Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Buka ea Moeklesia

Likhaolo

1 2 3 4 5 6 7 8 9 10 11 12

Kakaretso ea Buka

  • 1

    • Ntho e ’ngoe le e ’ngoe ke lefeela (1-11)

      • Lefatše le lula le le teng ho ea ho ile (4)

      • Lipotoloho tsa tlhaho (5-7)

      • Ha ho letho le lecha lefatšeng (9)

    • Batho ba haelloa ke bohlale (12-18)

      • Ho lelekisa moea (14)

  • 2

    • Solomone o hlahloba lintho tseo a li entseng (1-11)

    • Bohlale ba batho boa haella (12-16)

    • Ho sebetsa ka thata ha ho na thuso (17-23)

    • Ja, u noe ’me u thabele mosebetsi oa hao (24-26)

  • 3

    • Ho na le nako e nepahetseng bakeng sa ntho e ’ngoe le e ’ngoe (1-8)

    • Ho thabela bophelo e leng mpho ea Molimo (9-15)

      • Batho ba na le takatso ea ho phela ka ho sa feleng (11)

    • Molimo o ahlola batho bohle ka toka (16, 17)

    • Batho le liphoofolo baa shoa (18-22)

      • Kaofela ba khutlela leroleng (20)

  • 4

    • Lefu le molemo ho feta ho hatelloa (1-3)

    • Ho ba le pono e nepahetseng ka mosebetsi (4-6)

    • Melemo ea ho ba le motsoalle (7-12)

      • Ba babeli ba molemo ho feta a le mong (9)

    • Bophelo ba morena e ka ba bo se nang thuso (13-16)

  • 5

    • Atamela Molimo ka tlhompho (1-7)

    • Ba tlase ba shebiloe ke ba holimo (8, 9)

    • Maruo ha a na thuso (10-20)

      • Ba ratang chelete ha ba khotsofale (10)

      • Boroko ba ea sebeletsang bo monate (12)

  • 6

    • Ho ba le maruo empa u sa a thabele (1-6)

    • Khotsofalla lintho tseo u nang le tsona hona joale (7-12)

  • 7

    • Lebitso le letle le letsatsi la ho shoa (1-4)

    • Khalemelo e tsoang ho motho ea bohlale (5-7)

    • Qetello e molemo ho feta qalo (8-10)

    • Molemo oa bohlale (11, 12)

    • Matsatsi a thabo le matsatsi a tlokotsi (13-15)

    • U se ke oa feteletsa lintho (16-22)

    • Lintho tseo mosuoe a li hlokometseng (23-29)

  • 8

    • Puso ea batho ba sa phethahalang (1-17)

      • Mamela litaelo tsa morena (2-4)

      • Puso ea motho e kotsi (9)

      • Ha kahlolo e sa phethisoa ka potlako (11)

      • Ja, u noe ’me u thabe (15)

  • 9

    • Batho kaofela ba hlaheloa ke ntho e tšoanang (1-3)

    • Thabela bophelo leha u ntse u tl’o shoa (4-12)

      • Ba shoeleng ha ba tsebe letho (5)

      • Ha ho mosebetsi Lebitleng (10)

      • Lintho tsa tšohanyetso ka nako e sa lebelloang (11)

    • Ha se kamehla batho ba ananelang motho ea bohlale (13-18)

  • 10

    • Bothoto bo bonyenyane bo senya lebitso la motho ea bohlale (1)

    • Likotsi tsa ho se etse lintho hantle (2-11)

    • Litla-morao tse hlahelang motho ea se nang kelello (12-15)

    • Ha marena e le maoatla (16-20)

      • Nonyana e ka pheta seo u se buileng (20)

  • 11

    • Sebelisa monyetla (1-8)

      • Lahlela bohobe ba hao ka metsing (1)

      • Jala peo ho tloha hoseng ho fihlela ka shoalane (6)

    • Thabela bocha ba hao ka boikarabelo (9, 10)

  • 12

    • Hopola ’Mopi pele u tsofala (1-8)

    • Mantsoe a mosuoe a phethelang (9-14)

      • Mantsoe a ba bohlale a tšoana le litsenene tsa likhomo (11)

      • Hlompha Molimo oa ’nete (13)