Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Buka ea Lipesaleme

Likhaolo

Kakaretso ea Buka

  • 1

    • Litsela tse peli tse fapaneng

      • Ho bala molao oa Molimo hoa thabisa (2)

      • Ba lokileng ba joaloka sefate se behang litholoana (3)

      • Ba khopo ba joaloka ’moko o fefoloang ke moea (4)

  • 2

    • Jehova le motlotsuoa oa hae

      • Jehova o tšeha lichaba (4)

      • Jehova o beha morena oa hae (6)

      • Hlomphang mora (12)

  • 3

    • Ho tšepa Molimo le boemong bo kotsi

      • “Ke hobane’ng ha lira tsa ka li le ngata hakaale?” (1)

      • “Jehova ke eena ea pholosang” (8)

  • 4

    • Thapelo ea motho ea tšepang Molimo

      • “Ha le halefile, le se ke la etsa sebe” (4)

      • ‘Ke tla robala ka khotso’ (8)

  • 5

    • Jehova, setšabelo sa ba lokileng

      • Molimo o hloile bobe (4, 5)

      • “Ntataise hore ke tsamaee tseleng e nepahetseng” (8)

  • 6

    • Kopo ea ho utloeloa bohloko

      • Bafu ha ba rorise Molimo (5)

      • Molimo o utloa ba kopang ho utloeloa bohloko (9)

  • 7

    • Jehova ke Moahloli ea lokileng

      • “Nkahlole hle Jehova” (8)

  • 8

    • Khanya ea Molimo le ho hlompheha ha batho

      • “Lebitso la hao le hlompheha haholo” (1, 9)

      • ‘Motho ke’ng hore u mo nke e le oa bohlokoa?’ (4)

      • U entse hore motho a hlomphehe (5)

  • 9

    • Ho phatlalatsa mesebetsi ea Molimo e hlollang

      • Jehova, setšabelo se sireletsehileng (9)

      • Ho tseba lebitso la Molimo ho bolela ho mo tšepa (10)

  • 10

    • Jehova, mothusi oa ba se nang ea ba thusang

      • Motho ea khopo oa ikhohomosa o re: “Molimo ha a eo” (4)

      • Ba se nang ea ba thusang ba kopa thuso ho Jehova (14)

      • “Jehova ke Morena ka ho sa feleng” (16)

  • 11

    • Ho balehela ho Jehova

      • “Jehova o tempeleng ea hae e halalelang” (4)

      • Molimo o hloile bohle ba ratang ntoa (5)

  • 12

    • Jehova o etsa ho hong hore a thuse

      • Lipolelo tsa Molimo li hloekile (6)

  • 13

    • Ho batla ho pholosoa ke Jehova

      • “Jehova hle, u tla ntebala ho fihlela neng?” (1, 2)

      • Jehova o putsa haholo (6)

  • 14

    • Ho hlalosoa motho ea se nang kelello

      • “Jehova ha a eo” (1)

      • “Ha ho na ea etsang lintho tse ntle” (3)

  • 15

    • Ke mang eo e ka bang moeti tenteng ea Jehova?

      • O bua ’nete ka pelong ea hae (2)

      • Ha a etselletse (3)

      • O phethahatsa litšepiso tsa hae leha ho le thata (4)

  • 16

    • Jehova, Mohloli oa lintho tse molemo

      • “Jehova ke eena ea mphang lintho tsohle” (5)

      • ‘Maikutlo a ka aa nkhalemela’ (7)

      • ‘Jehova o ka letsohong la ka le letona’ (8)

      • “U ke ke oa ntlohela Lebitleng” (10)

  • 17

    • Thapelo ea ho kopa ho sireletsoa

      • “U hlahlobile pelo ea ka” (3)

      • “Moriting oa mapheo a hao” (8)

  • 18

    • Ho rorisa Molimo hobane a pholosa

      • “Jehova ke lefika la ka” (2)

      • Jehova o tšepahalla ba tšepahalang (25)

      • Lintho tsohle tseo Molimo a li etsang li phethahetse (30)

      • “Boikokobetso ba hao boa mphahamisa” (35)

  • 19

    • Popo ea Molimo le molao oa hae li fana ka bopaki

      • “Maholimo a phatlalatsa khanya ea Molimo” (1)

      • Molao oa Molimo o phethahetseng o fa motho matla (7)

      • “Libe tseo ke sa hlokomelang hore ke li entse” (12)

  • 20

    • Morena oa Molimo ea tlotsitsoeng oa pholosoa

      • Batho ba bang ba tšepile likariki tsa ntoa le lipere “empa rona re tšepile lebitso la Jehova” (7)

