Phatlalatso e tobisitsoeng ho Duma le ho lehoatata (11-17)

      • “Molebeli, bosiu bo tla sa neng?” (11)

  • 22

    • “Phatlalatso e tobisitsoeng Khohlong ea Pono” (1-14)

    • Eliakime o nkela Motsamaisi Shebna sebaka (15-25)

      • Sepekere sa tšoantšetso (23-25)

  • 23

    • “Phatlalatso e tobisitsoeng ho Tire” (1-18)

  • 24

    • “Jehova o horula naha” (1-23)

      • Jehova ke Morena Sione (23)

  • 25

    • Batho ba Molimo ba hlohonolofatsoa haholo (1-12)

      • Mokete oa Jehova oa veine ea boleng bo phahameng (6)

      • Lefu le tla felisoa (8)

  • 26

    • Pina e buang ka poloko le tšepo (1-21)

      • “Jah Jehova ke Lefika kamehla le mehla” (4)

      • Baahi ba lefatše ba tla ithuta ho loka (9)

      • “Bafu ba hao ba tla phela” (19)

      • Kena likamoreng tse ka hare u ipate (20)

  • 27

    • Jehova o bolaea Leviathane (1)

    • Pina e buang ka Iseraele e le serapa sa morara (2-13)

  • 28

    • Ho malimabe matahoa a Efraime (1-6)

    • Baprista le baprofeta ba Juda baa thekesela (7-13)

    • “Selekane le Lefu” (14-22)

      • Lejoe la sekhutlo la bohlokoa Sione (16)

      • Mosebetsi oa Jehova o sa tloaelehang (21)

    • Papiso e bontšang tsela e bohlale eo Jehova a khalemelang ka eona (23-29)

  • 29

    • Ho malimabe Ariele (1-16)

      • Molimo o khalemela batho ba mo sebeletsang ka melomo feela (13)

    • Ba sa utloeng litsebeng ba tla utloa, ba sa boneng ba tla bona (17-24)

  • 30

    • Thuso ea Egepeta ha e na molemo (1-7)

    • Sechaba ha se mamele baprofeta (8-14)

    • Le tla ba matla haeba le ntšepa (15-17)

    • Jehova o hauhela batho ba hae (18-26)

      • Jehova Morupeli e Moholo (20)

      • “Tsela ke ena” (21)

    • Jehova o tla otla Baasiria (27-33)

  • 31

    • Thuso ea ’nete e tsoa ho Molimo eseng ho batho (1-9)

      • Lipere tsa Egepeta ke nama (3)

  • 32

    • Morena le likhosana li tla busa ka toka (1-8)

    • Basali ba iketlileng baa lemosoa (9-14)

    • Litlhohonolofatso tse tlisoang ke moea ha o theoha (15-20)

  • 33

    • Kahlolo le tšepo ea ba lokileng (1-24)

      • Jehova ke Moahloli, Morena le ea re fang melao (22)

      • Ha ho moahi ea tla re: “Kea kula.” (24)

  • 34

    • Jehova o iphetetsa ho lichaba (1-4)

    • Edomo e tla sala e se na baahi (5-17)

  • 35

    • Paradeise ea tsosolosoa (1-7)

      • “Mahlo a lifofu a tla tutuboloha le litsebe tsa ba sa utloeng li bulehe” (5)

    • Ba lopolotsoeng ba tsamaea Tseleng ea Khalalelo (8-10)

  • 36

    • Sankeribe o hlasela Juda (1-3)

    • Rabshake o nyefola Jehova (4-22)

  • 37

    • Ezekiase o re Esaia a mo kopele thuso ho Jehova (1-7)

    • Sankeribe o tšosa baahi ba Jerusalema (8-13)

    • Thapelo ea Ezekiase (14-20)

    • Esaia o fana ka karabo e tsoang ho Molimo (21-35)

    • Lengeloi le bolaea Baasiria ba 185 000 (36-38)

