Feta

BATJHA BA A BOTSA

Na Ehlile ho Rohakana ke Ntho e Mpe?

Na Ehlile ho Rohakana ke Ntho e Mpe?

“Ke se ke tlwaetse ho utlwa batho ba rohakana, hoo ke utlwang e se e se ntho e phoso.”​—Christopher, 17.

“Ha ke ne ke le ngwana, ke ne ke rohakana haholo. Ke ile ka tlwaela ha bonolo ho rohakana empa ho ne ho le thata ho tlohela mokgwa oo.”​—Rebecca, 19.

 Tlhahlobo

  •   O ikutlwa jwang ha batho ba bang ba rohakana?

    •  Ha ke hlokomele ebile ha ke utlwe letho le phoso.

    •  Ho a ntshwenya empa ke se ke amohetse hore batho ba bua jwalo.

    •  Ho a nkgopisa ka mehla.

  •   O rohakana ha ngata hakae?

    •  Hohang

    •  Ka dinako tse ding

    •  Hangata

  •   O bona eka ho rohakana ke ntho e tebileng hakae?

    •  Ha se ntho e tebileng hakaalo

    •  Ke ntho e tebileng

 Ke hobaneng ha e le ha bohlokwa

 Na o bona eka ho rohakana ke taba e tebileng? O ka nna wa re ‘eseng hakaalo, hobane ho na le mathata a mangata lefatsheng ao re ka tshwenyehang ka ona. Ntle ho moo batho bohle ba a rohakana.’ Empa na taba eo ke nnete?

 O ka nna wa makatswa ke hore ho na le batho ba bangata ba sa rohakaneng, mme ho na le dintho tseo ba di tsebang ka ho rohakana tseo batho ba bang ba sa di tsebeng. Ka mohlala:

  •  Ho rohakana ha se feela taba ya mantswe. Dintho tseo o di buang di a bontsha hore na o motho wa mofuta ofe. Ho rohakana ho bontsha hore ha o nahanele maikutlo a batho ba bang. Na o motho wa mofuta oo?

     Bibele e re: “Dintho tse tswang molomong di tswa pelong.”​—Matheu 15:18.

    Ho rohakana ke puo e ditshila. Ke hobaneng ha o e mamela kapa o e bua?

  •  Ho rohakana ho ka etsa hore batho ba bang ba se ke ba o hlompha. Buka ya Cuss Control e re: “Tsela eo re buang ka yona e ka ama hore na metswalle ya rona e tla ba bo mang, hore na ba malapa a rona le batho bao re sebetsang le bona ba tla re hlompha kapa tjhe, hore na re sebedisana jwang le batho ba bang, hore na batho ba bang ba tla nka dikeletso tsa rona, hore na re tla nyollwa mosebetsing kapa re tla hirwa le hore na batho ba sa re tsebeng ba tla ikutlwa jwang ka rona.” E boetse e re: “Ipotse hore na mohlomong tsela eo o sebedisanang le batho ka yona e ne e ka ntlafala haeba o ne o sa rohakane.”

     Bibele e re: ‘puo e nyefolang e ke e tloswe ho lona.’​—Baefese 4:31.

  •  Ho rohakana ha ho kgahlise jwalo ka ha o ka nahana hore ho a kgahlisa. Bukeng ya hae ya How Rude! Dr. Alex Packer o re: “Ho a kgathatsa ho mamela batho ba dulang ba rohakana.” O boetse o re ho bua mantswe a mabe “ha ho fe motho monyetla wa ho bontsha hore o bohlale, o a qabola kapa o utlwela ba bang bohloko. Haeba dintho tseo o di buang di sa utlwahale, di bontsha hore o botswa di bile di sena moelelo, kelello ya hao le yona e tla ba jwalo.”

     Bibele e re: “Polelo e bodileng e se ke ya tswa melomong ya lona.”​—Baefese 4:29.

 Seo o ka se etsang

  •  Ipehele seo o batlang ho se finyella. Leka ho ipehela nako e etsang kgwedi kapa ka tlaase ho moo o sa rohakane. O ka tshwaya matsatsi ao o sa rohakanang ka ona khalendareng. Le ha ho le jwalo, o ka nna wa lokela ho etsa dintho tse ding hape tse ka o thusang. Ka mohlala:

  •  Qoba ho ithabisa ka dintho tse rohakanang. Bibele e re: “Ditlwaelano tse mpe di senya mekgwa e metle.” (1 Bakorinthe 15:​33) “Ditlwaelano” ha se feela batho bao re qetang nako le bona empa di akarelletsa le boithabiso, e leng dimovie tseo re di shebellang, dipapadi tsa divideo tseo re di bapalang le mmino oo re o mamelang. Kenneth ya dilemo di 17 o re: “Ho bonolo ho bina le pina eo o e ratang ebe o iphapanyetsa taba ya hore e ntse e rohakana hobane feela e na le morethetho o monate.”

  •  Bontsha hore o hodile. Batho ba bang ba nahana hore ho rohakana ho bontsha hore ha e sa le bana. Empa ntho eo ha se nnete. Ha Bibele e bua ka batho ba hodileng e re, ‘matla a bona a ho lemoha a kwetliseditswe ho kgetholla se nepahetseng le se fosahetseng.’ (Baheberu 5:​14) Ha ba tlohele mekgwa ya bona e metle hore feela ba “kgahlise” ba bang.

 Puo e hlohlontshang ditsebe e silafatsa kelello ka menahano e fosahetseng. Lefatsheng ho se ho ntse ho na le batho ba bangata ba rohakanang, o seke wa eketsa palo ya bona. Buka ya Cuss Control e re: “Etsa seo o ka se kgonang ho bua puo e hlwekileng. Ha o etsa jwalo o tla ikutlwa hantle le batho ba bang ba tla o hlompha.”