  • 21

    • Ho hlohonolofatsoa morena ea tšepang Jehova

      • Morena o fuoa bophelo bo bolelele (4)

      • Lira tsa Molimo li tla hloloa (8-12)

  • 22

    • O ne a nyahame joale o rorisa Molimo

      • “Molimo oa ka, u ntahletse’ng?” (1)

      • “Ba lahla lotho bakeng sa liaparo tsa ka” (18)

      • Ho rorisa Molimo har’a phutheho (22, 25)

      • Batho lefatšeng lohle ba tla rorisa Molimo (27)

  • 23

    • “Jehova ke Molisa oa ka”

      • “Nke ke ka hloka letho” (1)

      • “Oa nkhatholla” (3)

      • “Kopi ea ka e tletse” (5)

  • 24

    • Morena ea khanyang o kena likeiting

      • “Lefatše ke la Jehova” (1)

  • 25

    • Thapelo ea ho kopa tataiso le tšoarelo

      • “Nthute litsela tsa hao” (4)

      • “Jehova ke motsoalle” (14)

      • “O tšoarele libe tsohle tsa ka” (18)

  • 26

    • Ho tšepahala

      • “Ntlhahlobe hle Jehova” (2)

      • Ho qoba metsoalle e mebe (4, 5)

      • ‘Ke tla potoloha aletare ea Molimo’ (6)

  • 27

    • Jehova o sireletsa bophelo ba ka

      • Ho thabela tempele ea Molimo (4)

      • “Leha ’Mè le Ntate ba ka ntahla, Jehova o tla nthola” (10)

      • “Tšepa Jehova” (14)

  • 28

    • Thapelo ea mopesaleme ea utluoa

      • “Jehova ke matla a ka le thebe ea ka” (7)

  • 29

    • Lentsoe la Jehova le matla

      • Rapelang le apere liaparo tse halalelang (2)

      • “Lentsoe la Molimo ea khanyang lea luma” (3)

      • Jehova o matlafatsa batho ba hae (11)

  • 30

    • Ho nyahama ho fetoha thabo

      • Molimo o hauhela motho bophelo bohle (5)

  • 31

    • Ho balehela ho Jehova

      • “Ke beha bophelo ba ka matsohong a hao” (5)

      • “Jehova Molimo oa ’nete” (5)

      • Molimo o molemo haholo (19)

  • 32

    • Ho thaba ba tšoaretsoeng

      • ‘Ke u boleletse sebe sa ka’ (5)

      • Molimo o etsa hore o be le temoho (8)

  • 33

    • Ho rorisoe ’Mopi

      • “Mo bineleng pina e ncha” (3)

      • Popo e entsoe ka lentsoe la Jehova le ka moea oa hae (6)

      • Sechaba sa Jehova se thabile (12)

      • Leihlo la Jehova le lula le shebile (18)

  • 34

    • Jehova o pholosa bahlanka ba hae

      • “A re phahamiseng lebitso la hae hammoho” (3)

      • Lengeloi la Jehova lea sireletsa (7)

      • “Latsoang ’me le bone hore Jehova o molemo” (8)

      • ‘Ha ho na lesapo la hae le ileng la rojoa’ (20)

  • 35

    • Thapelo ea ho pholosoa ho lira

      • Lira li tla lelekoa (5)

      • Ho rorisa Molimo har’a batho ba bangata (18)

      • Ho hlouoa ntle ho lebaka (19)

  • 36

    • Lerato la Molimo

      • Ea khopo ha a tšabe Molimo (1)

      • Molimo ke mohloli oa bophelo (9)

      • “Ka leseli la hao re khona ho bona leseli” (9)

  • 37

    • Ba tšepileng Jehova ba tla atleha

      • U se ke oa halefisoa ke batho ba khopo (1)

      • “Jehova o tla etsa hore u thabe haholo” (4)

      • “Tsebisa Jehova tsela ea hao” (5)

      • “Lefatše e tla ba lefa la ba bonolo” (11)

      • Ba lokileng ba ke ke ba hloka lijo (25)

      • Ba lokileng ba tla phela ka ho sa feleng lefatšeng (29)

  • 38

    • Thapelo ea motho ea bakileng le ea utloileng bohloko

      • “Ke tšoenyehile ebile ke nyahame haholo” (6)

      • Jehova o utloa ba mo emelang (15)

      • “Sebe sa ka se ne se ntšoenya” (18)

  • 39

    • Bophelo bo bokhutšoanyane

      • Motho o tšoana feela le phefumoloho (5, 11)

      • “U se ke oa iphapanyetsa likeleli tsa ka” (12)