  • 38

    • Ezekiase oa kula ebe oa fola (1-22)

      • Pina ea teboho (10-20)

  • 39

    • Baromuoa ba tsoang Babilona (1-8)

  • 40

    • Batho ba Molimo baa tšelisoa (1-11)

      • “Motho ea hoeletsang lefeelleng” (3-5)

    • Boholo ba Molimo (12-31)

      • “Lichaba li joaloka lerotholi ka nkhong” (15)

      • Molimo o lula ka holim’a “selika-likoe sa lefatše” (22)

      • Linaleli kaofela li bitsoa ka mabitso (26)

      • Ha ho mohla Molimo a khathalang (28)

      • “Ba tšepileng Jehova ba tla fumana matla hape” (29-31)

  • 41

    • Mohloli ea tsoang bochabela (1-7)

    • Iseraele o khetheloa hore e be mohlanka oa Molimo (8-20)

      • “Abrahama motsoalle oa ka” (8)

    • Melimo e meng ha e na thuso (21-29)

  • 42

    • Mohlanka oa Molimo le mesebetsi eo a tla e etsa (1-9)

      • ‘Lebitso la ka ke Jehova’ (8)

    • Pina e ncha e rorisang Jehova (10-17)

    • Baiseraele ha ba bone ebile ha ba utloe (18-25)

  • 43

    • Jehova o bokella batho ba hae hape (1-7)

    • Ha ho na Molimo e mong ntle le Jehova (8-13)

      • “Le lipaki tsa ka” (10, 12)

    • Ba neng ba le botlamuoeng baa lokolloa Babilona (14-21)

    • “A re qosane” (22-28)

  • 44

    • Batho ba khethiloeng ke Molimo baa hlohonolofatsoa (1-5)

    • Ha ho na Molimo e mong ntle ho Jehova (6-8)

    • Bothoto ba melimo ea litšoantšo e entsoeng ke batho (9-20)

    • Jehova, Molopolli oa Iseraele (21-23)

    • Saeruse o tla sebelisoa ho tsosolosa metse (24-28)

  • 45

    • Saeruse o khetheloa hore a hape Babilona (1-8)

    • Letsopa le ke ke la phehisa sebopi khang (9-13)

    • Lichaba li tla tseba Iseraele (14-17)

    • Molimo o bopile lintho tsohle ebile o phethahatsa seo a se buang (18-25)

      • Lefatše le etselitsoe hore batho ba lule ho lona (18)

  • 46

    • Melingoana ea Babilona e bapisoa le Molimo oa Iseraele (1-13)

      • Jehova o profeta qetello esale qalong (10)

      • Nonyana e jang nama e tsoang bochabela (11)

  • 47

    • Babilona ea oa (1-15)

      • Balepi ba linaleli baa pepesoa (13-15)

  • 48

    • Baiseraele baa khalemeloa ebile baa hloekisoa (1-11)

    • Jehova o tla hlasela Babilona (12-16a)

    • Thuto ea Molimo e re tsoela molemo (16b-19)

    • “Tsoang Babilona!” (20-22)

  • 49

    • Mosebetsi oa mohlanka oa Jehova (1-12)

      • “Leseli la lichaba” (6)

    • Iseraele ea tšelisoa (13-26)

  • 50

    • Libe tsa Iseraele li baka mathata (1-3)

    • Mohlanka oa Jehova ea mamelang (4-11)

      • Leleme le tsebe ea ba rutehileng (4)

  • 51

    • Sione e etsoa hore e tšoane le Edene (1-8)

    • Matšeliso a tsoang ho ’Mopi e moholo oa Sione (9-16)

    • Kopi ea Jehova ea khalefo (17-23)

  • 52

    • Tsoha, Sione! (1-12)

      • Maoto a matle a tlisang litaba tse monate (7)

      • Balebeli ba Sione ba hoeletsa ba le ’moho (8)

