Moeklesia 8:1-17

  • Puso ea batho ba sa phethahalang (1-17)

    • Mamela litaelo tsa morena (2-4)

    • Puso ea motho e kotsi (9)

    • Ha kahlolo e sa phethisoa ka potlako (11)

    • Ja, u noe ’me u thabe (15)

8  Ke mang ea tšoanang le motho ea bohlale? Ke mang ea tsebang hore na bothata bo rarolloa joang?* Bohlale ba motho bo bonahala sefahlehong sa hae ’me bo etsa hore sefahleho sa hae se boima se khanye khotso.  Ke re: “Mamela litaelo tsa morena+ hobane u entse kano ho Molimo.+  U se ke oa potlakela ho tloha ka pel’a morena.+ U se ke oa emela letho le lebe+ kaha a ka etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e batlang  hobane ha morena a buile le lumme+ ’me ha ho motho ea ka reng ho eena, ‘U etsa’ng?’”  Ea mamelang taelo a ke ke a etsahalloa ke letho le le lebe+ ’me motho ea bohlale o* tla tseba nako le tsela* e loketseng ea ho sebetsa litaba.+  Ho na le nako le tsela* e loketseng ea ho sebetsa taba e ’ngoe le e ’ngoe+ hobane mathata a batho a mangata haholo.  Kaha ha ho ea tsebang se tla etsahala, ke mang ea ka bolelang hore na se tla etsahala joang?  Feela joalokaha ho se na motho ea nang le matla a ho laola moea,* ka ho tšoanang ha ho na motho ea nang le matla a ho laola letsatsi la ho shoa.+ Feela joalokaha ho se na motho ea ka lokolloang ntoeng le bokhopo bo ke ke ba lumella batho ba bo etsang hore ba phonyohe.*  Ke bone lintho tsena tsohle ’me ka nahanisisa ka lintho tsohle tse entsoeng lefatšeng.* Nakong eo eohle, motho o busitse motho ho mo ntša kotsi.+ 10  Hape ke ile ka bona ha batho ba khopo ba ntse ba patoa mabitleng a bona. Ba ne ba tloaetse ho kena le ho tsoa sebakeng se halalelang empa ba ile ba lebaloa kapele motseng oo ho oona ba neng ba etsa bokhopo.+ Hoo le hona ke lefeela. 11  Lipelo tsa batho li ikemisetsa ho etsa bobe le ho feta+ hobane lintho tse mpe tseo ba li entseng ha baa li ahloleloa ka potlako.+ 12  Le hoja moetsalibe a ka etsa bobe ka makhetlo a lekholo ’me a ’na a phela nako e telele, kea hlokomela hore ba hlomphang* Molimo oa ’nete bona lintho li tla ba tsamaela hantle hobane ba mo hlompha.+ 13  Empa ea khopo lintho li ke ke tsa mo tsamaela hantle+ ebile a ke ke a eketsa matsatsi a hae a tšoanang le moriti+ hobane ha a hlomphe Molimo. 14  Ho na le ntho e ’ngoe e se nang thuso* e etsahalang lefatšeng: Ho na le batho ba lokileng ba tšoaroang joalokaha eka ba entse bokhopo+ ’me ho na le batho ba khopo ba tšoaroang joalokaha eka ba entse lintho tse lokileng.+ Ke re hoo le hona ke lefeela. 15  Kahoo, ke ile ka khothaletsa batho ho thaba+ hobane lefatšeng* ha ho na letho le molemo bakeng sa motho ho feta hore a je, a noe ’me a thabe. O lokela ho etsa lintho tsena ha a ntse a sebetsa ka thata nakong ea matsatsi a bophelo ba hae+ boo Molimo oa ’nete a mo fang bona lefatšeng.* 16  Ke ile ka sebelisa kelello* ea ka ho fumana bohlale le ho bona lintho tsohle tse* etsahalang lefatšeng,+ ke bile ke sa robale bosiu le motšehare.* 17  Eaba ke nahanisisa ka mosebetsi oohle oa Molimo oa ’nete ’me ka hlokomela hore batho ba ke ke ba utloisisa lintho tse etsahalang lefatšeng.*+ Ho sa tsotellehe hore na ba leka ka matla hakae, ba ke ke ba li utloisisa. Le haeba ba ka re ba bohlale ’me ba li tseba kaofela, ho hang ba ke ke ba li utloisisa.+

Linaletsana

Kapa: “ea tsebang tlhaloso ea taba?”
Kapa: “pelo ea motho ea bohlale e.”
Kapa: “qeto.”
Kapa: “qeto.”
Kapa: “phefumoloho.”
Kapa mohlomong: “bokhopo ba bona bo ke ke ba pholosa batho ba khopo.”
Ka Seheberu: “tlas’a letsatsi.”
Kapa: “ba tšabang.”
Kapa: “e halefisang.”
Ka Seheberu: “tlas’a letsatsi.”
Ka Seheberu: “tlas’a letsatsi.”
Kapa: “pelo.”
Kapa: “bona mosebetsi oohle o.”
Kapa mohlomong: “hore batho ha ba robale, ebang ke motšehare kapa ke bosiu.”
Ka Seheberu: “tlas’a letsatsi.”