Liproverbia 25:1-28

  • Boloka makunutu (9)

  • Ho khetha mantsoe hantle (11)

  • U se ke oa chakela moahisani oa hao hangata (17)

  • Ho bokella mashala hloohong ea sera (21, 22)

  • Tlaleho e monate e tšoana le metsi a pholileng (25)

25  Ana le ’ona ke maele a Solomone+ ao bahlanka ba Ezekiase+ morena oa Juda ba ileng ba a kopitsa:*   Molimo o tlotlisoa ke ha taba e bolokoa e le sephiri,+Marena ’ona aa tlotlisoa ha a batlisisa taba.   Feela joalokaha maholimo a phahame le lefatše le tebile,Lipelo tsa marena le tsona li ke ke tsa utloisisoa.   Tlosa lintho tse litšila silevereng,E tla sala e hloekile haholo.+   Tlosa motho ea khopo ka pel’a morena’Me terone ea morena e tla tsitsisoa ka lebaka la toka.+   U se ke oa itlotlisa ka pel’a morena+Hape u se ke oa lula le bahlomphehi.+   Ho molemo hore eena a re ho uena: “Nyolohela mona,”Ho feta hore a u tlotlolle ka pel’a bahlomphehi.+   U se ke oa tatela ho hlahlela nyeoe,U tla etsa’ng haeba moahisani oa hao a ka u hlola?+   Lokisa litaba le moahisani oa hao.+ U se ke oa ntša makunutu a hae*+ 10  Hobane ea u mametseng o tla u tlotlolla’Me lintho tse mpe tseo u li buileng,* u ke ke oa li khutlisa. 11  Lentsoe le builoeng ka nako e nepahetsengLe joaloka liapole tsa khauta ka lijaneng tsa silevera.+ 12  Motho ea khalemelang ka bohlaleO tšoana le lesale la khauta le mokhabiso oa khauta e hloekileng ho motho ea mamelang.*+ 13  Moromuoa ea tšepahalangO joaloka serame sa lehloa* letsatsing la kotuloKaha o hlasimolla mong’a hae.+ 14  Motho ea ithorisang ka hore o tl’o fana ka mpho empa a sa etse joalo,*+O tšoana le maru le moea tse sa tliseng pula. 15  Molaoli o haptjoa ka mamello,Mantsoe a bonolo a* ka roba lesapo.+ 16  Ha u fumana mahe a linotši, ja a u lekaneng feela,Ha u ja a mangata haholo, u ka ’na oa a hlatsa.+ 17  U se ke oa chakela moahisani oa hao hangataE le hore u se ke oa mo tena eaba oa u hloea. 18  Motho ea fanang ka bopaki ba bohata khahlanong le moahisani oa hae+O joaloka molamu oa ntoa, sabole le motsu o leolitsoeng. 19  Ho tšepa motho ea sa tšepahaleng* linakong tsa mahlomolaHo tšoana le ho hlafuna ka leino le pshatlehileng le ho tsamaea ka leoto le holofetseng. 20  Motho ea binelang pelo e hlomohileng lipina+O tšoana le motho ea hlobolang seaparo ha ho bataLe vinika ha e tšeloa holim’a soda.* 21  Haeba motho ea u hloileng a lapile, u mo fe bohobe hore a je,Haeba a nyoriloe, u mo fe metsi hore a noe.+ 22  U tla be u bokella mashala hloohong ea hae*+’Me Jehova o tla u putsa. 23  Moea o hlahang leboea o tlisa pula ea litloebelele,Leleme le sebang lona lea halefisa.+ 24  Ho molemo ho lula k’honeng ea maruleloHo feta ho lula ka tlung le mosali ea ratang likhang.*+ 25  Tlaleho e monate e tsoang naheng e hole+E tšoana le metsi a pholileng ha a nooa ke motho ea* khathetseng. 26  Ha motho ea lokileng a inehela ho* ea khopo,O tšoana le seliba se lukiloeng le se sentsoeng. 27  Ha se ntho e ntle hore motho a je mahe a linotši a mangata haholo.+ Hape ha ho hotle hore motho a ipatlele thoriso.+ 28  Motho ea sa khoneng ho laola bohale ba hae+O joaloka motse oo marako a oona a helelitsoeng.

Linaletsana

Kapa: “kopitsa le ho a bokella.”
Kapa: “makunutu a batho ba bang.”
Kapa: “lintho tseo u li buileng ho mo senya lebitso.”
Ka Seheberu: “ea nang le tsebe.”
Mohlomong moea o pholileng o tsoang lithabeng tse apereng lehloa.
Ka Seheberu: “ka mpho ea bohata.”
Ka Seheberu: “Leleme le bonolo le.”
Kapa mohlomong: “ea bolotsana.”
Ho buuoa ka carbonate of soda.
E leng ho nolofatsa pelo ea motho.
Kapa: “ea likomang.”
Ka Seheberu: “moea o.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “a tšerema ka pel’a.”