Feta

Morero wa Bophelo ke Ofe?

Morero wa Bophelo ke Ofe?

Karabo ya Bibele

 Potso e mabapi le morero wa bophelo e ka botswa ka ditsela tse ngata, tse kang Ke hobaneng ha re le moo lefatsheng? kapa Na bophelo ba ka bo na le morero? Bibele e bontsha hore morero wa rona bophelong ke ho sebeletsa ho ba metswalle ya Modimo. Nahana ka tse ding tsa dinnete tsa bohlokwa tseo Bibele e di senolang.

  •   Modimo ke Mmopi wa rona. Bibele e re: “Ke [Modimo] ya re entseng, eseng rona.”​—Pesaleme ya 100:3; Tšenolo 4:11.

  •   Modimo o na le morero ka dintho tsohle tseo a di bopileng, ho akarelletsa le rona.​—Esaia 45:18.

  •   Modimo o re bopile re e na le “tlhoko ya moya,” e akarelletsang takatso ya ho batla ho fumana morero bophelong. (Matheu 5:3) O batla hore re kgotsofatse takatso eo.​—Pesaleme ya 145:16.

  •   Re kgotsofatsa tlhoko ya rona ya moya ka ho sebeletsa ho ba metswalle ya Modimo. Le hoja ba bang ba ka nna ba bona eka ho ke ke ha kgoneha hore re be metswalle ya Modimo, Bibele e re kgothatsa ka mantswe ana: “Atamelang ho Modimo mme o tla atamela ho lona.”​—Jakobo 4:8; 2:23.

  •   E le hore re be metswalle ya Modimo, re lokela ho phela ka tsela e dumellanang le seo a re reretseng sona. Bibele e bolela morero wa hae ho Moeklesia 12:13 e reng: “Hlompha Modimo, mme o phethe ditaelo tsa hae, hobane ke sona seo re bopetsweng sona.”​—Good News Translation.

  •   Nakong e tlang, ha Modimo a fedisa mahlomola mme a fa metswalle ya hae e mo sebeletsang bophelo bo sa feleng, re tla rua molemo o felletseng ho seo a neng a re reretse sona ho tloha tshimolohong.​—Pesaleme ya 37:10, 11.