Kosepele ea Mareka 1:1-45

  • Johanne Mokolobetsi oa ruta (1-8)

  • Jesu oa kolobetsoa (9-11)

  • Satane o leka Jesu (12, 13)

  • Jesu o ruta Galilea (14, 15)

  • Jesu o bitsa barutuoa ba pele (16-20)

  • Modemona oa lelekoa (21-28)

  • Jesu o folisa batho ba bangata Kapernauma (29-34)

  • Jesu o rapela moo a leng mong (35-39)

  • Molepera oa folisoa (40-45)

1  Litaba tse monate tse buang ka Jesu Kreste Mora oa Molimo li qala tjena:  Mantsoe a ngotsoeng ke moprofeta Esaia a re: “(Ke romela moromuoa oa ka pele ho uena* ea tla lokisa tsela ea hao.)+  Ho na le motho ea hoeletsang lefeelleng a re: ‘Lokisang tsela ea Jehova,* otlollang litsela tsa hae.’”+  Johanne Mokolobetsi o ne a le lefeelleng, a bolella batho hore ba kolobetsoe ho bontša hore ba bakile e le hore ba tšoareloe libe.+  Baahi bohle ba Judea le Jerusalema ba ea ho eena. Ba ne ba ipolela libe phatlalatsa ebe o ba kolobetsa* Nokeng ea Jordane.+  Johanne o ne a apara liaparo tsa boea ba kamele, a itlama ka lebanta la letlalo thekeng,+ lijo tsa hae e le litsie le mahe a linotši tsa naheng.+  O ne a ruta a re: “Ho na le ea matla ho mpheta ea tlang. Ha ke tšoanelehe ho inama ke fasolla marapo a lieta* tsa hae.+  Ke le kolobelitse ka metsi empa eena o tla le kolobetsa ka moea o halalelang.”+  Nakong eo, Jesu a tsoa Nazaretha e Galilea ’me a kolobetsoa Jordane ke Johanne.+ 10  Hang ha a tsoa ka metsing a bona maholimo a buleha eaba moea o halalelang o theohela holim’a hae joaloka leeba.+ 11  Eaba lentsoe le tsoa maholimong le re: “U Mora oa ka eo ke mo ratang, ea nkhahlisang.”+ 12  Hang-hang moea o halalelang oa mo tataisetsa lefeelleng. 13  Kahoo, a qeta matsatsi a 40 lefeelleng, eare ha a le moo Satane a mo leka.+ Moo ho ne ho e-na le libata empa mangeloi a ne a mo sebeletsa.+ 14  Ka mor’a hore Johanne a tšoaroe, Jesu a kena Galilea+ a ntse a bolella batho litaba tse monate tsa Molimo.+ 15  O ne a re: “Nako e behiloeng e fihlile ’me ’Muso oa Molimo o atametse. Bakang+ le be le amohele litaba tse monate tsa Molimo.” 16  Ha a ntse a tsamaea haufi le Leoatle la Galilea a bona Simone le ngoan’abo e leng Andrease+ ba akhela matlooa* a bona ka leoatleng.+ E ne e le batšoasi ba litlhapi.+ 17  Jesu a re ho bona: “Ntšaleng morao, ke tla le etsa batšoasi ba batho.”+ 18  Hang-hang ba tlohela matlooa a bona eaba baa mo latela.+ 19  Eare ha a fetela pele, a bona bara ba Zebedea e leng Jakobo le Johanne ba le ka sekepeng sa bona ba lokisa matlooa a bona+ 20  eaba hang-hang oa ba bitsa. Ba siea ntate oa bona Zebedea le banna ba hiriloeng ka sekepeng, ba mo sala morao. 21  Ba tsamaea ho ea kena Kapernauma. Ka Sabatha a ea ka tlung ea thapelo* eaba o qala ho ruta.+ 22  Batho ba ne ba tsota tsela eo a rutang ka eona hobane ha a ba ruta, ho ne ho utloahala hore o fuoe matla ke Molimo. O ne a sa ba rute joaloka bangoli ba bona.