  • 40

    • Ho leboha Molimo eo ho seng ea tšoanang le eena

      • Mesebetsi ea Molimo e mengata hoo e ke keng ea khona ho baloa (5)

      • Mahlabelo ha se a bohlokoa ka ho fetisisa ho Molimo (6)

      • “Ke thabela ho etsa thato ea hao” (8)

  • 41

    • Thapelo ea motho ea kulang

      • Molimo o hlokomela ba kulang (3)

      • Ho fetoheloa ke motsoalle (9)

  • 42

    • Ho rorisa Molimo, Mopholosi e Moholo

      • Ho lakatsa ho sebeletsa Molimo joaloka khama e lakatsang metsi (1, 2)

      • “Ke hobane’ng ha ke nyahame?” (5, 11)

      • “Emela Molimo” (5, 11)

  • 43

    • Molimo eo e leng Moahloli oa pholosa

      • “Romela leseli la hao le ’nete” (3)

      • “Ke hobane’ng ha ke nyahame?” (5)

      • “Emela Molimo” (5)

  • 44

    • Thapelo ea ho kopa thuso

      • “Ke uena ea ileng a re pholosa” (7)

      • “Joaloka linku tse lokelang ho hlajoa” (22)

      • “Ema u re thuse!” (26)

  • 45

    • Lenyalo la morena ea tlotsitsoeng

      • Mantsoe a mosa (2)

      • “Molimo o u fa matla a ho busa ka ho sa feleng” (6)

      • Morena o hopola botle ba monyaluoa (11)

      • Bara e tla ba likhosana lefatšeng lohle (16)

  • 46

    • “Molimo ke setšabelo sa rona”

      • Mesebetsi ea Molimo e makatsang (8)

      • Molimo o felisa lintoa lefatšeng lohle (9)

  • 47

    • Molimo ke Morena lefatšeng lohle

      • ‘Jehova oa hlolla’ (2)

      • Binelang Molimo lithoriso (6, 7)

  • 48

    • Sione, motse oa Morena e Moholo

      • “E thabeloa ke lefatše lohle” (2)

      • Hlahloba motse le litora tsa oona (11-13)

  • 49

    • Litla-morao tsa ho tšepa maruo

      • Ha ho na motho ea ka lopollang e mong (7, 8)

      • Molimo o lopolla Lebitleng (15)

      • Maruo ha a lopolle motho lefung (16, 17)

  • 50

    • Molimo o ahlola pakeng tsa ba tšepahalang le ba khopo

      • Selekane sa Molimo ka sehlabelo (5)

      • “Molimo ka bo-eena ke Moahloli” (6)

      • Liphoofolo tsohle ke tsa Molimo (10, 11)

      • Molimo o senola ba khopo (16-21)

  • 51

    • Thapelo ea motho ea bakileng

      • O tsoetsoe a e-na le sebe (5)

      • “Ntlhoekise, u tlose sebe sa ka” (7)

      • “Hloekisa pelo ea ka” (10)

      • Pelo e sithabetseng e khahlisa Molimo (17)

  • 52

    • Ho tšepa lerato la Molimo

      • Ba ithorisang ka liketso tse mpe baa khalemeloa (1-5)

      • Ba lahlileng Molimo ba tšepa maruo (7)

  • 53

    • Ho hlalosoa batho ba se nang kelello

      • “Jehova ha a eo” (1)

      • “Ha ho na ea etsang lintho tse ntle” (3)

  • 54

    • Thapelo ea ho kopa thuso har’a lira

      • “Molimo ke mothusi oa ka” (4)

  • 55

    • Thapelo ea ha u fetohetsoe ke motsoalle

      • Ho nyefoloa ke motsoalle (12-14)

      • “Lahlela moroalo oa hao ho Jehova” (22)

  • 56

    • Thapelo ea ha u hlorisoa

      • “Ke tšepa Molimo” (4)

      • “Likeleli tsa ka ka lekukeng la hao” (8)

      • “Motho a ka nketsa’ng?” (4, 11)

  • 57

    • Kopo ea ho hauheloa

      • Ho balehela tlas’a mapheo a Molimo (1)

      • Lira li oela marabeng a tsona (6)

  • 58

    • Ho na le Molimo ea ahlolang lefatše

      • Thapelo ea hore ba khopo ba fuoe kotlo (6-8)

  • 59

    • Molimo ke thebe le setšabelo

      • “U se ke oa hauhela mahlabaphio” (5)

      • “Ke tla bina ka matla a hao” (16)

  • 60

    • Molimo o hlola lira

      • “Ho pholosoa ke batho ha ho na thuso” (11)

