Kosepele ea Johanne 8:12-59

  • Ntate o pakela Jesu (12-30)

    • Jesu ke “leseli la lefatše” (12)

  • Bana ba Abrahama (31-41)

    • “’Nete e tla le lokolla” (32)

  • Bana ba Diabolose (42-47)

  • Jesu le Abrahama (48-59)

8  12  Jesu a bua le bona hape a re: “Ke ’na leseli la lefatše.+ Ea ntatelang a ke ke a tsamaea lefifing empa o tla ba le leseli+ le fanang ka bophelo.” 13  Bafarisi ba re ho eena: “Oa ipakela empa bopaki ba hao ha se ’nete.” 14  Jesu a re ho bona: “Le haeba kea ipakela, bopaki ba ka ke ’nete hobane kea tseba hore na ke tsoa kae le hore na ke ea kae.+ Empa lona ha le tsebe hore na ke tsoa kae le hore na ke ea kae. 15  Le ahlola ho ea ka menahano ea batho,+ ’na ha ho motho eo ke mo ahlolang. 16  Le haeba ke ahlola, kahlolo ea ka e lokile hobane ha ke mong, Ntate ea nthomileng o na le ’na.+ 17  Hape Molao oa lona o re: ‘Bopaki ba batho ba babeli ke ’nete.’+ 18  Kea ipakela le Ntate ea nthomileng oa mpakela.”+ 19  Ba re ho eena: “Ntate eo oa hao o kae?” Jesu a re: “Ha le ntsebe ebile ha le tsebe Ntate.+ Hoja le ne le ntseba, le ka be le tseba le Ntate.”+ 20  O buile litaba tsena ha a ntse a ruta ka tempeleng a le moo ho bolokoang matlotlo.+ Ha ho na motho ea ileng a mo tšoara hobane nako ea hae e ne e e-s’o fihle.+ 21  A boela a re ho bona: “Kea tsamaea, lona le tla mpatla empa moo ke eang le ke ke la fihla.+ Le tla shoa le ntse le le baetsalibe.”+ 22  Bajuda ba re: “Ha a re moo a eang re ke ke ra fihla, ebe o rera ho ipolaea?” 23  A re ho bona: “Lona le tsoa lefatšeng, ’na ke tsoa holimo.+ Lona le tsoa lefatšeng lena, ’na ha ke tsoe teng. 24  Ke ka lebaka leo ke itseng ho lona: Le tla shoa le ntse le le baetsalibe. Haeba le sa lumele hore ke ’na ea ronngoeng, le tla shoa le ntse le le baetsalibe.” 25  Ba re ho eena: “U mang?” Jesu a re ho bona: “Ke hobane’ng ha ke itšenyetsa nako ka ho bua le lona? 26  Ho na le lintho tse ngata tseo nka li buang ka lona le ho le ahlolela tsona. Tsebang hore ea nthomileng o bua ’nete kamehla ’me lintho tseo ke li utloileng ho eena ke li bua lefatšeng.”+ 27  Ba ne ba sa utloisise hore o bua ka Ntate oa hae ea leholimong. 28  Jesu a re: “Hang ka mor’a hore le fanyehe Mor’a motho,+ le tla tseba hore ’na ke eena+ le hore ha ke etse letho leo ke iqapetseng lona,+ ke bua lintho tseo ke li rutiloeng ke Ntate. 29  Ea nthomileng o na le ’na. Ha aa ntahla hobane kamehla ke etsa lintho tse mo thabisang.”+ 30  Ha a ntse a bua lintho tsena, batho ba bangata ba lumela ho eena. 31  Eaba Jesu o re ho Bajuda ba lumetseng ho eena: “Haeba le lula le mamela lithuto tsa ka, ehlile le barutuoa ba ka. 32  Le tla tseba ’nete+ ’me ’nete e tla le lokolla.”+ 33  Ba re: “Re bana ba Abrahama ebile ha re e-s’o be makhoba a motho. U bolela’ng ha u re re tla lokoloha?” 34  Jesu a re: “Kea le tiisetsa hore bohle ba etsang sebe ke makhoba a sona.