Kosepele ya Matheu 24:1-51

  • LETSHWAO LA HORE KRESTE O TENG (1-51)

    • Dintwa, tlala, ditshisinyeho tsa lefatshe (7)

    • Ditaba tse monate di tla bolelwa (14)

    • Mahlomola a maholo (21, 22)

    • Pontsho ya Mora motho (30)

    • Sefate sa feie (32-34)

    • Ho tla tshwana le mehleng ya Noe (37-39)

    • Le dule le fadimehile (42-44)

    • Mohlanka ya tshepahalang le mohlanka ya kgopo (45-51)

24  Ha Jesu a tsamaya a tloha tempeleng, barutuwa ba hae ba atamela ba mo supisa mehaho ya yona.  A re ho bona: “Na le a e bona mehaho ee kaofela? Ka nnete ke re ho lona, majwe ohle a teng mona a tla heletswa. Ha ho lejwe le tla sala hodima le leng.”+  Ha Jesu a ntse a dutse Thabeng ya Mehlwaare, barutuwa ba tla ho yena moo ba leng bang ba re: “Re bolelle, dintho tsee di tla etsahala neng? Hona re tla bona kang hore o teng*+ le hore lefatshe lee* le a fela?”+  Jesu a re ho bona: “Itlhokomeleng hore ho se ke ha eba le motho ya le kgelosang+  ka ha ba bangata ba tla tla ka lebitso la ka ba re: ‘Ke nna Kreste’ ebe ba kgelosa ba bangata.+  Le tla utlwela ka dintwa le ditlaleho tsa dintwa, le ha ho le jwalo, le se ke la tshoha. Dintho tsena di tla etsahala empa ha e eso be bofelo.+  Ditjhaba di tla lwantshana le mebuso e hlaselane.+ Ho tla ba le tlala+ le ditshisinyeho tsa lefatshe sebakeng se seng ka mora se seng.+  Dintho tsena tsohle ke qalo feela ya tlokotsi.  Ka nako eo, batho ba tla fana ka lona hore le hloriswe+ ebile ba tla le bolaya.+ Ditjhaba tsohle di tla le hloya ka lebaka la lebitso la ka.+ 10  Hape ba bangata ba tla suthela hole le Modimo mme ba tla fetohelana le ho hloyana. 11  Ho tla hlaha baprofeta ba bangata ba bohata ebe ba kgelosa batho ba bangata.+ 12  Batho ba bangata ha ba sa tla ratana ka lebaka la ho ata ha tlolo ya molao. 13  Empa ya mameletseng ho fihlela qetellong ke yena ya tla pholoha.+ 14  Ditaba tse monate tsa Mmuso di tla bolelwa lefatsheng lohle hore batho ba ditjhaba tsohle+ ba di utlwe* ebe ke hona bofelo bo tlang. 15  Ka hona, ha le bona ntho e nyonyehang le e senyang e le sebakeng se halalelang jwalo ka ha moprofeta Daniele a boletse,+ (ya balang boprofeta boo a bo utlwisise hantle) 16  ba leng Judea ba balehele dithabeng.+ 17  Monna ya ka hodima ntlo a se ke a theoha ebe o kena ka tlung ya hae ho ya nka ntho le ha e le efe 18  le ya tshimong a se ke a kgutla ho ya nka seaparo sa hae. 19  Matsatsing ao, baimana le batswetse ba tla ba madimabe. 20  Le nne le rapelle hore le se ke la tlameha ho baleha e le mariha kapa ka Sabatha 21  ka ha nakong eo, ho tla ba le mahlomola a maholo.+ A kang ona ha a eso be teng ho tloha ha lefatshe le thehwa ho fihlela jwale ebile ha a sa tla ba teng.+ 22  Ha e le hantle, ho ne ho se motho ya ka pholohang hoja matsatsi ao a se ke a fokotswa. Empa a tla fokotswa ka lebaka la bakgethwa.+ 23  Haeba mang kapa mang a re ho lona: ‘Bonang, Kreste ke enwa!’+ kapa, ‘Ke yane!’ le se ke la mo kgolwa.+ 24  Etswe ho tla hlaha bo Kreste le baprofeta ba bohata+ mme ba tla etsa mehlolo e mengata e meholo hore haeba ho kgoneha ba kgelose+ esita le bakgethwa. 25  Le tle le hopole hore ke ile ka le lemosa. 26  Ka hoo, haeba batho ba re ho lona: ‘O lefeelleng!’ le se ke la ya, kapa ba re: ‘O ka dikamoreng!’ le se ke la ba kgolwa.+ 27  Ha lehadima le benya ka botjhabela le bonahala le ka bophirimela. Le ha Mora motho a eba teng* ho tla ba jwalo.+ 28  Hohle moo ho nang le setopo, dintsu di tla bokana teng.+ 29  Hanghang ka mora mahlomola a matsatsi ao, letsatsi le tla fifala,+ kgwedi e ke ke ya kganya, dinaledi di tla wa lehodimong le dintho tse mahodimong di tla sisinyeha.+ 30  Pontsho ya Mora motho e tla bonahala lehodimong. Ditjhaba tsohle* tsa lefatshe di tla lla+ mme di tla bona Mora motho+ a tla ka maru,* matla le kganya e kgolo.+ 31  Terompeta e tla llela hodimo ebe Mora motho o romela mangeloi a hae. A tla bokella bakgethwa ba hae ho tswa dikgutlong tse nne tsa lefatshe,* ho tloha pheletsong e nngwe ya mahodimo ho ya ho e nngwe.+ 32  Ithuteng ka mohlala wa sefate sa feie.* Hang feela ha lekala la sona le lenyenyane le nolofala mme le hlahisa makgasi, le a tseba hore lehlabula le haufi.+ 33  Ka tsela e tshwanang le lona ha le bona dintho tsena tsohle, le tsebe hore o haufi, o eme menyako.+ 34  Ka nnete ke a le bolella hore dintho tsena tsohle di tla etsahala pele moloko ona o fela. 35  Lehodimo le lefatshe di tla nyamela empa mantswe a ka ona a tla ba teng ho ya ho ile.+ 36  Ha ho ya tsebang letsatsi leo kapa hora.+ Mangeloi a mahodimong ha a le tsebe le Mora ha a le tsebe, ke Ntate feela ya le tsebang.+ 37  Ha Mora motho a eba teng,* ho tla tshwana le mehleng ya Noe.+ 38  Etswe mehleng eo pele ho Morwallo, batho ba ne ba ja, ba nwa, banna ba nyala le basadi ba nyadiswa, ho fihlela letsatsing leo Noe a ileng a kena ka arekeng ka lona.+ 39  Ha ba a ka ba elellwa ho fihlela Morwallo o fihla, o ba hohola kaofela.+ Ho tla ba jwalo ha Mora motho a eba teng. 40  Mohlang oo banna ba babedi ba tla be ba le tshimong, e mong o tla nkwa, e mong a siuwe. 41  Basadi ba babedi ba tla be ba sila lelwaleng, e mong o tla nkwa, e mong a siuwe.+ 42  Ka hoo, le dule le fadimehile hobane ha le tsebe hore na Morena wa lona o tla ka letsatsi lefe.+ 43  Empa hopolang hore haeba monga ntlo a ne a tsebile hore na leshodu le tla fihla ka nako efe bosiu,*+ a ka be a ile a dula a fadimehile, a se ke a dumella hore ntlo ya hae e thuhuwe.+ 44  Ka hoo, le lona le itokise+ hobane Mora motho o tla tla mohla le sa mo lebellang. 45  Hantle ke mang mohlanka ya tshepahalang le ya bohlale eo monga hae a mo kgethileng hore a hlokomele bahlanka ba ntlo ya hae, a ba fe dijo tsa bona ka nako e tshwanetseng?+ 46  Mohlanka eo o tla thaba haeba monga hae a mo fumana a etsa jwalo.+ 47  Ka nnete ke a le bolella hore o tla mo kgetha hore a hlokomele dintho tsohle tsa hae. 48  Empa haeba mohlanka eo a le kgopo, o tla re ka pelong: ‘Mongaka o a dieha,’+ 49  ebe o otla bahlankammoho le yena, a je a be a nwe le ba tsebahalang e le matahwa. 50  Monga hae o tla tla ka letsatsi leo a sa le lebellang le ka hora eo a sa e lebellang.+ 51  O tla mo fa kotlo e boima ho feta tsohle ebe o mo beha hara baikaketsi. Ke hona moo a tla lla le ho tsikitlanya meno teng.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “mehla ee.” Sheba Tlhaloso.
Ka Segerike: “hore e be bopaki ho ditjhaba tsohle.”
Ka Segerike: “Maloko ohle.”
Ka Segerike: “maru a lehodimo.”
Ka Segerike: “meyeng e mene.”
Kapa: “feiga.”
Ka Segerike: “ka tebelo efe.”