      • “Molimo o tla re fa matla” (12)

  • 61

    • Molimo ke tora e matla khahlanong le lira

      • “Ke tla ba moeti tenteng ea hao” (4)

  • 62

    • Poloko ea ’nete e tsoa ho Molimo

      • “Ke letela Molimo ke khutsitse” (1, 5)

      • ‘Le bolelle Molimo lintho tsohle tse ka lipelong tsa lona’ (8)

      • Batho ba tšoana feela le moea (9)

      • Le se ke la tšepa maruo (10)

  • 63

    • Ho hopola Molimo

      • “Lerato la hao le molemo ho feta bophelo” (3)

      • “Ke khotsofetse hobane u mpha lintho tse molemo” (5)

      • Ho nahanisisa ka Molimo bosiu bohle (6)

      • ‘Ke khomaretse Molimo’ (8)

  • 64

    • Ho sireletsoa litlhaselong tse patehileng

      • “Molimo o tla ba hlaba” (7)

  • 65

    • Molimo o hlokomela lefatše

      • “Ea Utloang thapelo” (2)

      • ‘Ho thaba eo u mo khethang’ (4)

      • Molimo o molemo haholo (11)

  • 66

    • Mesebetsi ea Molimo e hlollang haholo

      • “Tloong le tl’o bona mesebetsi ea Molimo” (5)

      • “Ke tla phetha likano tsa ka tseo ke u etselitseng tsona” (13)

      • Molimo o utloa thapelo (18-20)

  • 67

    • Batho bohle lefatšeng ba tla tšaba Molimo

      • Tsela ea Molimo e tla tsebahala (2)

      • ‘Batho bohle ba ke ba rorise Molimo’ (3, 5)

      • “Molimo o tla re hlohonolofatsa” (6, 7)

  • 68

    • ‘Lira tsa Molimo li hasane’

      • “Ntate oa likhutsana” (5)

      • “Molimo o fa ba se nang ea ba thusang lehae” (6)

      • Basali ba phatlalatsa litaba tse monate (11)

      • “Limpho e leng banna” (18)

      • ‘Jehova o re jarela mojaro letsatsi le letsatsi’ (19)

  • 69

    • Thapelo ea ho pholosoa

      • “Cheseho ea ka bakeng sa ntlo ea hao e tuka joaloka mollo ka pelong ea ka” (9)

      • “Nkarabe kapele” (17)

      • “Ba ile ba mpha vinika hore ke e noe” (21)

  • 70

    • Ho kopuoa thuso e potlakileng

      • “Potlaka u tl’o nthusa” (5)

  • 71

    • Tšepo ea ba tsofetseng

      • Ho tšepa Molimo ho tloha bocheng (5)

      • “Ha matla a ka a fela” (9)

      • “Molimo, u nthutile ho tloha ke sa le mocha” (17)

  • 72

    • Morena ea khethiloeng ke Molimo o busa ka khotso

      • “Ba lokileng ba tla eketseha” (7)

      • Batho ba busoang ho tloha leoatleng le leng ho ea ho le leng (8)

      • Ho pholosoa ntoeng (14)

      • “Lijo tse ngata lefatšeng” (16)

      • Lebitso la Molimo le rorisoa ka ho sa feleng (19)

  • 73

    • Motho ea tšabang Molimo o boela a sheba lintho ka tsela e nepahetseng

      • “Maoto a ka a batlile a kheloha” (2)

      • “Ke ne ke khathatsehile letsatsi lohle” (14)

      • ‘Ho fihlela ke kena ka sehalalelong sa Molimo’ (17)

      • Ba khopo ba moo ho thellang (18)

      • Ho atamela ho Molimo ho molemo (28)

  • 74

    • Thapelo ea hore Molimo a hopole batho ba hae

      • O hopola kamoo Molimo a mo pholositseng kateng (12-17)

      • “Hopola kamoo sera se u nyefolang kateng” (18)

  • 75

    • Molimo o ahlola ka toka

      • Ba khopo ba tla noa veine ka kopi ea Jehova (8)

  • 76

    • Molimo o hlola lira tsa Sione

      • Molimo o pholosa ba bonolo (9)

      • Lira tse ikhohomosang li tla kokobetsoa (12)

  • 77

    • Thapelo linakong tsa matšoenyeho

      • Ho nahanisisa ka mesebetsi ea Molimo (11, 12)

      • ‘Molimo, ke mang e moholo joaloka uena?’ (13)

  • 78

    • Lerato la Molimo le Baiseraele ba se nang tumelo

      • Bolella moloko o tlang (2-8)

