Kosepele ea Mareka 6:1-56

  • Batho ba habo Jesu ba hana ho lumela ho eena (1-6)

  • Barutuoa ba 12 ba fuoa litaelo tsa mosebetsi oa ho ruta (7-13)

  • Johanne Mokolobetsi oa bolaoa (14-29)

  • Jesu o fepa batho ba 5 000 (30-44)

  • Jesu o tsamaea holim’a metsi (45-52)

  • Jesu o folisa batho Genesarete (53-56)

6  A tloha moo a ea ha habo+ ’me barutuoa ba hae ba mo latela.  Ka Sabatha a ruta ka tlung ea thapelo.* Boholo ba batho ba mo utloileng ba hlolloa ’me ba re: “Motho eo o tsebelletse lintho tsee kae?+ Motho eo ke mang hoo a bileng a filoeng bohlale le matla a ho etsa mehlolo e tjee?+  Na motho eo ha se ’metli oa mapolanka?+ Na ’mè oa hae ha se Maria+ ’me na bana babo ha se Jakobo,+ Josefa, Judase le Simone?+ Na likhaitseli tsa hae ha li har’a rona moo?” Kahoo, ba hana ho lumela ho eena.  Empa Jesu a re ho bona: “Moprofeta o hlomphuoa hohle ntle le ha habo le ka tlung ea hae.”+  Kahoo, ha aa ka a etsa mehlolo moo haese ho phekola ba seng bakae ba kulang le ho ba beha matsoho.  O ile a makatsoa ke hore ebe ha ba na tumelo eaba o potoloha le metsana, a ntse a ruta.+  A bitsa barutuoa ba hae ba 12, a qala ho ba roma ka bobeli+ ’me a ba fa matla a ho hlola bademona.+  Hape, a ba laela hore ba se ke ba nka chelete* ka lipacheng tsa bona, bohobe kapa mokotla oa lijo, ba nke lere feela.+  A re ba roale lieta* le hore ba se ke ba apara seaparo sa bobeli.* 10  Hape a re ho bona: “Hohle moo le fihlang le lule ntlong ea motho ho fihlela le tloha sebakeng seo.+ 11  Kae kapa kae moo ba sa le amoheleng kapa ba sa le mameleng, le hlohlore lerole maotong a lona ha le tsoa moo e le bopaki ba hore le ba lemositse.”*+ 12  Eaba baa tsamaea ’me ba bolella batho hore ba lokela ho baka.+ 13  Ba ile ba leleka bademona ba bangata,+ ba tlotsa batho ba bangata ba kulang ka oli ’me ba ba phekola. 14  Morena Heroda a utloela ka litaba tsena hobane lebitso la Jesu le ile la tsebahala haholo ’me batho ba ne ba re: “Johanne Mokolobetsi o tsositsoe bafung, ke kahoo a khonang ho etsa mehlolo.”+ 15  Empa ba bang ba ne ba re: “Ke Elia.” Ba bang bona ba ne ba re: “Ekare e mong oa baprofeta ba khale.”+ 16  Empa ha Heroda a utloela ka Jesu a re: “Johanne eo ke mo khaotseng hlooho o tsositsoe.” 17  Heroda o ne a ile a tšoara Johanne, a mo tlama a mo koalla teronkong ka lebaka la Herodiase. Herodiase e ne e le mohats’a Filipi moholoane oa Heroda, empa Heroda a mo nyala.+ 18  Johanne o ne a ee a re ho Heroda: “Molao ha o u lumelle hore u nyale mosali oa moholoane oa hao.”+ 19  Kahoo, Herodiase o ne a jere Johanne ka pelo ’me a batla ho mo bolaea empa o ne a sitoa. 20  Heroda o ne a tšaba Johanne hobane a tseba hore ke monna ea lokileng,+ ea halalelang ’me o ne a mo sirelelitse. Nako le nako ha Johanne a ne a buile le eena, o ne a qakeha a sa tsebe hore na a etse’ng ka eena empa o ne a ntse a rata ho mo mamela. 21  Herodiase a fumana monyetla ha Heroda a lokisetsa lijo tsa mantsiboea ka letsatsi la hae la tsoalo+ bakeng sa liofisiri tsa hae tse kholo, balaoli ba sesole le banna ba tummeng haholo ba Galilea.+ 22  Morali oa Herodiase a fihla a tantša eaba Morena Heroda le ba neng ba ja le eena baa thaba. Morena a re ho eena: “Mpolelle hore na ke’ng eo u e batlang, ke tla u fa eona.” 23  A hla a ikana a re: “Ke tla u fa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u e batlang leha e ka ba halofo ea ’muso oa ka.” 24  Eaba o ea ho ’mè oa hae o re: “Ke kope’ng?” A re: “Kopa hlooho ea Johanne Mokolobetsi.” 25  Hang-hang a ea ho morena a tatile eaba o re ho eena: “Mphe hlooho ea Johanne Mokolobetsi e behiloe holim’a sejana hona joale.”+ 26  Morena o ile a sareloa haholo ha a utloa taba ena empa o ne a sa batle ho hana kopo ea hae hobane o ne a ikanne ka pel’a baeti ba hae.