+ 23  Ka tlung ea bona ea thapelo* motho e mong ea neng a e-na le modemona a hoeletsa a re: 24  “U batla’ng ho rona Jesu oa Monazaretha?+ Na u tl’o re felisa? Ke tseba hantle hore na u mang, u Mohlanka ea Halalelang oa Molimo.”+ 25  Empa Jesu a khalemela modemona eo ka thata a re: “Thola, u tsoe ho eena!” 26  Modemona eo a hoeletsa haholo a ba a etsa hore motho eo a thothomele habohloko eaba o tsoa ho eena. 27  Batho bohle ba makala haholo, ba qala ho buisana ba re: “Hoo ke’ng? E tlameha ebe ke mokhoa o mocha oa ho ruta.* O na le matla a ho leleka bademona ebile baa mo mamela.” 28  Kahoo, lintho tseo a li entseng tsa tsebahala kapele libakeng tsohle tse Galilea. 29  Ka nako eo, ba tsoa ka tlung ea thapelo* ’me ba ea lapeng la Simone le Andrease ba e-na le Jakobo le Johanne.+ 30  Mohoehali oa Simone*+ o ne a robetse a tšoeroe ke feberu ’me hang-hang ba bolella Jesu ka eena. 31  Jesu a ea ho eena a mo tšoara ka letsoho a mo phahamisa. Mohoehali oa Simone a fola eaba o ba etsetsa lijo. 32  Mantsiboea ha letsatsi le liketse, batho ba mo tlisetsa bohle ba kulang le ba nang le bademona+ 33  ’me motse oohle oa bokana hona moo monyako. 34  Kahoo, a phekola ba bangata ba neng ba tšoeroe ke mafu a sa tšoaneng,+ a leleka le bademona ba bangata. Empa o ne a sa lumelle bademona ho bua hobane ba ne ba tseba hore ke Kreste.* 35  A tsoha ka meso ho sa le lefifi, a tsoela ka ntle eaba o ea moo a leng mong, ha a fihla moo a rapela.+ 36  Simone le ba nang le eena ba mo batla hohle. 37  Ha ba mo fumana ba re ho eena: “Batho kaofela ba ntse ba u batla.” 38  Empa a re ho bona: “A re eeng litoropong tse ling tse haufi e le hore nka ruta le moo kaha ke eona ntho eo ke e tletseng.”+ 39  A ea, a ruta ka matlung a bona a thapelo* ho potoloha Galilea eohle a bile a leleka bademona.+ 40  Molepera e mong a tla ho eena, a mo kopa a bile a khumame a re: “Haeba feela u batla, u ka ntlhoekisa.”+ 41  Jesu a mo hauhela ’me a otlolla letsoho a mo tšoara eaba o re ho eena: “Kea batla, hloeka.”+ 42  Lepera la nyamela hang-hang ’me a hloeka. 43  A mo laea ka thata eaba o re a tsamaee, 44  a re ho eena: “U etse bonnete ba hore ha u re letho ho mang kapa mang empa u ee ho moprista a u bone. U etse linyehelo tseo Moshe a itseng li etsoe+ e le hore u hloeke, hore e be bopaki ho baprista.”+ 45  Empa ha monna eo a tloha, a bolella batho litaba tsena tsohle, hoo Jesu a neng a se a tlameha ho kena metseng a sa bonoe. O ne a lula libakeng tse ka ntle tse hole haholo. Ho ntse ho le joalo, batho ba ’na ba tla ho eena ba hlaha ka mahlakoreng ’ohle.+

Linaletsana

Ka Segerike: “ka pel’a sefahleho sa hao.”
Kapa: “ina; tipa.”
Ka Segerike: “meqathatso.”
Ke linete tse tšoasang litlhapi.
Ka Segerike: “sinagogeng.”
Ka Segerike: “sinagogeng ea bona.”
Kapa: “thuto e ncha.”
Ka Segerike: “sinagogeng.”
E leng ’mè oa mosali oa Simone.
Kapa mohlomong: “hore na ke mang.”
Ka Segerike: “lisinagogeng tsa bona.”