Feta

BATJHA BA A BOTSA

Nka Etsang Hore ke Kgaotse ho Nahana ka Dintho Tse ka Nnang Tsa Etsahala?

Nka Etsang Hore ke Kgaotse ho Nahana ka Dintho Tse ka Nnang Tsa Etsahala?

 O nahana hore o motho ya jwang?

  • Motho ya nang le tshepo ya hore dintho di tla loka

    Valerie o re: “Ke leka ho dula ke thabile ebile ke kgobile matshwafo. Ke hobaneng ha ke sa tlameha ho dula ke thabile?”

  • Motho ya dumelang hore dintho di tla ba mpe ha nako e ntse e ya

    Rebecca o re: “Ha ke qala ho bona ntho e ntle e etsahala ntho ya pele eo ke e nahanang ke hore e ke ke ya etsa hore ke dule ke thabile nako e telele.”

  • Motho ya amohelang dintho ho ya ka moo di leng ka teng

    Anna o re: “Motho ya nahanang hore dintho di tla loka, o qetella a swetsehile mme motho ya dulang a nahana hore dintho di tla tsamaya hampe yena, o itsholafalletsa bophelo. Empa ho amohela dintho ho ya ka moo di leng ka teng ho nthuta ho bona ka moo di hlileng di le ka teng.”

 Ke hobaneng ha e le ha bohlokwa?

Bibele e re motho ya “pelo e ntle o ba le mokete kamehla.” (Liproverbia 15:15) Ka hoo, ho hlakile hore ha motho a sa nahane ka dintho tse mpe tse ka nang tsa etsahala empa a nahana ka dintho tse ntle seo se tla etsa hore a thabe. Ebile batho ba thabileng ba na le metswalle e mengata. Ho feta moo, ke mang motho ya batlang ho ba motswalle wa motho ya dulang a nyahame?

Ha e le hantle le batho ba thabileng ba ntse ba hlahelwa ke dintho tse bohloko. Ka mohlala:

  • Ha o ntse o shebelletse ditaba, ho na le ditlaleho tse ngata tse buang ka dintwa, bokgukguni le boshodu.

  • E ka nna yaba ho na le mathata ka lapeng.

  • Ha ho pelaelo hore e ka nna yaba le wena o na le mefokolo ya hao le dintho tseo o lokelang ho di lokisa bophelong ba hao.

  • E ka nna yaba motswalle wa hao oo utlwisitse bohloko.

Ho e na le hore o iphapanyetse dintho tse etsahalang kapa hore o nahane haholo ka tsona, le ka ho ba le tekatekano mme o sebetsane ka tsela e molemo le tsona. Ho ba le tekatekano ho o thusa hore o qobe ho ba le menahano e fosahetseng le hore o amohele dintho ho ya ka moo di leng ka teng.

O ka kgona ho mamella sefefo hobane o a tseba hore ka mora sefefo letsatsi le tla tjhaba

 Seo o ka se etsang

  • Kaofela re etsa diphoso.

    Bibele e re: “Ha ho motho ya lokileng lefatsheng ya tswelang pele ho etsa se molemo mme a sa etse sebe.” (Moeklesia 7:20) Taba ya hore o etsa diphoso e bontsha hore o motho, ha e bolele hore o hlolehile bophelong.

    Ke eng se ka o thusang ho amohela boemo boo: Leka ho lokisa diphoso tsa hao empa o nne o hopole hore ha o a phethahala. Moshanyana e mong ya bitswang Caleb o re: “Ke leka ka hohle hore ke se ke ka dula ke nahana ka diphoso tsa ka hobane seo se ka nyahamisa. Ho e na le hoo, ke leka ho ithuta diphosong tseo e le hore ke bone hore na ke lokela ho ntlafatsa kae.”

  • O seke wa ipapisa le batho ba bang.