+ 35  Hape lekhoba ha le lule ka lapeng ka ho sa feleng, mora ke eena ea lulang ka ho sa feleng. 36  Haeba Mora a le lokolla, le tla fela le lokolohe. 37  Kea tseba hore le bana ba Abrahama empa le batla ho mpolaea hobane ha le lumele lithuto tsa ka. 38  Ke bua lintho tseo ke ithutileng tsona ho Ntate+ empa lona le etsa lintho tseo le li utloileng ho ntate oa lona.” 39  Ba re ho eena: “Ntate oa rona ke Abrahama.” Jesu a re ho bona: “Hoja le ne le le bana ba Abrahama,+ le ka be le mo etsisa. 40  Empa joale le batla ho mpolaea, ’na ea le boleletseng ’nete eo ke e utloileng ho Molimo.+ Abrahama ha aa ka a etsa joalo. 41  Lona le etsisa ntate oa lona.” Ba re ho eena: “Ha re bana ba matšeo,* re na le Ntate a le mong e leng Molimo.” 42  Jesu a re ho bona: “Hoja Molimo e ne e le Ntate oa lona, le ka be le nthata+ hobane ke ’na enoa ke tsoa ho eena. Ha kea itlisa, ke ronngoe ke Molimo.+ 43  Ha le nkutloisise hobane ha lea ikemisetsa ho ’mamela. 44  Le tsoa ho ntate oa lona Diabolose ebile le batla ho mo thabisa.+ E bile ’molai ho tloha qalong+ ’me o ile a lahla ’nete hobane ha a e rate. O bua leshano hobane ke mokhoa oa hae, o leshano ebile ke ntate oa leshano.+ 45  Kaha ’na ke bua ’nete, ha le nkholoe. 46  Ke mang ho lona ea ka pakang hore ke entse sebe? Haeba ke bua ’nete, hobane’ng ha le sa nkholoe? 47  Bana ba Molimo baa mo mamela.+ Kaha lona ha le tsoe ho Molimo, ha le mamele.”+ 48  Bajuda ba re ho eena: “Na ha re nepe ha re re u Mosamaria+ ebile u na le modemona?”+ 49  Jesu a re: “Ha ke na modemona, ke hlompha Ntate empa lona ha le ntlhomphe. 50  Ha ke ipatlele thoriso,+ Molimo ke eena ea batlang hore ke rorisoe ’me ke eena moahloli. 51  Kea le tiisetsa hore ea ’mamelang a ke ke a shoa.”+ 52  Bajuda ba re ho eena: “Joale rea tseba hore ehlile u na le modemona. Abrahama o ile a shoa le baprofeta ba shoele. Joale uena u re motho ea u mamelang a ke ke a shoa? 53  Na u inka u le moholo ho ntate oa rona Abrahama ea ileng a shoa? Le baprofeta ba ile ba shoa. Joale uena u nahana hore u mang?” 54  Jesu a re: “Haeba ke itlotlisa, thoriso ea ka ha se letho. Ke Ntate ea ntlotlisang,+ eena eo le reng ke Molimo oa lona. 55  ’Na kea mo tseba,+ lona ha le mo tsebe.+ Hoja ke itse ha ke mo tsebe, ke ne ke tla be ke le leshano joaloka lona. Empa ehlile kea mo tseba ebile kea mo mamela. 56  Ntate oa lona Abrahama o ne a lebeletse letsatsi leo ke tla tla ka lona. O ile a le bona eaba oa thaba.”+ 57  Bajuda ba re ho eena: “Ha u e-s’o be le lilemo li 50 empa u re u bone Abrahama?” 58  Jesu a re ho bona: “Kea le tiisetsa hore ke bile teng pele Abrahama a e-ba teng.”+ 59  Ba thonaka majoe hore ba mo betse ka ’ona empa a ipata eaba o tsoa ka tempeleng.

Linaletsana

Ke bana ba hlahileng batsoali ba bona ba sa nyalana. Ka Segerike ke por·nei′a. Sheba Tlhaloso.