Feta

BATJHA BA A BOTSA

Ke Shebahala Jwang?

Ke Shebahala Jwang?

 Ke hobaneng ha o lokela ho ela hloko tsela eo o aparang ka yona? Diaparo di a bontsha hore na o motho ya jwang. Ebe tsa hao di o hlahisa o le motho ya jwang?

 Diphoso tse tharo tseo batho ba di etsang ha ba kgetha moaparo le ka moo re ka di qobang ka teng

Phoso ya #1: Ho susumetswa ke metjha ya phatlalatso.

 Motjha ya bitswang Theresa o re: “Ka dinako tse ding ke kgahlwa ke diaparo tse itseng hobane ke bona di bapatswa haholo. Ha kelello ya hao e dula e bona batho ba fapaneng ba apere ntho e itseng ho thata hore le wena o se ke wa e rata.”

 Ha se banana feela ba susumetswang ke dipapatso. Buka ya The Everything Guide to Raising Adolescent Boys e re: “Bashanyana le bona ba kgahlwa ke diaparo tsa moraorao. Ba dula ba bona dipapatso tse ba hohelang hore ba reke dintho.”

 Tsela e molemo: Bibele e re: “Mang kapa mang ya se nang phihlelo o beha tumelo lentsweng le leng le le leng, empa ya masene o nahana ka mehato ya hae.” (Liproverbia 14:⁠15) Ho ya ka temana ena, leka ho hlahlobisisa dintho tse hlahang dipapatsong. Ka mohlala, ha o bona ho bapatswa diaparo tseo ho thweng “di ntle,” ebile di tla etsa hore “batho ba shebe wena feela,” ipotse:

  •  ‘Ha e le hantle ke mang ya tla rua molemo haeba ke latela feshene eo?’

  •  ‘Batho ba tla nahana hore ke phela bophelo bo jwang?’

  •  ‘Na ehlile ke bona bophelo boo ke bo phelang?’

 Keletso ya moaparo: Qeta beke o shebisisa dipapatso tsa diaparo le metjha e meng ya phatlalatso e bontshang diaparo tsa moraorao. Di kgothalletsa bophelo ba mofuta ofe? Na ka tsela e potelletseng di etsa hore o utlwe eka o tlameha ho apara ka tsela e itseng? Motjha e mong ya bitswang Karen o re: “Hona le kgatello e matla ya hore o shebahale o le motle, o apare hantle le ya hore o hlahise mmele wa hao. Ka ha batho ba rekisang diaparo ba a tseba hore batjha ba tlasa kgatello ena, ba rekisetsa bona.”

Phoso ya #2: Ho apara diaparo tse ratwang hore feela o tshwane le dithaka tsa hao.

 Motjha e mong ya bitswang Manuel o re: “Haeba diaparo tse itseng di le fesheneng batho bohle ba tlo apara diaparo tseo. Haeba o sa di apare batho ba tlo o makalla.” Motjha e mong ya bitswang Anna le yena o re: “Bothata ha se ho latella feshene empa ke ho leka ho tshwana le dithaka tsa hao.”

 Tsela e molemo: Bibele e re: “Le kgaotse ho ba ka sebopeho sa tsamaiso ena ya dintho.” (Baroma 12:2) O nahanne ka keletso eo, sheba diaparo tseo o nang le tsona ebe o ipotsa dipotso tsena:

  •  ‘Ke dintho dife tse etsang hore ke kgethe mofuta o itseng wa diaparo?’

  •  ‘Diaparo tsa mabitso di bohlokwa hakae ho nna?’

  •  ‘Na ke aparela ho kgahlisa batho?’

 Keletso ya moaparo: Ha o nahana ka diaparo, o se ke wa nahana feela ka hore ke tse keneng fesheneng tseo batho ba bangata ba reng di ntle kapa ka hore ke tse tswileng fesheneng tseo batho ba sa di batleng. Empa o nahane ka hore na diaparo tseo di etsa hore o ikutlwe o itshepa ebile o sireletsehile. Haeba o itshepa o ke ke wa tshwenyeha ka hore o tla ba mokgelo ho dithaka tsa hao.

Phoso ya #3: Ha ke apere diaparo tse penyang kapa tse hlahisang mmele ke hona ha ke le motle.

 Ngwanana e mong ya bitswang Jennifer o re: “Ka dinako tse ding ke kgalla ho apara diaparo tse kgutshwane, tse penyang kapa tse hlahisang mmele.”

 Tsela e molemo: Bibele e re: “Le se ke la dumella mokgabo wa lona hore e be wa  . .  ka ntle, empa e ke e be motho ya ka sephiring wa pelo.” (1 Petrose 3:3, 4) O nahanne ka temana ena, ipotse hore na keng e etsang hore motho a ratehe, na ke diaparo tsa hae tse ntle kapa ke botho ba hae bo ratehang?

 Keletso ya moaparo: Ntho e kgahlisang ka ho fetisisa ke ho apara ka tsela e hlomphehang. Ke nnete hore batho ba bangata mehleng ena ha ba sa rata ho apara ka tsela eo. Empa nahana ka taba ena:

 Na o kile wa qoqa le motho ya buang haholo a bile a bua ka yena feela? Ntho e bohloko ke hore hangata motho eo ha a hlokomele le hore o a o tena.

Jwalo ka motho ya dulang a bua ka yena feela a etsa hore batho ba se ke ba thabela ho ba le yena, diaparo tse etsang hore batho ba shebe wena feela le tsona di jwalo

 Ha o apara ka tsela e sa hlompheheng o ba jwalo ka motho eo. Haeba o apara diaparo tse etsang hore batho ba shebe wena feela, seo se etsa hore o shebahale eka o motho ya sa itshepeng le ya sa nahaneleng batho ba bang. Hape diaparo tseo di ka etsa hore o bonahale o le mohaung wa hore batho ba o shebe le haeba ba sa o shebe ka tsela e nepahetseng. Haeba o sa batle hore batho ba nahane dintho tse fosahetseng ha ba o shebile, leka ho apara ka tsela e hlomphehang.

 Motjha e mong ya bitswang Monica o re, “Ho apara ka tsela e hlomphehang ha ho bolele hore o tshwanetse ho apara jwalo ka bonkgono. Empa ho bolela feela hore o a itlhompha le hore o hlompha batho ba o shebileng.”