Feta

BATJHA BA A BOTSA

Na Boithabiso bo Nang le Boloi ha bo Kotsi?

Na Boithabiso bo Nang le Boloi ha bo Kotsi?

O nahanang ka see?

  • Na ho kotsi ho bala di horoscope, ho bapala dipapadi tsa Ouija kapa ho ya ho batho ba bolelang bokamoso?

  • Na dipale tsa boloi ke ditshomo feela kapa na ke letshwao le bontshang qwaketsano pakeng tsa ntho e mpe kapa e ntle kapa na di bolela ntho e nngwe?

Sehlohong sena re tla hlahloba hore ke hobaneng ha boloi bo bonahala eka ke ntho e monate mme re tla bua le ka hore ke hobaneng ha re lokela ho ba hlokolosi.

 Keng e etsang hore batho ba kgahlwe ke boloi?

Metjha ya phatlalatso kajeno e entse tjhelete e ngata ka hore e etse di movie tse nang le boloi, mananeo a TV, divideo game le dibuka. Ka lebaka la seo, batjha ba bangata ba ile ba qalella ho rata dintho tse ngata tse kang bademona, di vampire le boloi. Hobaneng? Mabaka ke:

  • Ho batla ho tseba: Hore na ehlile bademona ba teng

  • Ho tshwenyeha: Ho batla ho tseba hore na bokamoso ba rona bo tla ba jwang

  • Ho batla ho kopana le: Ho buisana le batho ba hlokahetseng bao re ba ratang.

Ho batla ho tseba dikarabo tsa mabaka ao ha ho a fosahala. Ka mohlala, ke ntho e tlwaelehileng hore re batle ho tseba ka bokamoso ba rona kapa hore re hopole batho bao re ba ratang ba hlokahetseng. Empa ho na le dikotsi tseo o lokelang ho di ela hloko.

 Ke hobaneng ha re lokela ho ba hlokolosi?

Bibele e kgahlanong le ntho efe kapa efe e amanang le boloi. Ka mohlala, e re:

“Ho lona ha ho a lokela hore ho fumanwe le ha . . . e le mang ya fetisang mora wa hae kapa moradi wa hae mollong, le ha e le mang ya sebedisang bonohe, ya sebedisang boselamose kapa le ha e le mang ya batlang dipontsho tsa se tlang kapa moloi, kapa ya betsang ba bang ka mantswe a boloi kapa le ha e le mang ya batlang keletso ho ya buisanang le meya kapa setsebi se bolelang diketsahalo esale pele kapa le ha e le mang ya botsang bafu. Etswe e mong le e mong ya etsang dintho tsena ke ntho e manyala ho Jehova.”​—Deuteronoma 18:10-​12.

Ke hobaneng ha Bibele e hanyetsa boloi hakaana?

  • Boloi bo sebedisana le bademona. Ka mohlala, Bibele e ruta hore mangeloi a mang a ile a fetohela Modimo mme a iketsa dira tsa hae. (Genese 6:2; Juda 6) Mangeloi ana a kgopo a bitswang bademona, a ile a kgelosa batho a sebedisa metjha ya phatlalatso e akarelletsang boloi, batho ba bolelang bokamoso le dinohe. Haeba re etsa dintho tse kang tsee, seo se tla re etsa hore re be metswalle le dira tsa Modimo.

  • Bademona ba thetsa batho ka hore ba etse hore batho ba bang ba nahane hore ba ka kgona ho bolella ba bang ka bokamoso ba bona. Le ha ho le jwalo, Nnete ke hore Modimo ke yena feela: “Ya bolelang qetello ho tloha tshimolohong, le eo ho tloha kgale a bolelang dintho tse e so etswe.”​—Esaia 46:10; Jakobo 4:13, 14.

  • Bademona hape ba boetse ba etsa batho hore ba nahane hore ba ka kgona ho buisana le batho ba hlokahetseng. Le ha ho le jwalo, Bibele yona e re: “Ba shweleng, ho hang ha ba tsebe letho . . . etswe ha ho mosebetsi kapa morero kapa tsebo kapa bohlale Sheole.”​—Moeklesia 9:5, 10.

Ka lebaka la mabaka ao, Dipaki Tsa Jehova di qoba ho etsa eng kapa eng e amanang le bodemona. Ba boetse ba qoba ho shebella boithabiso bo nang le dithotsela, di vampire le dipoko. Motjha e mong ya bitswang Maria o re: “Haeba ntho eo ke e shebelletseng e sena dikarolo tse ngata tse hlahisang bodemona, ha ke a lokela ho e shebella ho hang.” a

Jwalo ka ha leshodu le ka re qekanyeletsa la etsa eka ke motho e mong, ka ho tshwanang le bademona ba ka etsa eka o ka kgona ho bua le batho ba hlokahetseng

 Seo o ka se etsang

  • Ikemisetse hore o ‘dule o na le letswalo le hlwekileng’ ka pela Jehova mme o qobe ho shebella boithabiso bo nang le boloi.​—Liketso 24:16.

  • Lahla ntho e nngwe le e nngwe eo o nang le yona e amanang le boloi. Bala lengolo la Liketso 19:​19, 20, mme o bone mohlala o motle oo Bakreste ba pele ba re behetseng wona ntlheng ena.

Hopola: Haeba o qoba ho etsa dintho tse amanang le boloi kapa ho di shebella, o tla be o bontsha hore o ka le hlakoreng la Jehova mme seo se tla mo thabisa haholo!​—Liproverbia 27:11.

a Sena ha se bolele hore di movie kaofela tsa ditshomo ha di a loka. Le ha ho le jwalo, Bakreste ba sebedisa letswalo la bona le kwetlisitsweng ke Bibele hore na ba tla shebella boithabiso bo jwang.​—2 Bakorinthe 6:17; Baheberu 5:14.