      • “Ba ne ba sa lumele ho Molimo” (22)

      • “Lijo tsa leholimo” (24)

      • “Ba utloisa Mohalaleli oa Iseraele bohloko” (41)

      • Ho tloha Egepeta ho ea Naheng e Tšepisitsoeng (43-55)

      • “Ba ’na ba leka Molimo” (56)

  • 79

    • Thapelo ea ha lichaba li hlasela batho ba Molimo

      • ‘Baa re nyatsa’ (4)

      • ‘Re thuse ka lebaka la lebitso la hao’ (9)

      • “U ahlole baahisani ba rona ka makhetlo a supileng” (12)

  • 80

    • Kopo ea hore Molisa oa Iseraele a ba amohele

      • “Molimo, re amohele hape” (3)

      • Iseraele e joaloka sefate sa morara sa Molimo (8-15)

  • 81

    • Ba khothaletsoa ho mamela

      • Le se ke la rapela melimo e meng (9)

      • ‘Haeba se ne se ka mamela’ (13)

  • 82

    • Kopo ea hore ho ahloloe ka toka

      • Molimo o ahlola har’a “melimo” (1)

      • “Buellang ba maemong a tlase” (3)

      • “Le melimo” (6)

  • 83

    • Thapelo ea ha lira li le hlasela

      • “Molimo, u se ke oa thola” (1)

      • Lira tse joaloka meutloa e fefoloang ke setsokotsane (13)

      • Lebitso la Molimo ke Jehova (18)

  • 84

    • Ho hopola tabernakele ea Molimo e kholo

      • Molevi o lakatsa ho ba joaloka nonyana (3)

      • “Ho qeta letsatsi le le leng mabaleng a hao” (10)

      • “Molimo o joaloka letsatsi le thebe” (11)

  • 85

    • Thapelo ea ho kopa ho amoheloa hape

      • Molimo o tla bua ka khotso ho batho ba tšepahalang (8)

      • “Lerato le botšepehi li tla kopana” (10)

  • 86

    • Ha ho na molimo ea tšoanang le Jehova

      • Jehova o ikemiselitse ho tšoarela (5)

      • Lichaba tsohle li tla rapela Jehova (9)

      • “Nthute tsela ea hao” (11)

      • “Etsa hore ke tšabe lebitso la hao ka pelo ea ka eohle” (11)

  • 87

    • Sione, motse oa Molimo oa ’nete

      • Ba hlahetseng Sione (4-6)

  • 88

    • Thapelo ea ho kopa ho pholosoa lefung

      • “Bophelo ba ka bo haufi le Lebitla” (3)

      • “Ke u rapela hoseng ho hong le ho hong” (13)

  • 89

    • Ho bina ka lerato la Jehova

      • Selekane le Davida (3)

      • Litloholo tsa Davida li tla lula li le teng ka ho sa feleng (4)

      • Motlotsuoa oa Molimo o bitsa Molimo “Ntate” (26)

      • Selekane sa Davida se tiisitsoe (34-37)

      • Motho a ke ke a khona ho qoba lefu (48)

  • 90

    • Molimo o phela ka ho sa feleng ’me motho o phela nako e khutšoanyane

      • Lilemo tse sekete li tšoana le letsatsi la maobane (4)

      • Motho o phela lilemo tse 70 ho ea ho tse 80 (10)

      • “Re rute hore na re phele bophelo ba rona joang” (12)

  • 91

    • Ho sireletsoa sebakeng se patehileng sa Molimo

      • Ho pholosoa ho ea tšoasang linonyana (3)

      • Ho balehela tlas’a mapheo a Molimo (4)

      • Ho sireletsoa leha ba likete ba oa (7)

      • Mangeloi a romeloa hore a lebele (11)

  • 92

    • Jehova o phahamisoa ka ho sa feleng

      • Mesebetsi ea hae e meholo le menahano ea hae e tebile (5)

      • ‘Ba lokileng ba tla atleha joaloka sefate’ (12)

      • Ba tsofetseng ba tla ’ne ba atlehe (14)

  • 93

    • Bobusi ba Jehova bo boholo

      • “Jehova ke Morena” (1)

      • ‘Melao ea hao ea tšepahala’ (5)

  • 94

    • Thapelo e eang ho Molimo ea hore a iphetetse

      • ‘Ba khopo ba tla tsoela pele ho fihlela neng?’ (3)

      • Ho khalemeloa ke Jah hoa thabisa (12)

      • Molimo a ke ke a furalla batho ba hae (14)

      • “Ba baka mathata ka ho loha mano, ba etsa eka ba latela molao” (20)

