Feta

BATJHA BA A BOTSA

Nka Etsang Haeba ke Utlwa Eka ha ke Tshwane le Batho ba Bang?

Nka Etsang Haeba ke Utlwa Eka ha ke Tshwane le Batho ba Bang?

Carl o re: “O lokela ho tshwana le batho ba bang ho seng jwalo ha o na ba le metswalle, batho ba tla o lebala mme o tla ba mong.”

Na o fetelletsa ditaba? Mohlomong. Batho ba bang ba ka etsa sohle seo ba ka se kgonang ho qoba ho ba boemong boo Carl a buang ka bona. Na ke seo o ka se etsang? Sehlooho sena se tla o thusa hore o fumane tsela e molemo ya ho etsa metswalle.

 Ke hobaneng ha batho ba leka ho tshwana le batho ba bang?

  • Hobane ha ba batle ho kgethollwa. Natalie o re: “Metjheng ya puisano ke ile ka bona batjha ba bang ba neng ba intshitse mme ke le siyo. Seo se ile sa etsa hore ke ipotse hore na ke eng e phoso ka nna mme ke ile ka tshwenyeha ka hore ha ke tshwanelehe hore nkaba motswalle wa bona.”

    SEO O KA NAHANANG KA SONA: Na o ile wa utlwa eka batho ba bang ha ba batle ho ba metswalle ya hao? Na o ile wa fetola tsela eo o leng ka yona e le hore o kgone ho ba motswalle wa bona?

  • Hobane ha ba batle ho fapana le batho ba bang. Mary o re: “Batswadi ba ka ha ba batle ho nrekela founu. Ha bana ba bang ba mpatla di number founu mme ke ba bolella hore ha kena founu, ba re: ‘Joo o na le dilemo tse kae?’ Ha ke ba bolella hore kena le dilemo tse 13, ba nkutlwela bohloko.”

    SEO O KA NAHANANG KA SONA: Ke melao efe eo batswadi ba hao ba e behileng e etsang eka ha o tshwane le bana ba bang? O etsang ha o fuwe melao eo?

  • Hobane ha ba batle hore bana ba bang ba tshehise ka bona. Olivia o re: “Bana ba sekolo ha ba rate bana ba sa etseng dintho tse tshwanang le tsa bona, ba buang dintho tse fapaneng le tsa bona le ba bodumeding bo sa tshwaneng le ba bona. Haeba o etsa dintho tse sa tshwaneng le tsa bona ba hlokomela seo mme ba ba le lebaka la ho o soma.”

    SEO O KA NAHANANG KA SONA: Na bana ba bang ba kile ba o tshwara hampe hobane o sa tshwane le bona? O ile wa sebetsana le boemo boo jwang?

  • Hobane ha ba batle ho lahlehelwa ke metswalle ya bona. Rachel o re: “Ke ne ke leka ho tshwana le motswalle e mong le e mong wa ka, ke ne ke bua ka tsela eo ke sa bueng ka yona. Ke ne ke tsheha le ha ntho e sa qabole. Ke ne ke bile ke ba tshehetsa ha soma motho e mong le hoja ke tseba hantle hore seo se bohloko.”

    SEO O KA NAHANANG KA SONA: Ho bohlokwa hakae hore o ratwe ke dithaka tsa hao? Na o kile wa fetola tsela eo o buang ka yona le eo o etsang dintho ka yona e le hore feela o tshwane le bona?

 Seo o lokelang ho se tseba

  • Ha o etsisa batho ba bang e le hore ba o rate, seo se ka etsa hore ba se ke ba o rata. Hobaneng? Hobane ba kgona ho bona ha o ba seo o seng sona. Brian ya dilemo di 20 o re: “Ha ke leka ho ba seo ke seng sona bana ba bang ka tlelaseng ha ba batle ho ba metswalle ya ka. Ke ile ka ithuta hore ho molemo ho ba seo o leng sona hobane batho ba kgona ho bona ha o iketsisa.”

