Lengolo le Eang ho Bakolose 1:1-29

  • Litumeliso (1, 2)

  • Pauluse o leboha Bakolose ka lebaka la tumelo ea bona (3-8)

  • Pauluse o rapella hore ba be le tsebo e ngata ka Molimo (9-12)

  • Mosebetsi oa bohlokoa oa Kreste (13-23)

  • Pauluse o sebeletsa phutheho ka thata (24-29)

1  ’Na Pauluse, eo ke bileng moapostola oa Kreste Jesu ka thato ea Molimo, le Timothea+ ngoan’abo rona,  re ngolla bahalaleli le bana ba bo rona ba tšepahalang bao e leng barutuoa ba Kreste ba leng Kolose: E se eka Molimo Ntate oa rona a ka ba mosa* ho lona le ho le fa khotso.  Kamehla re leboha Molimo Ntate oa Morena oa rona Jesu Kreste ha re le rapella  hobane re utloile hore le lumela ho Kreste Jesu ebile le rata balumeli-’moho le lona*  ka lebaka la moputso oo le o behetsoeng leholimong.+ Le ile la utloa ka moputso oo ha le ne le bolelloa molaetsa oa ’nete oa litaba tse monate  tseo le ileng la li utloa. Joalokaha litaba tse monate li eketseha ebile li fihla lefatšeng lohle,+ ke sona se ntseng se etsahala ho lona ho tloha mohla le neng le utloa ’me le tseba ’nete ka mosa oa Molimo.  Le ithutile lintho tsena ho Epafrase,+ mohlanka-’moho le rona ea ratehang. Mosebeletsi eo ea tšepahalang oa Kreste o etsa mosebetsi oo re ka beng re o etsa.  Hape o re boleletse hore moea o halalelang o le thusa ho ba lerato.  Ho tloha mohla re neng re utloa ka lerato le tumelo ea lona, re ile ra lula re le rapella+ hore le be le tsebo e ngata e nepahetseng+ ka thato ea Molimo le bohlale le hore moea oa Molimo o le thuse ho ba le kutloisiso.+ 10  Tsela eo le phelang ka eona e lokela ho thabisa Jehova* ebile le lokela ho etsa lintho tse molemo le be le eketse tsebo ea lona e nepahetseng ka Molimo.+ 11  E se eka Molimo a ka le matlafatsa ka matla a hae a maholo,+ e le hore le tle le mamelle lintho tsohle le tiiselitse ebile le thabile. 12  Le ntse le leboha Ntate, ea entseng hore le tšoanelehe ho amohela lefa la bahalaleli+ ba leseling. 13  O re ntšitse lefifing*+ a re isa ’musong oa Mora oa hae eo a mo ratang, 14  ea ileng a re lefella e le hore re lopolloe libeng, e leng se bolelang hore libe tsa rona li tšoaretsoe.+ 15  Mora enoa o tšoana* le Molimo ea sa bonahaleng+ ebile ke letsibolo la popo eohle+ 16  hobane lintho tse ling tsohle tse leholimong le lefatšeng li ile tsa boptjoa ho sebelisoa eena, lintho tse bonahalang le tse sa bonahaleng,+ ho sa tsotellehe hore na ke literone, borena, mebuso kapa balaoli. Lintho tse ling tsohle li bopiloe ka eena+ ebile li bopetsoe eena. 17  Hape, o bile teng pele ho lintho tse ling tsohle.+ Ho ile ha sebelisoa eena ho bopa lintho tse ling tsohle tse teng 18  ebile ke hlooho ea ’mele, e leng phutheho.+ Ke qalo ea lintho tsohle. Ke letsibolo, e leng oa pele ea ileng a tsosoa bafung+ e le hore e ka ba eena oa pele linthong tsohle 19  hobane Molimo o ne a batla hore makhabane ’ohle a hae a be ho Kreste+ 20  le hore Kreste a etse hore lintho tsohle tse ling, ebang ke tse leholimong kapa tse lefatšeng, li boelane le eena hape+ e le hore ho be le khotso ka lebaka la mali+ ao a ileng a a tšolla palong.* 21  Le kile la ba hole le Molimo ebile le le lira tsa hae hobane le ne le lula le nahana ka liketso tse mpe. 22  Molimo o entse hore le boelane le eena a sebelisa ’mele oa Mora oa hae ea ileng a shoa hore a le tlise ka pel’a hae le halalela, le se na molato ebile ho se na letho leo le ka qosoang ka lona.+ 23  Leha ho le joalo, le lule le e-na le tumelo,+ le tsitsitse motheong,+ le tiile,+ le sa lahle tšepo eo le e fumaneng ha le ne le utloa litaba tse monate tse ileng tsa boleloa lefatšeng lohle.+ ’Na Pauluse, ke khethiloe hore ke bolele litaba tsena tse monate.+ 24  Ke thabela ho sotloa molemong oa lona.+ Kaha ke karolo ea ’mele oa Kreste, ke ikemiselitse ho lula ke sotloa. Ke sotloa tjena molemong oa ’mele oa Kreste,+ e leng phutheho.+ 25  Ke bile mosebeletsi phuthehong ena ho latela boikarabelo+ boo Molimo a mphileng bona molemong oa lona. O nkhethile hore ke bolele lentsoe la hae ka botlalo 26  e leng lekunutu le halalelang+ le neng le patiloe ho tloha mehleng ea khale*+ le ho tloha melokong e fetileng. Empa hona joale le senoletsoe bahlanka ba hae.*+ 27  Molimo o tsebisitse lichaba tse ling lekunutu lena le halalelang le nang le maruo a mangata a khanyang.+ Lekunutu lena le halalelang ke Kreste ea momahaneng le lona e leng se bolelang hore le na le tšepo ea ho tlotlisoa le eena.+ 28  Ke eena eo re buang ka eena. Re eletsa batho bohle ka eena ebile re ba ruta bohlale bohle ka eena hore motho e mong le e mong a tle a eme ka pel’a Molimo e le molateli oa Kreste+ ea nang le tumelo e matla. 29  Ke sebetsa ka thata hore ke etse seo ebile kea ikitlaetsa ka thuso ea matla ao a mphang ’ona.+

Linaletsana

Ka Segerike: “bahalaleli.”
Ka Segerike: “A re pholosa taolong ea lefifi.”
Kapa: “ke setšoantšo sa.”
Kapa: “palong eo batho ba hlokofatsoang ho eona.” Sheba Tlhaloso ea Palo.
Ka Segerike: “ho tloha litsamaisong tsa lintho tse fetileng.” Sheba Tlhaloso.
Ka Segerike: “bahalaleli.”