  • 95

    • Borapeli ba ’nete le ho mamela

      • “Haeba le mamela lentsoe la hae kajeno” (7)

      • “Le se ke la ba manganga” (8)

      • “Ba ke ke ba phomola moho le (11)

  • 96

    • “Binelang Jehova pina e ncha”

      • Jehova o tšoaneloa ke ho rorisoa haholo (4)

      • Melimo ea lichaba tse ling ha e na thuso (5)

      • Rapelang le apere liaparo tse halalelang (9)

  • 97

    • Jehova o phahametse melimo e meng

      • “Jehova ke Morena” (1)

      • Ratang Jehova, hloeang lintho tse mpe (10)

      • “Leseli le khantšelitse ba lokileng” (11)

  • 98

    • Jehova, Mopholosi le Moahloli ea lokileng

      • Ho tsebisitsoe batho hore Jehova oa pholosa (2, 3)

  • 99

    • Jehova, Morena ea halalelang

      • “O lutse teroneng holim’a likerubime” (1)

      • Molimo ea tšoarelang le ea fanang ka kotlo (8)

  • 100

    • Ho leboha ’Mopi

      • “Sebeletsang Jehova le thabile” (2)

      • ‘Ke Molimo ea re bopileng’ (3)

  • 101

    • ’Musi ea busang ka botšepehi

      • ‘Nke ke ka mamella boikhohomoso’ (5)

      • “Ke tla amohela batho ba tšepahalang” (6)

  • 102

    • Thapelo ea motho ea nyahameng haholo

      • “Ke joaloka nonyana e lutseng e le ’ngoe” (7)

      • ‘Bophelo ba ka ke moriti o nyamelang’ (11)

      • “Jehova o tla tsosolosa Sione” (16)

      • Jehova o tla lula a le teng (26, 27)

  • 103

    • “Ke tla rorisa Jehova”

      • Molimo o suthiselitse libe tsa rona hole le rona (12)

      • Molimo o mohau joaloka Ntate (13)

      • Molimo oa hopola hore re lerole (14)

      • Terone ea Jehova le bobusi ba hae (19)

      • Mangeloi a phetha litaelo tsa Molimo (20)

  • 104

    • Ho rorisa Molimo ka popo e hlollang

      • Lefatše le tla lula le le teng (5)

      • Veine le bohobe ba motho (15)

      • “Lintho tseo u li entseng li ngata haholo” (24)

      • “Ha u nka phefumoloho ea tsona, lia shoa” (29)

  • 105

    • Lintho tseo Jehova a li etsetsang batho ba hae ka botšepehi

      • Molimo o hopola selekane sa hae (8-10)

      • “Le se ke la thetsa batlotsuoa ba ka” (15)

      • Molimo o sebelisa Josefa oa lekhoba (17-22)

      • Mehlolo eo Molimo a e entseng Egepeta (23-36)

      • Baiseraele ba tsoa Egepeta (37-39)

      • Molimo o hopola tšepiso ea hae ho Abrahama (42)

  • 106

    • Baiseraele ha ba na teboho

      • Ba ile ba lebala liketso tsa Molimo kapele (13)

      • Ba rapela setšoantšo sa poho ho e-na le Molimo (19, 20)

      • Ba ne ba sa lumele tšepiso ea Molimo (24)

      • Ba rapela Baale (28)

      • Bademona ba etsetsoa mahlabelo ka bana (37)

  • 107

    • Lebohang Molimo ka mesebetsi ea hae e hlollang

      • O ile a ba tsamaisa tseleng e nepahetseng (7)

      • A nyorolla ba nyoriloeng le ho khorisa ba lapileng (9)

      • A ba ntša lefifing (14)

      • “O ne a bua ebe baa fola” (20)

      • O sireletsa ba futsanehileng hore ba se ke ba hatelloa (41)

  • 108

    • Thapelo ea ho hlola lira

      • Ho pholosoa ke batho ha ho na thuso (12)

      • “Molimo o tla re fa matla” (13)

  • 109

    • Thapelo ea motho ea tšoenyehileng

      • ‘Mosebetsi oa hae o ke o nkoe ke motho e mong’ (8)

      • Molimo o sireletsa ea futsanehileng (31)

  • 110

    • Morena le moprista joaloka Melkizedeke

      • “Busa har’a lira tsa hao” (2)

      • Bacha ba ikemiselitseng ba joaloka marotholi a phoka (3)

  • 111

    • Rorisang Jehova ka lebaka la mesebetsi ea hae e meholo

      • Lebitso la Molimo lea halalela ebile lea tšosa (9)

      • Ho tšaba Jehova ke bohlale (10)

