Feta

BATJHA BA A BOTSA

Na ho Nyanyana Ditho Tsa Botona Kapa Tsa Botshehadi ke ho Etsa Thobalano?

Na ho Nyanyana Ditho Tsa Botona Kapa Tsa Botshehadi ke ho Etsa Thobalano?

 Ho ya ka repoto ya U.S Centers for Disease Control and Prevention hoo e ka bang halofo ya batho bao ba ileng ba bua le bona ba dilemong tse pakeng tsa 15 ho ya ho 19 ba kile ba etsa thobalano ya ho nyanyana ditho tsa botona le botshehadi. Sharlene Azam e leng mongodi wa buka ya Oral Sex Is the New Goodnight Kiss o re: “Ha o bua le batjha ka mofuta ona wa thobalano ba o bolella hore ha se ntho e kaalo kaalo. Ha e le hantle ha ba e nke e le thobalano.”

 O nahanang ka see?

 Araba dipotso tse latelang ka e kapa tjhe.

  1.   Na ngwanana a ka ba mmeleng ha motho e mong a mo nyanya setho sa hae sa botshehadi?

    1.    E

    2.   Tjhe

  2.   Na motho a ka kula haeba a etsa thobalano ya ho nyanyana ditho tsa botona kapa tsa botshehadi?

    1.    E

    2.   Tjhe

  3.   Na ho nyanyana ditho tsa botona kapa tsa botshehadi ke thobalano?

    1.    E

    2.   Tjhe

 Ke dintho dife tseo o lokelang ho di tseba?

 Bapisa dikarabo tsa hao le tsena tse latelang.

  1.   Na ngwanana a ka ba mmeleng ha motho e mong a mo nyanya setho sa hae sa botshehadi?

     Karabo: Tjhe. Lena ke le leng la mabaka a etsang hore batho ba qetelle ba re ho etsa thobalano ya ho nyanyana ditho tsa botona le botshehadi ha ho kotsi.

  2.   Na motho a ka kula haeba a etsa thobalano ya ho nyanyana ditho tsa botona kapa tsa botshehadi?

     Karabo: E. Motho ya etsang thobalano ya ho nyanyana ditho tsa botona kapa tsa botshehadi a ka tswa makgopho dinthong tsa botona kapa tsa botshehadi, a ka ba le hepatitis (A kapa B), gonorrhea, herpes, HIV, le syphilis.

  3.   Na ho nyanyana ditho tsa botona kapa tsa botshehadi ke thobalano?

     Karabo: E. Ha motho a etsa ntho le ha e le efe e amanang le ditho tsa botona kapa tsa botshehadi tsa motho e mong seo ke thobalano ebang ke thobalano e tlwaelehileng, ho nyanyana ditho tsa botona kapa tsa botshehadi, ho kenya setho sa botona ka morao le ho phollana ditho tsa botona kapa tsa botshehadi.

 Ke hobaneng ha ho tsotelleha?

 Sheba mangolo a mmalwa a Bibele a amanang le taba ya ho nyanyana ditho tsa botona kapa tsa botshehadi.

 Bibele e re: “Sena ke seo Modimo a se ratang . . . hore le ile bohlola.”​—1 Bathesalonika 4:3.

 Lentswe la Segerike le fetoletsweng e le “bohlola” le bolela mefuta yohle ya thobalano e etswang ke batho ba sa nyalanang e akarelletsang thobalano e tlwaelehileng, ho nyanyana ditho tsa botona le botshehadi, ho kenya setho sa botona ka morao le ho phollana dintho tsa botona kapa tsa botsehadi. Motho ya etsang bohlola a ka fumana ditlamorao tse bohloko. Ntho e bohloko ka ho fetisisa ke hore setswalle sa hae le Jehova se tla senyeha.​—1 Petrose 3:12.

 Bibele e re: “[Motho] ya tlwaetseng ho etsa bohlola o sitelwa mmele wa hae.” ​—1 Bakorinthe 6:18.

 Ho nyanyana ditho tsa botona kapa tsa botshehadi ho ka kudisa motho ebile ho ka senya setswalle sa hae le Modimo. Ho ka boela ha ama motho maikutlong. Buka ya Talking Sex With Your Kids e re: “Ho ikutlwa o sena thuso, ho ikwahlaya kapa ho ikutlwa o sa sireletseha ha ho etsahale feela ha o entse thobalano ka tsela e tlwaelehileng. Maikutlo ohle a mabe ao motho a bang le ona ka lebaka la ho etsa thobalano tlasa maemo a fosahetseng e ka ba ao motho a ka bang le ona ka lebaka la ho etsa thobalano ya mofuta ofe kapa ofe tlasa maemo a fosahetseng. Thobalano ke thobalano.”

 Bibele e re: “Nna, Jehova, ke Modimo wa hao, ke nna Ya o rutang hore o itswele molemo.”​—Esaia 48:17.

 Na o nahana hore melao ya Modimo e mabapi le thobalano e o tswela molemo? Kapa na o nahana hore e a o sitisa? E le ho o thusa ho araba dipotso tsena, nahana ka tsela e phetheselang e nang le diroboto, matshwao a bontshang hore na o lokela ho tsamaya ka lebelo le lekae le matshwao a reng o eme. Na o bona matshwao ao a o thibela kapa a o sirelletsa? Ho tla etsahalang ha wena kapa bakganni ba bang le ka iphapanyetsa ona?

Melao ya tsela e etsa hore o se ke wa etsa ntho e nngwe le e nngwe eo o e ratang empa e a o sireletsa. Ka tsela e tshwanang, melao ya Modimo e o thibela ho etsa dintho tse itseng empa e a o sireletsa

 Ke ntho e tshwanang le ka melao ya Modimo. Haeba o iphapanyetsa yona, Ka nnete o tla kotula seo o se jetseng. (Bagalata 6:7) Buka ya Sex Smart e re: “Haeba o iphapanyetsa dintho tseo o di dumelang le tsela eo o batlang ho itshwara ka yona mme o etsa dintho tseo o sa ikutlweng hantle ka tsona ha o di entse, o ke ke wa itlhompha.” Ka lehlakoreng le leng, haeba o phela ka melao ya Modimo o tla ba motho ya itshwereng hantle, ka hodimo ho tsohle letswalo la hao le ke ke la o kgathatsa.​—1 Petrose 3:16.