Kosepele ea Luka 3:1-38

  • Johanne o qala mosebetsi oa hae (1, 2)

  • Johanne o bolella batho hore ba kolobetsoe (3-20)

  • Jesu oa kolobetsoa (21, 22)

  • Leloko labo Jesu Kreste (23-38)

3  Ka selemo sa bo15 sa puso ea Tiberiuse Sesare, Ponse Pilato e ne e le ’musisi oa Judea. Heroda*+ e ne e le ’musi oa setereke oa Galilea, Filipi ngoan’abo e le ’musi oa setereke oa naha ea Iturea le Trakonitise, Lisaniase eena e le ’musi oa setereke oa Abilene.  E ne e le mehleng ea Kaifase+ le moprista e moholo Anase. Ka nako eo, ha Johanne+ mora oa Zakaria a le lefeelleng,+ Molimo a bua le eena.  Johanne a ea metseng eohle e potolohileng Jordane, a bolella batho hore ba kolobetsoe ho bontša hore ba bakile e le hore ba tšoareloe libe+  joalokaha ho ngotsoe mantsoe ana bukeng ea moprofeta Esaia: “Ho na le motho ea hoeletsang lefeelleng a re: ‘Lokisang tsela ea Jehova,* otlollang litsela tsa hae.+  Khohlo e ’ngoe le e ’ngoe e katoe, thaba e ’ngoe le e ’ngoe le leralla li batalatsoe, litsela tse sa otlolohang li otlolloe le tse mpe li lokisoe  ’me bohle ba tla bona tsela eo Molimo a tla pholosa batho ka eona.’”+  Ha letšoele le tla ho eena hore le tl’o kolobetsoa, a re ho lona: “Malinyane a linoha tsa marabe, ke mang ea le hlokomelisitseng hore le balehe bohale bo tlang?+  Qalang pele ka hore le bontše* hore le bakile. Le se ke la re Abrahama ke ntate oa lona hobane Molimo a ka mo hlahisetsa bana le ka majoe ana.  Kea le bolella hore selepe se se se le metsong ea lifate. Sefate se seng le se seng se sa beheng litholoana tse ntle se tla rengoa ’me se lahleloe mollong.”+ 10  Letšoele le ile la re ho eena: “Joale re etse’ng?” 11  A re ho bona: “Motho ea nang le liaparo tse peli* a arolelane le ea se nang letho, ea nang le lijo le eena a fe ea se nang tsona.”+ 12  Le babokelli ba lekhetho ba ile ba tla hore ba kolobetsoe+ eaba ba re ho eena: “Mosuoe, re etse joang?” 13  A re ho bona: “Le se ke la patalisa batho ho feta kamoo le lokelang ho ba patalisa kateng.”+ 14  Masole le ’ona a ile a re: “Rona re etse’ng?” Eaba o re: “Le se ke la hlekefetsa mang kapa mang kapa la qosa motho ka liqoso tsa bohata+ empa le khotsofalle moputso oa lona.” 15  Kaha batho ba ne ba lebeletse Kreste, ba ne ba ipotsa hore na ebe Johanne ke eena Kreste.+ 16  Johanne a re ho bona kaofela: “’Na ke le kolobetsa ka metsi empa ho na le ea matla ho mpheta ea tlang, eo ke sa tšoaneleheng ho fasolla marapo a lieta* tsa hae.+ O tla le kolobetsa ka moea o halalelang le ka mollo.+ 17  O tšoere kharafu ea hae e olosang. O tla hloekisa seotlo sa hae ka ho feletseng, a bokelle koro ka setorong sa hae empa o tla chesa ’moko ka mollo o ke keng oa tima.” 18  Eaba o ba eletsa ka litsela tse ngata le ho ba bolella litaba tse monate tsa ’Muso oa Molimo. 19  Johanne o ne a ile a khalemela Heroda ’musi oa setereke, a mo khalemella Herodiase mosali oa abuti oa hae le lintho tse mpe tseo a li entseng 20  eaba Heroda o etsa ntho e ’ngoe hape e mpe ka hore a koalle Johanne teronkong.+ 21  Jesu le eena a kolobetsoa ha batho ba bang bohle ba kolobetsoa.+ Ha a ntse a rapela, leholimo la buleha,+ 22  moea o halalelang oa theohela holim’a hae o le joaloka leeba eaba lentsoe le tsoa leholimong le re: “U Mora oa ka eo ke mo ratang, ea nkhahlisang.”+ 23  Ha Jesu+ a qala mosebetsi oa hae o ne a ka ba lilemo li 30.+ O ne a tsebahala e le moraoa Josefa,+mora oa Heli, 24  mora oa Mathate,mora oa Levi,mora oa Melki,mora oa Jannai,mora oa Josefa, 25  mora oa Matathiase,mora oa Amose,mora oa Nahume,mora oa Esli,mora oa Nagai, 26  mora oa Maathe,mora oa Matathiase,mora oa Semeine,mora oa Joseke,mora oa Joda, 27  mora oa Joanane,mora oa Resa,mora oa Zorobabele,+mora oa Shalatiele,+mora oa Neri, 28  mora oa Melki,mora oa Adi,mora oa Kosame,mora oa Elmadame,mora oa Ere, 29  mora oa Jesu,mora oa Eliezere,mora oa Jorime,mora oa Mathate,mora oa Levi, 30  mora oa Simeone,mora oa Judase,mora oa Josefa,mora oa Jonama,mora oa Eliakime, 31  mora oa Melea,mora oa Mena,mora oa Matatha,mora oa Nathane,+mora oa Davida,+ 32  mora oa Jese,+mora oa Obede,+mora oa Boaze,+mora oa Salmone,+mora oa Nashone,+ 33  mora oa Aminadabe,mora oa Arni,mora oa Hezrone,mora oa Pereze,+mora oa Juda,+ 34  mora oa Jakobo,+mora oa Isaka,+mora oa Abrahama,+mora oa Tera,+mora oa Nakore,+ 35  mora oa Seruge,+mora oa Reu,+mora oa Pelege,+mora oa Ebere,+mora oa Shela,+ 36  mora oa Kainane,mora oa Arpakshade,+mora oa Sema,+mora oa Noe,+mora oa Lameke,+ 37  mora oa Methusela,+mora oa Enoke,mora oa Jarede,+mora oa Mahalaliele,+mora oa Kainane,+ 38  mora oa Enoshe,+mora oa Setha,+mora oa Adama,+mora oa Molimo.

Linaletsana

E leng Heroda Antipase. Sheba Tlhaloso.
Ka Segerike: “hlahise litholoana tse bontšang.”
Kapa: “seaparo sa bobeli.”
Ka Segerike: “meqathatso.”