  • 112

    • Motho ea lokileng o tšaba Jehova

      • Motho ea alimanang haholo o tla atleha (5)

      • “Motho ea lokileng o tla lula a hopoloa” (6)

      • Motho ea fanang o fa bafutsana (9)

  • 113

    • Molimo ea holimo o phahamisa ba tlase

      • Lebitso la Jehova le rorisoa ho ea ho ile (2)

      • Molimo o inamela tlase (6)

  • 114

    • Baiseraele ba lopolloa Egepeta

      • Leoatle le ile la aroha ka lehare (5)

      • Lithaba li ile tsa tlola-tlola joaloka liramo (6)

      • Lefika le thata le fetoha letamo la metsi (8)

  • 115

    • Molimo ke eena feela ea lokelang ho fuoa khanya

      • Litšoantšo tse rapeloang tse sa pheleng (4-8)

      • Lefatše le filoe batho (16)

      • “Bafu ha ba rorise Jah” (17)

  • 116

    • Pina ea ho leboha

      • “Ke tla patala Jehova ka eng?” (12)

      • “Ke tla amohela kopi ea poloko” (13)

      • “Ke tla phetha likano tsa ka ho Jehova” (14, 18)

      • O utloa bohloko haholo ha batho ba tšepahalang ba hlokahala (15)

  • 117

    • Lichaba tsohle li khothaletsoa hore li rorise Jehova

      • Molimo o re rata haholo (2)

  • 118

    • Ho leboha Jehova hobane a hlotse

      • ‘Ke ile ka bitsa Jah, o ile a nkaraba’ (5)

      • “Jehova o ka lehlakoreng la ka” (6, 7)

      • Lejoe le lahliloeng le fetohile lejoe la sekhutlo la sehlooho (22)

      • “Ea tlang ka lebitso la Jehova” (26)

  • 119

    • Ho ananela lentsoe la Molimo la bohlokoa

      • ‘Bacha ba ka etsa’ng haeba ba batla ho lula ba etsa lintho tse nepahetseng?’ (9)

      • “Ke rata melao ea hao” (24)

      • “Ke tšepetse lentsoeng la hao” (74, 81, 114)

      • “Ke rata molao oa hao haholo” (97)

      • “Ke na le kutloisiso ho feta mesuoe eohle ea ka” (99)

      • “Lentsoe la hao ke lebone le khantšang moo ke hatang teng” (105)

      • “Lentsoe la hao kaofela ke ’nete” (160)

      • Ba ratang molao oa Molimo ba na le khotso (165)

  • 120

    • Molichaba o batla khotso

      • ‘Mpholose ho ba thetsang ka maleme a bona’ (2)

      • “Ke rata khotso” (7)

  • 121

    • Jehova o lebela batho ba hae

      • “Jehova ke eena ea tla nthusa” (2)

      • Jehova ha a robale (3, 4)

  • 122

    • Thapelo ea hore ho be le khotso Jerusalema

      • Thabo ea ho ea ntlong ea Jehova (1)

      • Motse o nang le mehaho e atamelaneng (3)

  • 123

    • Ho kopa mohau ho Jehova

      • ‘Joaloka bahlanka, re shebile Jehova’ (2)

      • “Re nyatsuoe haholo” (3)

  • 124

    • “Haeba Jehova a sa ka a ba le rona”

      • Ho phonyoha lerabeng le robehileng (7)

      • ‘Lebitso la Jehova ke thuso ea rona’ (8)

  • 125

    • Jehova o sireletsa batho ba hae

      • “Joalokaha lithaba li pota-potile Jerusalema” (2)

      • “E se eka ho ka ba le khotso Iseraele” (5)

  • 126

    • Batho ba Sione ba thabetse ho khutla

      • “Jehova o re etselitse lintho tse kholo” (3)

      • Ea neng a lla o tla thaba haholo (5, 6)

  • 127

    • Kantle ho Molimo, lintho tsohle ke lefeela

      • “Haeba Jehova a sa hahe ntlo” (1)

      • Bana ke mpho e tsoang ho Molimo (3)

  • 128

    • Ho thaba ba tšabang Jehova

      • Mosali ea joaloka sefate sa morara se behang litholoana (3)

      • “E se eka u ka bona ha Jerusalema e atleha” (5)

  • 129

    • Oa hlaseloa empa ha a hloloe

      • Ba hloileng Sione ba tla hlajoa ke lihlong (5)

  • 130

    • “Ke u hoeletsa ke tšoenyehile haholo”

      • “Haeba u ne u sheba liphoso” (3)

      • Jehova o tšoarela e le kannete (4)

      • “Ke emetse Jehova” (6)