* 27  Hang-hang morena a roma lesole le katang a le laela hore le tlise hlooho ea Johanne. Kahoo, la tsamaea la mo khaola hlooho a le teronkong 28  ’me la tlisa hlooho ea hae e le holim’a sejana. La e fa moroetsana, eena a e fa ’mè oa hae. 29  Ha barutuoa ba Johanne ba tseba ka taba ena, ba fihla ba nka setopo sa hae ba mo pata. 30  Baapostola ba tla ho Jesu ’me ba mo bolella lintho tsohle tseo ba neng ba li entse le ho li ruta.+ 31  Eaba o re ho bona: “A re eeng moo re leng bang re phomole hanyenyane.”+ Ho ne ho e-na le batho ba bangata ba tlang le ba tsamaeang ’me Jesu le barutuoa ba hae ba ne ba se na nako ea ho phomola esita le ea ho ja. 32  Kahoo, ba tsamaea ka sekepe ba ea moo ba leng bang.+ 33  Empa batho ba ba bona ha ba tsamaea ’me ba bangata ba utloa hore baa tsamaea. Kaofela ba matha ba tsoa metseng eohle ’me ba ba fihlela pele. 34  Ha Jesu a tsoa ka sekepeng, a bona batho ba bangata ’me a ba hauhela+ hobane ba ne ba tšoana le linku tse se nang molisa.+ A qala ho ba ruta lintho tse ngata.+ 35  Kaha e ne e se e le mantsiboea, barutuoa ba hae ba tla ho eena ba re: “Sebaka sena se hole haholo hape e se e le mantsiboea.+ 36  E-re batho bana ba tsamaee e le hore ba ka ea metseng le metsaneng e haufi ba ithekela lijo.”+ 37  Jesu a re ho bona: “Lona ba feng lijo.” Eaba ba re ho eena: “Re tlohe re e’o reka mahobe a lidenari* tse 200 ’me re a fe batho baa hore ba je?”+ 38  A re ho bona: “Tsamaeang le shebe hore na le na le mahobe a makae.” Ha ba khutla ba re: “A mahlano le litlhapi tse peli.”+ 39  A laela batho bohle hore ba lule ka lihlopha holim’a joang.*+ 40  Ba lula ka lihlopha tsa ba 100 le tsa ba 50. 41  Eaba o nka mahobe ao a mahlano le litlhapi tse peli, a sheba leholimong a kopa tlhohonolofatso.+ A qhetsola mahobe, a a fa barutuoa, barutuoa bona ba a fa batho ’me Jesu a arolela bohle litlhapi tseo tse peli. 42  Kahoo, bohle ba ja ba khora 43  ’me barutuoa ba nka libaskete tse 12 tse tletseng bohobe bo setseng, ba boela ba nka le litlhapi tse neng li setse.+ 44  Batho ba ileng ba ja mahobe e ne e le banna ba 5 000. 45  Ntle ho tšenyo ea nako, a re barutuoa ba hae ba palame sekepe ’me ba ee ka lehlakoreng le leng la leoatle, ba feta pel’a Bethsaida, eena a sala a ntse a bolella batho hore ba tsamaee.+ 46  Empa ka mor’a hore a re ba tsamaee hantle, a ea thabeng ho ea rapela.+ 47  Mantsiboea sekepe se ne se le bohareng ba leoatle empa o ne a le mong lebopong.+ 48  O ile a bona hore ba soka ka thata hobane moea o ne o le matla haholo. A tla ho bona hoo e ka bang ka meso,* a tsamaea holim’a leoatle empa a etsa eka oa* ba feta. 49  Ha barutuoa ba mo bona a tsamaea holim’a leoatle, ba hoeletsa ba re: “Ke’ng ntho e tlang le moo?”* 50  Kaofela ba ile ba mo bona eaba baa tšoha. Hang-hang Jesu a re ho bona: “Le se ke la tšoha, ke ’na.”+ 51  A kena ka sekepeng ’me moea oa kokobela. Eaba ba makala haholo 52  kaha ba ne ba sa utloisisa hore na mohlolo oo a o entseng ka mahobe o bolela’ng. Ba ile ba tsoela pele ba ntse ba sa utloisise ka likelellong tsa bona. 53  Ba tšelela mose moo ho ommeng, ba kena Genesarete eaba ba emisa sekepe ka ankora haufi le lebopo.+ 54  Empa hang ha ba tsoa ka sekepeng, batho ba bona Jesu. 55  Ba phasa-phasa sebakeng seo kaofela eaba ba tlisa bakuli ka mampara ba ba isa moo ba utloileng hore o hona teng. 56  Hohle moo a neng a fihla metseng le metsaneng, ba ne ba beha bakuli limmarakeng ’me ba mo kopa hore ba mpe ba tšoare litjobo tsa seaparo sa hae.+ Bohle ba ileng ba li tšoara ba fola.

Linaletsana

Ka Segerike: “sinagogeng.”
Ka Segerike: “koporo.”
Ka Segerike: “meqathatso.”
Kapa: “liaparo tse peli.”
Ka Segerike: “hore e be bopaki ho bona.”
Kapa: “ba otlileng ka lehlakore tafoleng.”
Kapa: “mohloeng.”
Ka Segerike: “ka tebelo ea bone ea bosiu,” hoo e ka bang ka hora ea boraro hoseng ho fihlela letsatsi le chaba ka hora ea botšelela hoseng.
Kapa: “a le haufi le ho.”
Kapa: “Ke pono.”