Feta

BATJHA BA A BOTSA

O ka Sebetsana Jwang le Bohloko ba ho Kgaohana le Motho eo o Neng o Ratana le Yena?

O ka Sebetsana Jwang le Bohloko ba ho Kgaohana le Motho eo o Neng o Ratana le Yena?

Steven o re “Ka mora hore ke kgaohane le kgarebe ya ka, ke ne ke sulafalletswe ekare lefatshe le ka buleha ke kene. Ke ne ke qala ho utlwa bohloko bo bokaalo bophelong ba ka.”

Na le wena o kile wa ba boemong bo tshwanang? Haeba ho jwalo, sehlooho sena se tla o thusa.

 Kamoo o ikutlwang kateng

Ho kgaohana ho ka etsa hore batho ba babedi ba neng ba ratana ba utlwe bohloko.

  • Haeba e le wena ya nkileng qeto ya hore le kgaohane, mohlomong o ikutlwa jwalo ka Jasmine, ya reng, “Ho tseba feela hore ke utlwisitse motho eo ke neng ke mo tsotella bohloko e ne e le morwallo ho nna oo ke sa batleng ho o jara hape bophelong ba ka.”

  • Haeba e se wena ya nkileng qeto ya hore le kgaohane, o ka utlwisisa hantle hore na ke hobaneng ha ba bang ba kileng ba feta boemong bona ba re boikutlo bo jwalo bo tshwana le ha e ka o shwetswe ke motho eo o mo ratang. Janet o re “Ke ne dula ke utlwile bohloko, ke lla, ke sa batle ho amohela, ke kwatile ebile ke nyahame​ka mora nako e ka etsang selemo ke ha ke amohela hore re kgaohane.”

Nnete ya taba: Ho kgaohana le motho eo o mo ratang ho ka etsa hore o ikutlwe o nyahame ebile eka ha o na thuso. Jwalo ka ha e mong wa bangodi ba Bibele a buile: “Moya o hlomohileng o omeletsa masapo.”​—Liproverbia 17:22.

 Seo o ka se etsang

  • Bua le motho ya hodileng eo o mo tshepang. Bibele e re: “Motswalle wa nnete o lerato ka dinako tsohle, mme ke morabo motho ya tswaletsweng ha ho e na le mahlomola.” (Liproverbia 17:17) Ho bua kamoo o ikutlwang kateng le motswadi wa hao kapa motswalle wa hao ya hodileng ho ka o thusa hore o bone dintho ka tsela e nepahetseng.

    “Ke nkile dikgwedi ke sa batle ho kopana le batho ebile ke sa batle ho hlalosetsa mang kapa mang hore na ke ikutlwa jwang. Empa metswalle e ka o thusa hore o kgone ho amohela boemo boo. Ka mora hore ke bue le bona ke ile ka ikutlwa ke le betere.”​—Janet.

  • Ithute ho se o hlahetseng. Maele a mang a Bibele a re: “Fumana bohlale, fumana kutlwisiso.” (Liproverbia 4:5) Maemo a sa thabiseng a re hlahelang a re ruta hore re itsebe hamolemonyana le hore re kgone ho mamella ha dintho di sa re tsamaele hantle.

    “Ka mora hore re kgaohane le motho eo ke neng ke ratana le yena, motswalle wa ka o ile a mpotsa, a re ‘O ithutile eng ho see hona o tlo se sebedisa jwang nakong e tlang ha o se o na le motho e mong hape?’”​—Steven.

  • Rapela. Bibele e re: “Lahlela morwalo wa hao ho Jehova, O tla o tshehetsa.” (Pesaleme ya 55:22) Thapelo e tla o thusa hore o sebetsane le boemo ka katleho le hore o be le pono e nepahetseng ka taba ena.

    “Dula o ntse o rapela. Jehova o utlwisisa hantle bohloko boo o bo utlwang ho feta kamoo o ka nahang kateng.”​—Marcia.

  • Thusa batho ba bang. Bibele e re: “Le sa hlokomele dithahasello tsa ditaba tsa lona feela, empa hape le hlokomela dithahasello tsa ba bang.” (Bafilipi 2:4) Ha o phathahane ka ho thusa batho ba bang, o tla kgona ho sebetsana le boemo bona kapelenyana.

    “Ha o kgaohana le motho eo o neng o ratana le yena, ekare lefatshe le fedile, ha ho bohloko bo fetang boo. Empa ke ile ka fumana hore ho ba betere ha nako e ntse e ya. Ho e so ye kae, dintho di ile tsa kgutlela setlwaeding.”​—Evelyn.