  • 131

    • Ke khotsofetse joaloka ngoana ea khoesitsoeng

      • Ho se lakatse lintho tse kholo haholo (1)

  • 132

    • Ho khethiloe Davida le Sione

      • “U se ke oa lahla motlotsuoa oa hao” (10)

      • Baprista ba Sione baa pholosoa (16)

  • 133

    • Ho lula hammoho

      • Joaloka oli hloohong ea Arone (2)

      • Joaloka phoka ea Hermone (3)

  • 134

    • Ho rorisa Molimo bosiu

      • “Le halalele ha le phahamisa matsoho le rapela” (2)

  • 135

    • Rorisang Jah hobane o moholo

      • Lipontšo le mehlolo Egepeta (8, 9)

      • “Lebitso la hao le lula le le teng” (13)

      • Litšoantšo tse rapeloang tse sa pheleng (15-18)

  • 136

    • Lerato la Jehova ha le fele le ka mohla

      • Leholimo le lefatše li entsoe ka bohlale (5, 6)

      • Faro o shoeletse Leoatleng le Lefubelu (15)

      • Molimo o hopola ba nyahameng (23)

      • Lintho tsohle tse phelang li fuoa lijo (25)

  • 137

    • Linokeng tsa Babilona

      • Ba hana ho bina lipina tsa Sione (3, 4)

      • Babilona e tla felisoa (8)

  • 138

    • Molimo oa re tsotella le hoja a phahame

      • ‘U ile oa araba thapelo ea ka’ (3)

      • ‘U mpholosa le moo ho leng kotsi’ (7)

  • 139

    • Molimo o tseba bahlanka ba hae hantle

      • U ke ke oa baleha moea oa Molimo (7)

      • “U nkentse ka tsela e hlollang haholo” (14)

      • ‘U ile oa mpona ke sa le ka popelong’ (16)

      • “Ntsamaise tseleng e tla lula e le teng ka ho sa feleng” (24)

  • 140

    • Jehova ke Mopholosi ea matla

      • Batho ba khopo ba tšoana le linoha (3)

      • Batho ba ratang ntoa ba tla felisoa (11)

  • 141

    • Thapelo ea ho kopa ho sireletsoa

      • “Thapelo ea ka e ke e be joaloka libano” (2)

      • Khalemelo ea motho ea lokileng e joaloka oli (5)

      • Ba khopo ba oela marabeng a bona (10)

  • 142

    • Thapelo ea ho kopa ho pholosoa ho batho ba hlorisang

      • “Ha ho na moo nka balehelang teng” (4)

      • “Ke uena feela tšepo ea ka” (5)

  • 143

    • Ho hloka Molimo joaloka naha e omeletseng

      • “Ke nahanisisa ka lintho tseo u li entseng” (5)

      • “Nthute ho etsa thato ea hao” (10)

      • ‘E se eka u ka ntataisa ka matla a hao’ (10)

  • 144

    • Thapelo ea ho hlola

      • “Motho ke’ng?” (3)

      • Lira li ke li hasanngoe (6)

      • Batho ba Jehova ba thabile (15)

  • 145

    • Ho rorisa Molimo, Morena e moholo

      • ‘Ke tla bua ka hore na Molimo o moholo hakae’ (6)

      • “Jehova o molemo ho lintho tsohle tse phelang” (9)

      • “Batho ba hao ba u tšepahallang ba tla u rorisa” (10)

      • Borena ba Molimo bo ke keng ba fela (13)

      • Molimo o khotsofatsa lintho tsohle (16)

  • 146

    • Tšepa Molimo, eseng batho

      • Ha motho a shoa o khaotsa ho nahana (4)

      • Molimo o phahamisa ba imetsoeng (8)

  • 147

    • Ho rorisa Molimo ka mesebetsi ea hae e matla le e bontšang lerato

      • O folisa bao lipelo tsa bona li utloileng bohloko (3)

      • O bitsa linaleli kaofela ka mabitso a tsona (4)

      • O fana ka lehloa joaloka boea (16)

  • 148

    • Popo eohle e rorise Jehova

      • “Mo roriseng, lona mangeloi ’ohle a hae” (2)

      • ‘Mo roriseng, lona letsatsi, khoeli le linaleli’ (3)

      • Bacha le maqheku ba rorise Molimo (12, 13)

  • 149

    • Pina e rorisang Molimo hobane a hlotse

      • Molimo o rata batho ba hae (4)

      • Tlotla e tšoanela ba tšepahallang Molimo (9)

  • 150

    • Lintho tsohle tse phelang li rorise Jah

      • Halelujah! (1, 6)