Liproverbia 8:1-36

  • Bohlale boa bua (1-36)

    • ‘Jehova o ile a mpopa ke le oa pele’ (22)

    • ‘Ke ne ke e-na le Molimo ke le mosebetsi ea hloahloa’ (30)

    • “Ke ne ke rata batho” (31)

8  Bohlale bo ntse bo hoeletsa. Temoho e ntse e phahamisa lentsoe.+   Bo eme libakeng tse phahameng+ haufi le tsela,Bo eme mateanong a litsela.   Pel’a likeiti tsa motse,Menyakong eo ho kenoang ka eona,Bo ntse bo hoeletsa bo re:+   “Kea le bitsa, lona batho,Ke hoeletsa batho bohle.*   Lona ba se nang tsebo, ithuteng bohlale,+Lona ba se nang kelello, e-bang le kutloisiso.*   Mamelang hobane ke bua litaba tsa bohlokoa,Ke bua lintho tse lokileng,   Molomo oa ka o bua ’nete,Molomo oa ka o nyonya bokhopo.   Lipolelo tsohle tsa molomo oa ka li lokile. Ha ho le e ’ngoe ea tsona e sothehileng kapa eo e leng leshano.   Kaofela ha tsona li hlakile ho ea nang le kelelloHape li lokile ho ba fumaneng tsebo. 10  Khethang thuto ea ka ho e-na le sileveraLe tsebo ho e-na le khauta e ntle.+ 11  Etsoe bohlale bo molemo ho feta likorale,*Lintho tse ling tsohle tseo motho a ka li lakatsang ha se letho ha li bapisoa le bohlale. 12  ’Na bohlale, ke lula le masene,Ke fumane tsebo le bokhoni ba ho nahana.+ 13  Ho tšaba Jehova ho bolela ho hloea bobe.+ Ke hloile boikhohomoso, boikakaso,+ bokhopo le leshano.+ 14  Ke na le keletso ea bohlokoa le bohlale.+ Ke na le kutloisiso+ le matla.+ 15  Marena a ntse a busa ka lebaka la kaLe liofisiri tse kholo li etsa melao e lokileng ka lebaka la ka.+ 16  Ke ka ’na likhosana li ntseng li busaLe bahlomphehi ba ahlolang ka toka. 17  Ke rata ba nthatang,Ba mpatlang ba tla mphumana.+ 18  Ke na le maruo le tlhompho,Matlotlo a sa senyeheng le ho loka. 19  Litholoana tsa ka li molemo ho feta khauta, li molemo ho feta khauta e hloekisitsoeng. Lihlahisoa tsa ka li molemo ho feta silevera e ntle.+ 20  Ke tsamaea tseleng ea ho loka,Bohareng ba litsela tsa toka. 21  Ke fana ka lefa le nonneng ho ba nthatang,Ke tlatsa litoro tsa bona.* 22  Jehova o ile a mpopa ke le qalo ea mosebetsi oa hae,+Ke le oa pele linthong tsa khale tseo a li fihletseng.+ 23  O ile a mpeha boemong bo phahameng ho tloha khale,+Ho tloha qalong, linakong tsa pele lefatše le e-ba teng.+ 24  Ke ile ka hlaha* pele ho e-ba le maoatle,+Pele ho e-ba le liliba tse tletseng metsi. 25  Pele lithaba li thehoa,Pele ho e-ba le maralla, ke ile ka hlaha, 26  Pele a etsa lefatše le nahaLe lekote la pele la mobu oa lefatše. 27  Ke ne ke le teng ha a etsa maholimo;+Ha a beha moeli pakeng tsa leholimo le leoatle,+ 28  Ha a tsitsisa maru sepaka-pakeng,Ha a etsa mehloli ea leoatle, 29  Ha a sehela leoatle meeliE le hore metsi a lona a se ke a tlola meeli+ eo a e behileng,*Ha a rala metheo ea lefatše, 30  Ke ne ke e-na le eena ke le mosebetsi ea hloahloa.+Letsatsi le letsatsi ke ne ke le eo a mo ratang haholo,+Ka nako eohle ke ne ke thabile ka pel’a hae.+ 31  Ke ne ke thabetse lefatše la hae,Ka ho khetheha ke ne ke rata batho. 32  Joale bara ba ka, ’mameleng. Ho thaba ba tsamaeang litseleng tsa ka. 33  Mamelang taeo+ ’me le hlalefe,Le se ke la e lahla. 34  Ho thaba motho ea ’mamelangKa ho tla esale hoseng* menyako ea ntlo ea ka letsatsi le letsatsi,Ka ho ema pel’a menyako ea ka. 35  Ea mphumanang o tla fumana bophelo+’Me Jehova o tla mo amohela. 36  Empa ea iphapanyetsang ’na o intša kotsi,Ba ntlhoileng ba rata lefu.”+

Linaletsana

Ka Seheberu: “bara ba batho.”
Kapa: “pelo e utloisisang.”
Kapa: “matlo a bona a polokelo.”
Kapa: “hlaha joalokaha eka ke ka bohloko ba pelehi.”
Kapa: “taelo ea hae.”
Kapa: “Ka ho lula a falimehile.”