Kosepele ea Luka 7:1-50

  • Tumelo ea molaoli oa sesole (1-10)

  • Jesu o tsosa mora oa mohlolohali bafung motseng oa Naine (11-17)

  • Johanne Mokolobetsi oa rorisoa (18-30)

  • Moloko o sa mameleng oa khalemeloa (31-35)

  • Mosali oa moetsalibe oa tšoareloa (36-50)

    • Papiso ea banna ba kolotang e mong (41-43)

7  Ha a qeta ho bolella batho lintho tsena a kena Kapernauma.  Lekhoba la molaoli oa sesole le ne le kula, le le makhatheng a lefu.+ Molaoli eo o ne a rata lekhoba lena haholo.  Ha a utloela ka Jesu, a roma baholo ba Bajuda ho eena ho mo kopa ho tla folisa lekhoba la hae.  Ba ea ho Jesu eaba ba re: “Re kopa u mo thuse*  hobane o rata sechaba sa rona ebile o re hahetse ntlo ea thapelo.”*  Kahoo, Jesu a tsamaea le bona. Empa ha a le haufi le ntlo, molaoli oa sesole o ne a se a rometse metsoalle ea hae hore e re ho eena: “Mohlomphehi, u se ke oa ituba ka ho tla kaha ha ke tšoaneloe ke hore u kene ka tlung ea ka.+  Ke ka lebaka leo ke sa kang ka itlisa le ho itlisa ho uena. Bua feela e le hore mohlanka oa ka a fole.  Etsoe le ’na kea laoloa empa ke na le masole ao ke a laolang. Ha ke re ho lesole lena: ‘Tsamaea,’ lea tsamaea. Ha ke re ho le leng: ‘Tloo,’ lea tla. Leha ke re ho lekhoba la ka: ‘Etsa tjena,’ le etsa joalo.”  Ha Jesu a utloa lintho tsena a makala eaba o sheba batho ba bangata ba mo setseng morao o re: “Kea le bolella, esita le Iseraele ha ho na motho eo ke fumaneng a e-na le tumelo e matla hakana.”+ 10  Ha ba ronngoeng ba khutlela ka tlung, ba fumana lekhoba leo le folile.+ 11  Hang-hang ka mor’a moo, a ea motseng o bitsoang Naine a tsamaea le barutuoa ba hae le batho ba bang ba bangata. 12  Ha a atamela keiti ea motse, a bona motho ea shoeleng a jeroe a ntšetsoa ka ntle. E ne e le mora ea mong feela+ oa ’mè e mong oa mohlolohali. Mohlolohali eo o ne a tsamaea le batho ba bangata ba tsoang motseng. 13  Ha Morena a mo bona a mo hauhela+ eaba o re ho eena: “U se ke oa lla.”+ 14  A atamela a tšoara lempara leo ba neng ba jere mofu ka lona ’me batho ba le nkileng ba ema. Eaba o re: “Mohlankana, ke u laela hore u tsohe.”+ 15  Mohlankana eo a tsoha, a lula ’me a qala ho bua eaba Jesu o mo isa ho ’mè oa hae.+ 16  Kaofela ba tšoha ’me ba qala ho rorisa Molimo ba re: “Molimo o re hlahiselitse moprofeta e moholo,”+ hape ba re: “Molimo o hopotse batho ba hae.”+ 17  Litaba tsena tsa hae tsa fihla hohle Judea le libakeng tsohle tse haufi le eona. 18  Barutuoa ba Johanne ba mo tlalehela lintho tsena kaofela.+ 19  Kahoo, Johanne a bitsa barutuoa ba hae ba babeli ’me a ba roma ho Morena hore ba re: “Na ke uena ea tlang+ kapa re lebelle e mong?” 20  Ha banna bao ba fihla ho eena ba re: “Johanne Mokolobetsi o re romme ho uena hore re u botse hore na ke uena ea tlang kapa re lebelle e mong.” 21  Ka eona nako eo, a phekola ba bangata ba neng ba e-na le maloetse,+ mafu a bohloko le ba kenoeng ke bademona. A ba a etsa hore ba sa boneng ba boele ba bone. 22  Jesu a re ho barutuoa ba Johanne: “Tsamaeang le bolelle Johanne hore na le utloile’ng le hore na le bone’ng: Hona joale ba foufetseng baa bona,+ ba holofetseng baa tsamaea, balepera ba ntse ba folisoa, ba sa utloeng litsebeng baa utloa+ le bafu ba ntse ba tsosoa, bafutsana bona ba bolelloa litaba tse monate.+ 23  Ho thaba motho ea ntšepang a sa belaele.”*+ 24  Ha barutuoa ba Johanne ba se ba ile, Jesu a re ho matšoele ka Johanne: “Monna eo le mo boneng lefeelleng ke mang? Na ke motho ea kang lehlaka le ntseng le tsukutloa ke moea?+ 25  Le bone mang? Na le bone monna ea apereng liaparo tse turu?+ Batho ba apereng liaparo tse turu le ba ruileng ba matlong a marena. 