Feta

BATJHA BA A BOTSA

Nka Ntlafatsa Tsela eo ke Qoqang ka Yona Jwang?

Nka Ntlafatsa Tsela eo ke Qoqang ka Yona Jwang?

 Ke hobaneng ha ke lokela ho bua le batho re shebane mahlong?

 Batho ba bang ba re ba ka mpa ba bua le batho ka ho ba ngolla melaetsa ho ena le ho bua le bona ba ba shebile mahlong. Ba re ho bua le motho o mo shebile ka mahlong ho thata.

 “O ba tlasa kgatello ha o bua le motho difahleho di tadimane hobane le ha o ka bua ntho e mpe, o se a e utlwile.”​—⁠Anna.

 “Ha o ngolla motho molaetsa, o mo ngolla ntho eo o e nahanneng hantle ebile o tiisehile ka yona. Empa ha o bua le yena o mo shebile ka mahlong, ha o ka bua ntho e fosahetseng, ha o na monyetla wa ho e lokisa jwalo ka ha o mo ngolla molaetsa. Ha ke bua le motho re shebane ka mahlong, ke dula ke tshwenyehile ka hore ke se ke ka mpa ka bua ntho e fosahetseng!”​—⁠Jean.

 Ho na le nako eo o tla lokela hore o bue le batho o ba shebile ka mahlong. Ka mohlala, o tlo lokela hore o bue le batho o ba shebile ka mahlong ha o batla mosebetsi, ha o batla ho etsa metswalle le nakong eo o seng o batla motho.

 Se thabisang ke hore ha ho hlokahale hore o tshohe ha o bua le batho o ba shebile ka mahlong. O ka kgona le hoja o le dihlong.

 “Ka dinako tse ding, o tla bua ntho e swabisang ebe o hlajwa ke dihlong empa ha se ntho eo o lokelang hore o itshwenye haholo ka yona eo.”​—⁠Neal.

 Nka qala moqoqo jwang?

  •   Botsa dipotso. Nahana ka ntho eo o ka buang ka yona le batho e thahasellisang ebe o e etsa moqoqo. Ka mohlala:

     “Na ho na le moo o ileng wa tjhakela ha dikolo di kwetswe?”

     “Na o kile wa e bona websaete ee?”

     “Na ebe o utlwile . . . ?”

     O ka kgetha ho bua ka ntho eo le tshwanang ka yona. Ka mohlala, haeba ke motho eo o kenang sekolo le yena kapa eo o sebetsang le yena, o ka mo botsa ka dintho tse amanang le mosebetsi kapa sekolo.

     “Nahana ka dipotso tsa dintho tseo o di thahasellang le tseo o ka ratang ho utlwa hore na batho ba bang ba di nahana jwang.”​—⁠Maritza.

     Hlokomela: O se ke wa botsa batho dipotso tse ngata haholo, tse tla etsa hore ba ikutlwe ba sa phutholoha kapa tse tla bo swabisa. Dipotso tse kang “O nonne hakaakang?” kapa “Na ho na le mohla o sa kuleng?” di ka swabisa batho ba bang hape tsa etsa hore ba ikutlwe eka o a ba nyatsa.

     Ntho e nngwe e ka o thusang ke hore o bolelle motho maikutlo a hao tabeng eo le ntseng le bua ka yona pele kapa ka mora hore a arabe. Ka mantswe a mang e lokela ho ba moqoqo, e se ke ya ka o mo hloma dipotso.

    Na o botsa batho dipotso tse ngata haholo tse etsang hore ba ikutlwe ba sa phutholoha?

     Molaomotheo wa Bibele: “Merero e ka pelong ya motho e jwalo ka metsi a tebileng empa motho ya nang le temoho o a e kga.”​—⁠Diproverbia 20:⁠5.

  •   Mamela batho ba bang. E le hore o kgone ho qoqa le batho ba bang, o hloka ho ba mamela ho ena le hore o bue haholo.

     “Nako e nngwe le e nngwe ha ke qoqa le motho, ke ithuta ntho e itseng ka yena e le hore re ka bua ka yona nakong e tlang.”​—⁠Tamara.

     Hlokomela: O se ke wa tshwenyeha ka hore na o tla reng. O tla kgona ho mo araba haeba o mo mametse ka hloko.

     Molaomotheo wa Bibele: “Motho e mong le e mong a potlakele ho utlwa, a diehe ho bua.”​—⁠Jakobo 1:⁠19.

  •    Bontsha batho ba bang hore o ba tsotella e le ka nnete. O tla natefelwa ke ho qoqa le motho haeba o mo tsotella.

     “Le tla qoqa ha monate haeba motho eo o buang le yena a bona hore o mo tsotella e le ka nnete, le haeba le ka nna la fellwa kaekae.”​—⁠Marie.

     Hlokomela: O se ke wa botsa ditaba tse sa o ameng. O se ke wa re “O apere jase e ntle hakaakang. O e rekile ka bokae?”

     Molaomotheo wa Bibele: “Le se ke la ameha feela ka dintho tse le tswelang molemo empa le amehe le ka dintho tse tla tswela batho ba bang molemo.”​—⁠Bafilipi 2:⁠4.

 O ka qetela moqoqo jwang? Motjha e mong ya bitswang Jordan, ha a fana ka tlhahiso, o re: “Ha o qoqa le motho, etsa bonnete ba hore o qetella moqoqo ha monate. E le hore le be le moqoqo nakong e tlang, o ka nna wa bua dintho tse kang, ‘Ho bile monate ho qoqa le wena’ kapa ‘Thabela letsatsi la hao.’ ”