Kosepele ea Johanne 18:1-40

  • Judase o rekisa Jesu (1-9)

  • Petrose o sebelisa sabole (10, 11)

  • Anase o botsa Jesu lipotso (12-14)

  • Petrose o latola Jesu ka lekhetlo la pele (15-18)

  • Jesu o hlaha ka pel’a Anase (19-24)

  • Petrose o latola Jesu ka lekhetlo la bobeli le la boraro (25-27)

  • Jesu o hlaha ka pel’a Pilato (28-40)

    • “’Muso oa ka ha se oa lefatše lena” (36)

18  Ha Jesu a qeta ho bua lintho tsena, a ea ka nģ’ane ho Phula ea Kidrone*+ le barutuoa ba hae moo ho neng ho e-na le serapa. A kena serapeng seo le barutuoa ba hae.+  Le Judase ea neng a mo rekisitse* o ne a tseba sebaka seo hobane Jesu o ne a atisa ho ea moo le barutuoa ba hae.  Judase a tla le masole le balebeli ba tsoang ho baprista ba baholo le Bafarisi ba nkile mabone le libetsa.+  Kaha Jesu o ne a tseba lintho tsohle tse tl’o mo hlahela, a ba atamela a re: “Le batla mang?”  Ba re: “Re batla Jesu oa Monazaretha.”+ A re ho bona: “Ke ’na enoa.” Judase ea neng a mo rekisitse* o ne a e-na le bona.+  Eitse ha Jesu a re ho bona: “Ke ’na enoa,” ba chechela morao, ba oela fatše.+  A ba botsa hape a re: “Le batla mang?” Ba re: “Jesu oa Monazaretha.”  Jesu a re: “Ke le boleletse hore ke ’na enoa. Haeba le batla ’na, tlohelang banna bana.”  O ne a cho joalo ho phethahatsa mantsoe a hae a reng: “Ho bao u mphileng bona ha hoa lahleha le ea mong.”+ 10  Kaha Simone Petrose o ne a nkile sabole, a e tsomula a hlatha lekhoba la moprista ea phahameng ka eona, a le khaola tsebe e tona.+ Lebitso la lekhoba leo e ne e le Malkuse. 11  Empa Jesu a re ho Petrose: “Khutlisetsa sabole selateng.+ Ke lokela ho noa senoelo seo Ntate a mphileng sona.”+ 12  Eaba sehlopha sa masole, mookameli oa sesole le balebeli ba tsoang ho Bajuda ba tšoara Jesu ’me ba mo fasa matsoho. 13  Ba mo isa ho Anase pele kaha e ne e le ntate oa mosali oa Kaifase.+ Kaifase e ne e le eena moprista ea phahameng selemong seo.+ 14  Kaifase ke eena ea ileng a eletsa Bajuda hore ho ne ho le molemong oa bona hore motho a le mong a shoele sechaba.+ 15  Simone Petrose a latela Jesu a e-na le morutuoa e mong.+ Kaha moprista ea phahameng o ne a tseba morutuoa eo, morutuoa eo a kena le Jesu lebaleng la moprista ea phahameng. 16  Petrose eena o ne a eme ka ntle monyako. Morutuoa eo ea tsejoang ke moprista ea phahameng a tsoa a bua le ngoanana ea lebelang monyako eaba Petrose o lumelloa ho kena. 17  Joale ngoanana eo a re ho Petrose: “Na ha u e mong oa barutuoa ba monna eo?” A re: “Ha ke eena.”+ 18  Kaha ho ne ho bata, makhoba le balebeli ba ne ba orile mollo oa mashala. Petrose o ne a orile mollo oo le bona. 19  E mong oa baprista ba baholo a hloma Jesu lipotso ka barutuoa ba hae le ka lithuto tsa hae. 20  Jesu a re: “Ke rutile moo batho bohle ba mametseng. Ke ne ke ruta ka matlung a thapelo* le ka tempeleng,+ moo Bajuda kaofela ba phuthehang, ho se letho leo ke le buelang lekunutung. 21  Ke hobane’ng ha u ntlhoma lipotso? Botsa batho bao ke neng ke ba ruta hobane ke bona ba tsebang lithuto tsa ka.” 22  E mong oa balebeli a otla Jesu+ lerameng eaba o re: “Ke eona tsela ea ho araba moprista e moholo ee?” 23  Jesu a re ho eena: “Haeba ke buile hampe, mpolelle hore na ke buile hampe kae. Haeba ke nepile, u nkotlela’ng?” 24  Anase a re Jesu a isoe ho moprista ea phahameng Kaifase a ntse a fasitsoe matsoho.+ 25  Ha Simone Petrose a ntse a orile mollo, ba re ho eena: “Na ha u e mong oa barutuoa ba hae?” A latola a re: “Ha ke eena.”+ 26  E mong oa makhoba a moprista ea phahameng, ea amanang le monna eo Petrose a ileng a mo khaola tsebe+ a re: “Ke u bone serapeng u e-na le eena.” 27  Empa Petrose a latola hape. Hang ha a qeta ho latola, mokoko oa lla.+ 28  Ba mo tlosa ha Kaifase ba mo isa ntlong ea ’musisi.+ Ha ba fihla moo, ha baa ka ba kena ka tlung hobane ba sa batle ho silafala+ e le hore ba tle ba je lijo tsa Paseka. 29  Pilato a tla ho bona ka ntle ’me a re: “Le qosa monna eo ka’ng?” 30  Ba re ho eena: “Re ka be re sa tlisa monna enoa ho uena hoja e ne e se setlokotsebe.”* 31  Pilato a re ho bona: “Ikahloleleng eena ka molao oa lona.”+ Bajuda ba re: “Molao ha o re lumelle ho bolaea motho.”+ 32  E ne e le hore ho phethahale boprofeta ba Jesu ha a ne a bolela hore na o tla shoa joang.+ 33  Pilato a khutlela ka tlung, a bitsa Jesu a re ho eena: “Na u Morena oa Bajuda?”+ 34  Jesu a re: “Na u botsa hobane u nahana joalo kapa hobane u utloile batho ba bang ba cho?” 35  Pilato a re: “’Na ha ke Mojuda. Ke batho ba heno le baprista ba baholo ba u tlisitseng ho ’na. U entse’ng?” 36  Jesu a re:+ “’Muso oa ka ha se oa lefatše lena.+ Hoja e ne e le oa lefatše lena, bahlanka ba ka ba ka be ba loanne e le hore Bajuda ba se ke ba ntšoara.+ Empa ’Muso oa ka ha se oa lefatše lena.” 37  Pilato a re ho eena: “U bolela hore u morena?” Jesu a re: “E, ke eena.*+ Ke tletse lefatšeng ho tla pakela ’nete.+ Batho bohle ba ratang ’nete baa ’mamela.” 38  Pilato a re: “’Nete ke eng?” Ka mor’a ho cho joalo, a khutlela ho Bajuda ka ntle a re ho bona: “Ke mo fumane a se molato.+ 39  Le tloaetse ho re ke le lokollele motho ka Paseka.+ Na ha le batle hore ke le lokollele Morena oa Bajuda?” 40  Ba hoeletsa ba re: “Lokolla Barabase eseng monna enoa!” Barabase e ne e le lesholu.+

Linaletsana

Kapa: “molapo o phoroselang oa mariha oa Kidrone.”
Kapa: “ekile.”
Kapa: “ekile.”
Ka Segerike: “lisinagogeng.”
Kapa: “hoja o ne a sa tlola molao.”
Ka Segerike: “Ke uena ea chong.” Ke mokhabo-puo o bontšang ho lumela.