26  Joale, ha e le hantle e ne e le mang? Na e ne e le moprofeta? E, e ne e le moprofeta a bile a le bohlokoa haholo ho feta baprofeta.+ 27  Enoa ke eo ho ngotsoeng tjena ka eena: ‘Ke romela moromuoa oa ka pele ho uena* ea tla lokisa tsela ea hao ka pel’a hao.’+ 28  Kea le bolella, har’a bohle ba kileng ba phela, ha ho e moholo ho Johanne empa motho e monyenyane ’Musong oa Molimo o moholo ho eena.”+ 29  (Ha babokelli ba lekhetho le batho ba bang ba neng ba kolobelitsoe ka kolobetso ea Johanne+ ba utloa taba ena, ba phatlalatsa hore Molimo o lokile. 30  Empa litsebi tsa Molao le Bafarisi ba ile ba iphapanyetsa keletso* eo Molimo a ba fang eona+ kaha ba ne ba sa kolobetsoa ke Johanne.) 31  Jesu a boela a re: “Ebe batho ba moloko oo nka ba bapisa le mang? Ba tšoana le mang?+ 32  Ba tšoana le bana ba banyenyane ba lutseng ’marakeng ba ntseng ba hoeletsana ba re: ‘Re ile ra le letsetsa lekolilo eaba ha le tantše, ra lla eaba ha le utloe bohloko.’ 33  Ka tsela e tšoanang, Johanne Mokolobetsi o tlile a sa je, a sa noe+ empa la re: ‘O na le modemona.’ 34  Mor’a motho eena o tlile a ja, a noa empa le re: ‘Bonang motho enoa ea jang ho feta tekano le ea ipolaisang veine. Ke motsoalle oa babokelli ba lekhetho le baetsalibe.’+ 35  Leha ho le joalo, lintho tse lokileng tseo motho a li etsang li bontša hore o bohlale.”+ 36  Mofarisi e mong a phehella Jesu hore a tle lijong ha hae. Eaba Jesu o ea ha Mofarisi eo ’me o lula tafoleng le eena. 37  Ho ne ho e-na le mosali oa moetsalibe motseng oo. Ha a utloa hore Jesu o lijong ha Mofarisi eo, a ea a nkile botlolo ea alabastera e tšetseng oli e nkhang hamonate.+ 38  A khumama maotong a Jesu, a lla, a mo kolobisa maoto ka meokho eaba o a hlakola ka moriri oa hae. A suna maoto a hae eaba o a tlotsa ka oli e nkhang hamonate. 39  Ha Mofarisi eo a bona tsena tsohle a re ka pelong: “Hoja monna enoa e ne e hlile e le moprofeta, o ne a ka tseba hore na mosali enoa ke mang le hore na ke motho oa mofuta ofe. O ne a ka tseba hore ke moetsalibe.”+ 40  Empa kaha Jesu o ne a tseba hore na o ntse a nahana’ng a re ho eena: “Simone,* ho na le ntho eo ke batlang ho u bolella eona.” A re: “Mosuoe, ke mametse.” 41  Jesu a re ho eena: “Banna ba babeli ba ne ba kolota motho e mong. Oa pele o ne a mo kolota lidenari* tse 500, oa bobeli a mo kolota tse 50. 42  Banna bao ka bobeli ba ne ba se na mokhoa oa ho mo patala eaba oa ba tšoarela. Ha ba le babeli joalo ke mang ea tla rata monna eo haholo?” 43  Simone a re: “Ke nahana hore ke ea neng a mo kolota chelete e ngata haholo.” A re: “U arabile hantle.” 44  A sheba ka ho mosali eo eaba o re ho Simone: “Oa mo bona mosali eo? O tšetse maoto a ka ka meokho ea hae, a a hlakola ka moriri oa hae. Empa uena ke kene ka tlung ea hao eaba ha u mphe metsi bakeng sa maoto a ka. 45  Ha oa ntšuna empa mosali enoa eena esale a suna maoto a ka ho tloha ke kene mona. 46  Ha oa tlotsa hlooho ea ka ka oli empa mosali enoa o tlotsitse maoto a ka ka oli e nkhang hamonate. 47  Kahoo kea u joetsa, le hoja mosali enoa a entse libe tse ngata,* libe tseo li tšoaretsoe+ hobane o nthatile haholo. Empa ea tšoaretsoeng ho honyenyane o rata hanyenyane.” 48  Joale a re ho mosali eo: “U tšoaretsoe libe.”+ 49  Ba neng ba lutse le eena tafoleng ba buisana ba re: “Monna enoa ea bileng a tšoarelang libe ke mang?”+ 50  Eaba o re ho mosali eo: “Tumelo ea hao e u pholositse,+ itsamaele ka khotso.”

Linaletsana

Kapa: “U tšoanela ho mo thusa.”
Ka Segerike: “sinagoge.”
Ka Segerike: “ea sa fumaneng sesosa sa ho khoptjoa ho ’na.”
Ka Segerike: “ka pel’a sefahleho sa hao.”
Kapa: “tataiso.”
Enoa ke Mofarisi ea memetseng Jesu lijong.
Kapa: “tse kholo.”