Feta

BATJHA BA A BOTSA

Ke Hobaneng ha o Lokela ho ya Dibokeng Holong ya Mmuso?

Ke Hobaneng ha o Lokela ho ya Dibokeng Holong ya Mmuso?

 Dipaki Tsa Jehova di ya dibokeng habedi ka beke dibakeng tsa bona tsa borapedi tse bitswang Diholo Tsa Mmuso. Ho etsahala eng dibokeng tseo, hona o ka rua molemo jwang ka ho ya ho tsona?

 Ho etsahalang Holong ya Mmuso?

 Holong ya Mmuso ke moo re ithutang hore na re ka sebedisa dikeletso tsa Bibele jwang. Diboka tse tshwarelwang moo di ka o thusa hore:

  •   o ithute nnete ka Modimo.

  •   o utlwisise hore na diketsahalo tsa mehleng ena di bolelang.

  •   o be motho ya molemo haholwanyane.

  •    o fumane metswalle ya bohlokwa.

 Na o ne o tseba? Sebaka seo Dipaki Tsa Jehova di kopanelang ho sona se bitswa Holo ya Mmuso hobane ke moo ho buuang ka Mmuso wa Modimo hangata.​—Matheu 6:​9, 10; 24:​14; Luka 4:43.

 Ke hobaneng ha o lokela ho ya?

 Dintho tseo o tla ithuta tsona moo di tla o thusa. Melaomotheo ya Bibele e tshohlwang dibokeng tsa Dipaki Tsa Jehova e tla o thusa hore o ‘fumane bohlale.’ (Liproverbia 4:5) Sena se bolela hore Bibele e ka o thusa hore o etse diqeto tse ntle bophelong. E ka boela ya o thusa hore o fumane dikarabo tsa dipotso tsa bohlokwa bophelong tse kang:

 Lethathamo le latelang ke la tse ding tsa dipuo tse fanwang dibokeng tsa rona tsa mafelo beke:

  •   Ke Hobaneng ha re Lokela ho Tataiswa ke Bibele?

  •   O ka Fumana Thuso Hokae Dinakong Tsa Mahlomola?

  •   Seo Mmuso wa Modimo o re Etsetsang Sona Hona Jwale.

 “Moithuti mmoho le nna o ile a tla dibokeng tse ding. O ne a dutse le lelapa leso mme re ile ra shebisana dingolwa le yena. Ka mora moo, o ile a mpolella hore o ile a kgahliswa ke dikarabo tseo batho ba ileng ba fana ka tsona karolong eo batho ba arabang ho yona. O ile a ba a re kerekeng ya hae ha ba na dingolwa tseo ba ithutang ka tsona jwalo ka rona.”​—Brenda.

 Na o ne o tseba? Ho fumana setulo ke mahala Holong ya Mmuso mme ha ho mohla ho ntshuwang koleke.

 Ho kopana le ba bang ho tla o kgothatsa. Bibele e re lebaka le leng leo ka lona Bakreste ba tlamehang ho kopana ha mmoho ka lona ke ho “kgothatsana.” (Baheberu 10:​24, 25) Lefatsheng lena le tletseng baithati, ho a kgatholla ho ba hara batho ba sa inahaneng bo bona empa ba tsotella batho ba bang ba bile ba tsotella setswalle sa bona le Modimo.

 “Ke dula ke kgathetse ke bile ke sa thaba ka mora letsatsi le maphathaphathe, empa batho ba Holong ya Mmuso ba dula ba etsa hore ke utlwe ke le hantle. Ha ke le tseleng e tswang dibokeng, ke utlwa ke thabile mme ke le malala a laotswe bakeng sa letsatsi le hlahlamang.”​—Elisa.

 Na o ne o tseba? Ho na le diphutheho tsa Dipaki Tsa Jehova tse fetang 120 000 lefatsheng ka bophara mme di kopanela dibakeng tse fetang 60 000. Selemo le selemo, ka karolelano ho hahwa Diholo Tsa Mmuso tse ka bang 1 500 ka lebaka la palo ya batho ba tlang dibokeng e ntseng e eketseha. a

a Ho fumana sebaka seo ho kopanelwang ho sona, e ya leqhepheng la “Diboka Tsa Dipaki Tsa Jehova” e be o penya ho “Batla Diboka Tse Haufi le Moo o Dulang.”