Ho Bagalata 5:1-26

  • Bakreste ba lokolohile (1-15)

  • Ho tataiswa ke moya (16-26)

    • Diketso tse mpe (19-21)

    • Ditholwana tse behwang ke moya o halalelang (22, 23)

5  Kreste o re lokolotse e le hore re se ke ra hlola re eba tlasa Molao. Ka lebaka leo, emang le tiile+ mme le se ke la itlohela hore le be makgoba hape.+  Nna Pauluse ke a le bolella hore haeba le bolla, seo Kreste a le etseditseng sona se ke ke sa le tswela molemo.+  Ke boetse ke a le bolella hore motho e mong le e mong ya bollang o tlameha ho mamela Molao wohle.+  Lona ba batlang hore ho thwe le lokile hobane le mamela molao,+ le lahlile Kreste. Ha le batle mosa* wa hae.  Rona moya o halalelang o etsa hore re dule re letile ka mamello ho fihlela ho thwe re lokile hobane re ena le tumelo.  Ha re le balatedi ba Kreste Jesu, ho bolla kapa ho se bolle ha ho na thuso+ empa tumelo eo motho a e bontshang ka diketso hobane a susumetswa ke lerato, ke yona ya bohlokwa.  Le ne le etsa dintho hantle.*+ Ke mang ya le sitisitseng ho tswela pele le latela thuto ya nnete?  Ho hang ha se ya le bitsang e leng Modimo.  Tomoso e nyenyane e bedisa hlama kaofela.+ 10  Ke kgodisehile hore lona balatedi ba Jesu+ le tla dumellana le nna. Motho ya le tshwenyang+ ho sa tsotellehe hore na ke mang, o tla fumana kahlolo e mo loketseng. 11  Bana beso, haeba ke ne ke ntse ke ruta batho ka lebollo, ba ne ba ke ke ba ntlhorisa mme dintho tseo ke di rutang tsa hore Jesu o shwetse palong*+ di ne di ke ke tsa kgopisa batho. 12  E se eka banna ba le kgothaletsang hore le bolle ba ka kgaola ditho tsa bona tsa botona.* 13  Bana beso, Modimo o le kgethile e le hore le ka lokoloha. Le se ke la sebedisa tokoloho eo e le monyetla wa ho etsa dintho tse mpe+ empa e se eka lerato le ka le susumelletsa ho thusana.+ 14  Molao wohle o akaretswa* ke taelo ena e le nngwe e reng: “O rate moahisani wa hao jwalo ka ha o ithata.”+ 15  Haeba le tswela pele ho lwantshana le ho utlwisana bohloko,+ le hlokomele hore le se ke la bolayana.+ 16  Empa ke re le tswele pele le tataiswa ke moya o halalelang+ mme ho hang le ke ke la batla ho etsa dintho tse mpe.+ 17  Diketso tse mpe ha di dumellane le moya o halalelang le moya o halalelang ha o dumellane le diketso tse mpe. Dintho tsena ka bobedi di hanyetsana hoo le sa kgoneng ho etsa dintho tseo le batlang ho di etsa.+ 18  Haeba le tataiswa ke moya o halalelang, ha le tlasa molao. 19  Diketso tse mpe di bonahala ka ho hlaka. Tsona ke: Boitshwaro bo bobe bo amanang le thobalano,*+ ho se hlweke, boitshwaro bo bobe boo batho ba bo etsang ba sa swabe,*+ 20  ho rapela ditshwantsho, ho buisana le badimo,*+ lehloyo, diqabang, mona, bohale, ho se utlwane, dikarohano, dihlotshwana, 21  mohono,* botahwa,+ diphathi tse sa laoleheng le dintho tse kang tsena.+ Jwalo ka ha ke ile ka le lemosa pele, ke boela ke le lemosa hape hore batho ba etsang dintho tsena ba ke ke ba kena Mmusong wa Modimo.+ 22  Le ha ho le jwalo, ditholwana tse behwang ke moya o halalelang ke lerato, thabo, kgotso, mamello,* mosa, molemo,+ tumelo, 23  bonolo le boitshwaro.+ Ha ho na molao o hanyetsanang le makgabane ana. 24  Balatedi ba Kreste Jesu ba bolaile maikutlo le ditakatso tsa ho etsa dintho tse mpe.+ 25  Haeba re tataiswa ke moya o halalelang, a re tsweleng pele ho etsa dintho tse bontshang hore re tataiswa ke wona.+ 26  A re se keng ra ikgohomosa,+ ra batla ho hlodisana le ba bang+ kapa ra honohela ba bang.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Segerike: “le ne le matha hantle.”
Kapa: “palong eo batho ba hlokofatswang ho yona.” Sheba Tlhaloso ya Palo.
Kapa: “e ka ba maqhalaha” e le hore ba se ke ba hlola ba tshwaneleha ho latela molao oo ba neng ba o buella.
Kapa: “o phethahaditswe.”
Ka Segerike ke por·nei’a. Sheba Tlhaloso.
Kapa: “boitshwaro bo hlabisang dihlong.” Ka Segerike ke a·sel’gei·a. Sheba Tlhaloso.
Kapa: “boloi; ho sebedisa ditlhare.”
Ho monela batho ba bang ka dintho tseo ba nang le tsona le ho lakatsa eka e ka be e le tsa hao hobane o nka hore ha di ba tshwanele.
Kapa: “tiisetso.”