    Bibele e re: “A re se keng ra fetoha ba ipoledisang, ba hlohlelletsang tlhodisano, ba honohelanang.” (Bagalata 5:26) O ka utlwa bohloko ha o sheba dinepe metjheng ya puisano ha batho ba posta dinepe tsa ha ba ne ba le mmokeng oo o neng o sa mengwa ho ona. Seo se ka etsa hore o nahane hore metswalle ya hao ha e o rate.

    O ka bontsha jwang hore o amohela dintho ho ya ka moo di leng ka teng: Amohela taba ya hore o ke ke wa mengwa mmokeng o mong le o mong. Ebile dinepe tseo o di bo nang metjheng ya puisano ha di bontshe dintlha kaofela. Motjha e mong ya bitswang Alexis o re: “Batho ba posta dinepe tsa bona tsa puisano haeba ho na le ntho e ntle e etsahetseng feela empa ha ba di behe ha dintho di sa ba tsamaele hantle.”

  • Leka ho etsa hore ho be le kgotso heno.

    Bibele e re: “Haeba ho kgoneha, ho fihlela moo ho itshetlehileng ka lona, le be le kgotso.” (Baroma 12:18) O ke ke wa kgona ho laola tsela eo batho ba etsang dintho ka yona empa o ka kgona ho laola tsela eo o ikutlwang ka yona ha ba di etsa. Maemong ao, o ka kgetha ho etsa se tla etsa hore o be le kgotso.

    O ka bontsha jwang hore o amohela dintho ho ya ka moo di leng ka teng: Leka ho etsa hore ho se ke ha ba le mathata lelapeng leno, empa o leke ho etsa kgotso feela jwalo ka ha o etsa kgotso le metswalle ya hao. Motjha e mong ya bitswang Melinda o re: “Ha ho na motho ya phethahetseng mme kaofela ha rona re a kgopisana. Empa ke kgona ba etsang qeto ya hore na re tla etsang ha motho e mong a re kgopisa.”

  • Eba motho ya ananelang.

    Bibele e re: “Le iponahatse le le ba lebohang.” (1 Bakorinthe 15:33) Haeba o le motho ya ananelang o tla leka ho sheba dintho tse ntle kapa tseo o di ananelang ho e na le hore o dule o sheba dintho tse o utlwisang bohloko kapa tseo o sa di ananeleng.

    O ka bontsha jwang hore o amohela dintho ho ya ka moo di leng ka teng: O se ke wa etsa eka ha o bone diphoso tsa hao empa o leke ho ithuta ho tsona. Motjha e mong ya bitswang Rebecca o re: “Tsatsi le leng le le leng, ke ngola dintho tse ntle tse nketsahalletseng. Ke etsa sena e le hore ke ikgopotse hore ho na le dintho tse ngata tse ka etsang hore ke thabe.”

  • Kgetha metswalle e hantle.

    Bibele e re: “Ditlwaelano tse mpe di senya mekgwa e metle.” (1 Bakorinthe 15:33) Haeba batho bao o tlwaelaneng le bona ba rata ho bua dintho tse sa lokang kapa ba rata ho nyatsa seo se ka e tsa hore o qetelle o tshwana le bona.

    O ka bontsha jwang hore o amohela dintho ho ya ka moo di leng ka teng: Haeba metswalle ya hao e na le mathata seo se ka etsa hore ba se ke ba ikutlwa hantle kapa ba be le kgatello ya maikutlo ka nakwana haeba maemo a le jwalo, etsa sohle seo o ka kgonang ho se etsa ho ba thusa empa o se ke wa dumella tsela eo o nahanang ka yona hore le wena e o ame. Motjha e mong ya bitswang Michelle o re: “Ha re a lokela ho qeta nako ya rona e ngata re e na le batho ba buang dintho tse nyahamisang. Maele a mang a re, tapole e le nngwe e bodisa mokotla kaofela.”

 Ithute ka ho eketsehileng ka taba ena

Bibele e re re phela: ‘Dinakong tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.’ (2 Timothea 3:1) Na ho thata hore o dule o nahana ka dintho tse molemo lefatsheng lena le tletseng dintho tse mpe? Bala sehlooho se reng “Ke Hobaneng ha re Hlahelwa ke Mathata?