    SEO O KA SE ETSANG: Nahana ka dintho tseo e leng tsa bohlokwa ho wena, Bibele e re: “Nepisisa dintho tsa bohlokwa haholo.” (Bafilipi 1:10) Ka hoo ipotse, ke eng seo e leng sa bohlokwa ho nna, ho tshwana le batho ba itshwereng ka tsela e fapaneng le ya ka kapa ho ba motho eo ke hlileng ke leng yena?

    James o re: “Ho leka ho tshwana le batho ba bang ha ho na thuso. Ho ke ke ha etsa hore batho ba o rate kapa ha etsa hore o be motho ya molemo.”

  • Ho leka ho tshwana le batho ba bang ho ka etsa hore ba o laole. Ho ka etsa hore o dule o batla hore batho ba bang ba o amohele, ka hoo wa etsa ntho e nngwe le e nngwe eo ba bang ba reng o e etse. Jeremy o re: “Ke ne ke etsa ntho e nngwe le e nngwe e le hore nka ba motswalle wa batho ba itseng le hoja dintho tseo di ne di ka etsa hore ke be le botumo bo bobe. Seo se ne se etsa hore batho ba bang ba laole dintho tseo ke di buang le tseo ke di etsang.”

    SEO O KA SE ETSANG: Tseba hore na o batlang mme o phele ho ya ka seo ho ena le hore o tshwane le lempetje le fetolang mmala wa lona ho ya ka hore le sebakeng se fe. Jwale ke ho utlwahalang hore ebe Bibele e re: “O se ke wa etsa ntho hobane feela batho ba bang ba e etsa.”​—Exoda 23:2, Holy Bible​—Easy-to-Read Version.

    Melinda o re: “Ke ile ka leka ho rata dintho tsohle tseo ba neng ba di rata tse jwalo ka mmino, dipapadi, diphahlo, boithabiso le make up oo ba neng ba o etsa . . . Ke ile ka leka ho ba jwalo ka bona. Ke nahana hore batho bohle ba ne ba bona hore ke ne ke ba seo ke seng sona le nna ke ne ke bona seo. Ke ile ka qetella ke sa thaba ebile ke ikutlwa ke le mong, ke se ke sa tsebe le hore ke motho ya jwang, ke rata eng le hore ke nahana eng. Ke ile ka ithuta hore nka se tshwane le batho bohle le hore ha se motho e mong le e mong ya tla nrata. Seo ha se bolele hore o lokela ho tlohela ho etsa metswalle empa hopola hore ho nka nako ho etsa metswalle le hore motho a itsebe.”

  • Ho leka ho tshwana le batho ba bang ho ka fetola boitshwaro ba hao. Motjha e mong ya bitswang Chris o ile a bona hore sena ke nnete ha a sheba motswala wa hae. O re: “O ile a qala ho etsa dintho tseo a neng a sa tlwaela ho di etsa jwalo ka ho sebedisa dithethefatsi e le hore feela a tshwane le bakgotsi ba hae. E ile ya ba lekgoba la tsona mme seo se batlile se senya bophelo ba hae.”

    SEO O KA SE ETSANG: Qoba batho ba buang le ho etsa dintho tse bontshang hore ha ba phele ka melao ya Modimo. Bibele e re: “Ya tsamayang le batho ba bohlale o tla hlalefa, empa ya bang le ditshebedisano le ba hlokang kelello dintho di tla mo tsamaela hampe.”​—Liproverbia 13:20.

    Melanie o re: “Ka dinako tse ding ho molemo hore motho a etse boiteko e le hore a tshwane le batho ba bang. Empa o se ke wa batla ho tshwana le batho ba bang ka hore o etse dintho tseo o tsebang hore ha di a loka. Batho ba nepahetseng ba tla o amohela ka moo o leng ka teng.”

    Keletso: Ha o etsa metswalle o se ke wa sheba feela batho ba ratang dintho tseo o di ratang. Sheba batho ba nkang boitshwaro le kamano ya hao le Modimo e le tsa bohlokwa.

    Ho na le diphahlo tse ke keng tsa o tshwanela, ka tsela e tshwanang ho na le batho ba ke keng ba tshwaneleha ho ba metswalle ya hao.