Diproverbia 20:1-30

  • Veine e tla o tshehisa ka batho (1)

  • Ya botswa ha a leme mariha (4)

  • Menahano ya motho e jwalo ka metsi a tebileng (5)

  • Ke bowatla ho etsa boitlamo ka lepotlapotla (25)

  • Botle ba bahlankana ke matla a bona (29)

20  Veine e tla o tshehisa ka batho,+ jwala bo morusu.+ Mang kapa mang ya kgeloswang ke tsona ha a bohlale.+   Tshabo eo morena a e bakang e tshwana le e bakwang ke ho rora ha tau.*+ Mang kapa mang ya mo halefisang o beha bophelo ba hae kotsing.+   Ke ntho e hlomphehang hore motho a qobe ho pheha kgang+Empa lewatla le leng le le leng le rata ho pheha kgang.+   Ya botswa ha a leme mariha,Ka hoo, e tla ba mokopakopa nakong ya kotulo ha a se na letho.*+   Merero* e ka pelong ya motho e jwalo ka metsi a tebilengEmpa motho ya nang le temoho o a e kga.   Batho ba bangata ba ithorisa ka hore ba leratoEmpa ke mang ya ka fumanang motho ya tshepahalang?   Ya lokileng o phela ka botshepehi.+ Ho thaba bana* ba hae.+   Ha morena a dula teroneng ya hae hore a ahlole,+Mahlo a hae a lemoha* bokgopo bohle.+   Ke mang ya ka reng: “Ke hlwekisitse pelo ya ka,+Ke hlwekile, ha ke na sebe”?+ 10  Dikala tsa ho bekga tse qhekellang le ditekanyo tse sa nepahalang,*Ka bobedi ba tsona Jehova o a di nyonya.+ 11  Esita le ngwana* o tsebahala ka diketso tsa haeHore na boitshwaro ba hae bo hlwekile ebile bo lokile.+ 12  Tsebe e utlwang le leihlo le bonang,Jehova o di entse ka bobedi ba tsona.+ 13  O se ke wa rata boroko, ho seng jwalo o tla futsaneha.+ Tsoha e le hore o be le dijo tse ngata.+ 14  Moreki o re: “Ntho ena e mpe, e mpe!” Ka mora moo o a tsamaya ebe jwale o a ithorisa.+ 15  Ho na le kgauta le dikorale* tse ngataEmpa dipuo tsa ya bohlale di bohlokwa ho di feta.+ 16  Nka seaparo sa motho haeba a itlamme hore o tla patala sekoloto sa motho e mong.+ Haeba a itlamme hore o tla patala sekoloto sa mosadi ya boitshwaro bo bobe,* o behe thepa ya hae paneng.+ 17  Bohobe bo fumanweng ka bolotsana bo monateEmpa ka mora moo, motho o tla tlala lehlabathe ka hanong.+ 18  Merero e tla atleha* ha ho buisanwa.*+ O lwane ntwa ya hao ka tataiso e bohlale.+ 19  Motho ya ratang ho senya ba bang lebitso o tsamaya a ntsha makunutu.+ O se ke wa ba motswalle wa motho ya ratang ho seba.* 20  Mang kapa mang ya rohakang mme wa hae le ntate wa hae,Lebone la hae le tla tingwa ha ho eba lefifi.+ 21  Ha motho a fumana maruo* ka meharo,A ke ke a thaba* qetellong.+ 22  O se ke wa re: “Ke tla iphetetsa.”+ Tshepa Jehova+ mme o tla o pholosa.+ 23  Jehova o nyonya ditekanyo tse sa nepahalang,*Dikala tse qhekellang ha di a loka. 24  Mehato ya motho e laolwa ke Jehova.+ Motho a ke ke a utlwisisa tsela eo a lokelang ho e nka.* 25  Ke leraba hore motho a itlame ka lepotlapotla hore o tla fa Modimo mpho+Ebe ka mora moo, ke hona a nahanisisang ka boitlamo boo a bo entseng.+ 26  Feela jwalo ka ha ditlhoka di arolwa ho koro,*+Morena ya bohlale o tlosa batho ba kgopo.+ 27  Dintho tseo motho a di buang di* tshwana le lebone la Jehova,Le ntseng le mo hlahloba ka harehare. 28  Lerato le botshepehi di sireletsa morena.+ O tshehetsa terone ya hae ka lerato.+ 29  Botle ba bahlankana ke matla a bona+Mme bokgabane ba maqheku ke moriri o moputswa.+ 30  Maqeba le matetetso a phekola* bokgopo,+Thupa e hlwekisa pelo ya motho.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “tawana e moetse.”
Kapa mohlomong: “O tla batla nakong ya kotulo empa a ke ke a fumana letho.”
Kapa: “Menahano.”
Ka Seheberu: “bara.”
Kapa: “a sefa.”
Kapa: “Majwe a mabedi a ho bekga a boima bo fapaneng le dinkgo tse pedi tsa ho bekga tse sa lekaneng.”
Kapa: “moshanyana.”
Kapa: “wa moditjhaba.”
Kapa: “e tla tiiswa.”
Kapa: “ha ho eletsanwa.”
Kapa: “ho eka ka molomo wa hae.”
Ka Seheberu: “lefa.”
Kapa: “Modimo a ke ke a mo hlohonolofatsa.”
Kapa: “majwe a mabedi a ho bekga a boima bo fapaneng.”
Kapa: “tsela ya hae.”
Ka Seheberu: “dijothollo.”
Ka Seheberu: “Phefumoloho ya motho e.”
Kapa: “hlwekisa.”