      • Ba jarang lijana tsa ntlo ea Jehova ba lokela ho hloeka (11)

    • Mohlanka oa Jehova o tla phahamisoa (13-15)

      • Sebopeho se senyehileng (14)

  • 53

    • Mohlanka oa Jehova o utloa bohloko, oa shoa ebile oa patoa (1-12)

      • Oa nyefoloa ebile oa qojoa (3)

      • O jara maloetse le bohloko (4)

      • “Joaloka nku e tl’o hlajoa” (7)

      • “O jere libe tsa batho ba bangata” (12)

  • 54

    • Sione, mosali ea sa khoneng ho ba le bana o tla ba le bana ba bangata (1-17)

      • Jehova ke monna oa Sione (5)

      • Bana ba Sione ba tla rutoa ke Jehova (13)

      • Ha ho na sebetsa se etselitsoeng ho loantša Sione se tla atleha (17)

  • 55

    • Batho ba memeloa ho tla ja le ho noa mahala (1-5)

    • Batlang Jehova le lentsoe la hae le tšepahalang (6-13)

      • Litsela tsa Molimo li phahametse tsa batho (8, 9)

      • Lentsoe la Molimo le tla atleha (10, 11)

  • 56

    • Balichaba le maqhalaha a tla fumana litlhohonolofatso (1-8)

      • “Ntlo ea thapelo bakeng sa lichaba tsohle” (7)

    • Balebeli ba foufetseng le lintja tse sa khoneng ho bua (9-12)

  • 57

    • Batho ba lokileng le ba tšepahalang baa shoa (1, 2)

    • Botekatsi ba Iseraele boa senoloa (3-13)

    • Ba nyahameng baa tšelisoa (14-21)

      • “Ba khopo ba joaloka leoatle le loebehlanang” (20)

      • Bakhopo ba ke ke ba fumana khotso (21)

  • 58

    • Tsela e nepahetseng le e fosahetseng ea ho itima lijo (1-12)

    • Ho thabela ho keteka Sabatha (13, 14)

  • 59

    • Libe tsa Iseraele li e arohanya le Molimo (1-8)

    • Ho ipolela libe (9-15a)

    • Jehova o namolela batho ba bakang (15b-21)

  • 60

    • Khanya ea Jehova e khanya holim’a Sione (1-22)

      • “Joaloka maeba a eang lirobeng tsa ’ona” (8)

      • “Khauta ho e-na le koporo” (17)

      • “E monyenyane o tla fetoha ba sekete” (22)

  • 61

    • O khethetsoe ho bolela litaba tse monate (1-11)

      • “Selemo sa Jehova sa mohau” (2)

      • “Lifate tse kholo tsa ho loka” (3)

      • Balichaba ba tla le thusa (5)

      • “Baprista ba Jehova” (6)

  • 62

    • Lebitso la Sione le lecha (1-12)

  • 63

    • Jehova o iphetetsa ho lichaba (1-6)

    • Lerato leo Jehova a le bontšitseng nakong e fetileng (7-14)

    • Thapelo ea batho ba bakileng (15-19)

  • 64

    • Thapelo ea batho ba bakileng e tsoela pele (1-12)

      • Jehova ke “Sebopi sa rona” (8)

  • 65

    • Jehova o ahlola batho ba rapelang litšoantšo (1-16)

      • Molimo oa Mahlohonolo le molimo ea Laolang Bokamoso (11)

      • “Bahlanka ba ka ba tla ja” (13)

    • “Maholimo a macha le lefatše le lecha” (17-25)

      • Ba tla haha matlo, ba leme lirapa tsa morara (21)

      • “Ba ke ke ba sebeletsa lefeela” (23)

  • 66

    • Borapeli ba ’nete le ba bohata (1-6)

    • Sione le bana ba hae (7-17)

    • Batho ba bokane Jerusalema e le hore ba rapele (18-24)