Feta

BATJHA BA A BOTSA

Nka Sebedisa Tjhelete Hantle Jwang?

Nka Sebedisa Tjhelete Hantle Jwang?

“Ka letsatsi le leng ke ile ka kena shopong hore ke shebe dintho tse teng. Ke iphumane ke se ke rekile ntho e turang eo ke neng ke sa rera ho e reka.”​—Colin.

Colin wa dumela hore o na le bothata ba ho laola tsela eo a sebedisang tjhelete ka yona. Na le wena o na le bothata bo tshwanang? Haeba ho jwalo sehlooho sena se tla o thusa.

 Ke hobaneng ha o lokela ho sebedisa tjhelete hantle?

Leshano: Haeba o tshwenyaha ka hore na o sebedisa tjhelete ya hao jwang, o ka se reke dintho tseo o di batlang.

Nnete: Haeba o laola tsela eo o sebedisang tjhelete ka yona, o fumana monyetla wa ho reka dintho tseo o di batlang. Buka e bitswang I’m Broke! The Money Handbook e re: “Ha o tseba ho sebedisa tjhelete hantle o tla kgona ho reka dintho tse ngata tseo o di batlang hona jwale le nakong e tlang.”

Nahana ka sena: Ha o sebedisa tjhelete ya hao hantle . . .

  • O tla ba le tjhelete e eketsehileng ka nako eo o seng o e hloka. Inez ya dilemo di 19 o re: “Nka rata ho tjhakela South America ka nako e nngwe. Kamehla ha ke beha tjhelete ke leka ka matla ho hopola ka qeto ena.”

  • O ke ke wa iphumana o le dikolotong le ka mohla. Bibele e re: “Ya adingwang ke mohlanka wa motho ya mo adimang” (Liproverbia 22:7) Anna ya dilemo tse 25 o dumellana le taba ena. Yena o re: “Dikoloto di ka fetola bophelo ba hao. Empa ho se be le dikoloto ho ka o nolofalletsa ho etsa dintho tseo o di ratang.”

  • O bontsha hore o motho ya nang le boikarabelo. Batho ba tsebang ho sebedisa tjhelete hantle ba bontsha hore ba se ba ka etsa diqeto tse kgolo. Jean ya dilemo di 20 o re: “Ke bohlale ho ikwetlisa esale pele bakeng sa bokamoso, kahoo ke leka ka hohle ho sebedisa tjhelete ka bohlale hona jwale, e le ha ke itukiselletsa nako e tlang.”

Ntlha ya bohlokwa: Buka e bitswangThe Complete Guide to Personal Finance: For Teenagers and College Students e re: “Ho ba le bokgoni ba ho sebedisa tjhelete hantle ke mohato wa pele o bontshang hore o hodile, ho sebedisa tjhelete hantle ke talente e tla o tswela molemo bophelong bohle ba hao.”

 O ka etsa seo jwang?

Tseba mefokolo ya hao. Haeba hangata o dula o sena tjhelete, batlisisa hore na e fella hokae. Ho ba bang bothata e ba ho reka dintho ka Inthanete. Ho ba bang teng ho reka dintho tse ngata tse bonahalang di sa ture ho ka ba siya ba sena letho ha kgwedi e fela.

“Dintho tse nyane tseo re di rekang kamehla, qetellong di ka o jella tjhelete e ngata. Jwalo ka ho nwa kofi restjhurenteng, ho rekela metswalle dimphonyana kapa ho reka ntho e itseng eo ke neng ke sa e ngola ha ke lo etsa grocery, ha kgwedi e fela ke a ipotse hore na tjhelete e fetang sekete sa diranta e felletse kae.”​—Hailey.

Iketsetse bajete. Bibele e re: “Ka sebele merero ya ya kgothetseng e tlisa molemo.” (Liproverbia 21:5) Ha o etsa bajete o tla etsa bonnete ba hore ditlhoko tsa hao ha di fete mokgolo wa hao.

“Ha o lemoha hore dintho tseo o di rekang di feta mokgolo wa hao, batla hore na ke dife tseo o sa di hlokeng ebe wa di fokotsa. Tswela pele ho fokotsa lenane la dintho tseo o sa di hlokeng ho fihlela ha mokgolo wa hao o se o feta dintho tseo o di rekang.”​—Danielle.

Nka kgato. Ho na le ditsela tse ngata tseo re ka bonang ka tsona moo tjhelete ya rona e fellang teng, mme ra qoba ho reka dintho tseo re sa di hlokeng. Batjha ba bang ba fumane hore tsela tsena tse latelang di a ba sebeletsa:

  • “Ka tlwaelo ke beha tjhelete ya ka bankeng, mme hoo ho etsa hore ke se ke ka batla ho reka dintho tseo ke sa di hlokeng.”​—David.

  • “Ha ke ya shopong ke nka tjhelete e lekanang dintho tseo ke di hlokang. Seo se nthibela ho reka dintho tseo ke neng ke sa rera ho di reka.”​—Ellen.

  • “Ha ke nahana pele ke reka, ke ba le nako e ntle ya ho etsa qeto ya hore ke feela ke hloka ntho eo kapa tjhe.”​—Jesiah.

  • “Ha ke hloke ho ya boithabisong bo bong le bo bong! Ha ke swabele ho hana ha ke se na tjhelete.”​—Jennifer.

Ntlha ya bohlokwa: Ho sebedisa tjhelete hantle ke boikarabelo bo tebileng. Ke kamoo Colin eo re buileng ka yena qalong a ileng a ikutlwa kateng. Ha a eketsa o re: “Haeba nka ba hlooho ya lelapa ha ke na senya ka tjhelete. Haeba ke senya ka tjhelete hona jwale ke sa le lesoha, seo se ka baka mathata lenyalong.”

Keletso: “Bolella motho e mong ka bajete eo o iketseditseng yona e be o mo kopa hore kgafetsa a nne a o hlahlobe hore na o ntse o e kgomaretse kapa tjhe. Ho ba le taolo diqetong tsa hao ke ntho e ntle.”​—Vanessa