Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA LESHOME LE METSO E ’MELI

O Ile a Tšelisoa ke Molimo oa Hae

O Ile a Tšelisoa ke Molimo oa Hae

1, 2. Ho ile ha etsahala’ng letsatsing la bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba Elia?

HA MARU a matšo a ntse a fifala le ho feta, Elia o ne a ntse a le tipatipa har’a pula. Jezriele, moo a neng a habile teng, ho ne ho sa le sebakanyana, le hona o ne a se a ile lilemong. Leha ho le joalo, ha aa ka a khathala ha a ntse a matha, etsoe “letsoho la Jehova” le ne le le holim’a hae. O ne a e-na le mokoka oo a qalang ho o utloa, hoo a ileng a feta sehlopha sa lipere tse neng li hula koloi ea Morena Akabe!—Bala 1 Marena 18:46.

2 Joale thota e ne e sa namme ka pel’a Elia. U se u ka inahanela feela ha a ntse a matha, a fahloa ke pula ’me a nahana ka se etsahetseng letsatsing leo la bohlokoa bophelong ba hae. Ha ho pelaelo hore eo e ne e bile tlhōlo ea Molimo oa Elia, Jehova, hammoho le ea borapeli ba ’nete. Thaba ea Karmele, eo ho eona Jehova a ileng a sebelisa Elia hore a hlōle borapeli ba Baale ka matla a maholo le ka tsela ea mohlolo, e ne e se e sa bonahale kaha e ne e se e le hōle ebile e koahetsoe ke maru a thibileng. Baprofeta ba Baale ba makholo ba ne ba pepesitsoe hore ke mamenemene a khopo ’me ho ne ho loketse hore ebe ba ile ba timetsoa. Ka mor’a moo, Elia o ile a rapela Jehova hore a felise komello e ileng ea ba naheng ka lilemo tse tharo le halofo. Pula e ile ea fela ea tšoloha!—1 Mar. 18:18-45.

3, 4. (a) Ke hobane’ng ha Elia a ne a nahana hore lintho li tla fetoha ha a ea Jezriele? (b) Re tla hlahloba lipotso life?

3 Ha Elia a ntse a qaputsa ka har’a metsi joalo lik’hilomithara tse 30 ho leba Jezriele, e ka ’na eaba o ne a nka hore ka sebele joale lintho li tla fetoha. Akabe o tla tlameha ho fetoha! Ka mor’a seo a se boneng, ruri o ne a se na boikhethelo haese feela hore a furalle borapeli ba Baale, a laole mofumahali oa hae, Jezebele, a be a khaotse ho hlorisa bahlanka ba Jehova.

“Elia . . . a matha ka pel’a Akabe ho ea fihla Jezriele”

4 Ka tlhaho ha lintho li bonahala li re tsamaela hantle, re ee re be le tšepo. Re ka ’na ra nahana hore boemo ba rōna ba bophelo bo tla ntlafala ha nako e ntse e feta, mohlomong ra ba ra nahana hore mathata a rōna a maholo a ile ka ’moho. Haeba Elia o ne a nahana joalo, seo ha se makatse kaha “e ne e le motho ea nang le maikutlo a joaloka a rōna.” (Jak. 5:17) Leha ho le joalo, ’nete ke hore mathata a Elia a ne a sa le hōle le ho fela. Ha e le hantle, ho e-s’o fete le lihora tse seng kae feela, Elia o ne a tla tšoha a be a tepelle maikutlong hoo a neng a tla lakatsa ho shoa. Ho ile ha etsahala’ng, hona Jehova o ile a thusa moprofeta eo oa hae joang hore tumelo ea hae e matlafale ’me a be sebete hape? A re boneng.

Ho Etsahala Ntho e sa Lebelloang

5. Na Akabe o ile a hlompha Jehova ka mor’a liketsahalo tse etsahetseng Thabeng ea Karmele, hona re tseba seo joang?

5 Ha Akabe a fihla ntlong ea hae ea borena Jezriele, na o ile a bontša hore o ne a fetohile? Bibele e re: “Akabe a bolella Jezebele tsohle tseo Elia a neng a li entse le tsohle tsa kamoo a bolaileng baprofeta bohle ka sabole.” (1 Mar. 19:1) Hlokomela hore ha Akabe a tlaleha se etsahetseng letsatsing leo, ha aa ka a bua ka Molimo oa Elia, Jehova. Akabe, eo e neng e le motho oa nama, o ile a nka liketsahalo tsa mohlolo tse etsahetseng letsatsing leo e le tse entsoeng ke motho—e le tseo “Elia a neng a li entse.” Ho hlakile hore ha aa ka a ithuta ho hlompha Jehova Molimo. Mosali oa hae ea tletseng boiphetetso eena o ile a itšoara joang?

6. Jezebele o ile a romella Elia molaetsa ofe, hona molaetsa oo o ne o bolela’ng?

6 Jezebele o ile a loloma ke bohale! O ile a rōmela molaetsa ona ho Elia a bela ’me a re: “E se eka melimo e ka etsa joalo, ’me e se eka e ka ekelletsa ho seo, haeba hosasane ka nako ena nke ke ka etsa hore moea oa hao o be joaloka oa e mong le e mong oa bona!” (1 Mar. 19:2) Mona Elia o ne a tšosoa ka tsela e mpe ka ho fetisisa ea hore o tla bolaoa. Ha e le hantle, Jezebele o ne a ikana hore eena ka boeena o tla shoa haeba letsatsi leo le ka feta Elia a e-s’o bolaoe e le ho iphetetsa ka baprofeta ba Baale. Nahana feela Elia a tsosoa borokong moo a neng a robetse teng ntlong ea boemo bo tlaase Jezriele, bosiung bona boo ba lipula—hore feela a utloe molaetsa oo o tšabehang o tsoang ho mofumahali. Seo se ile sa mo ama joang?

Oa Nyahama o Bile o Tlala Tšabo

7. Elia o ile a ikutloa joang ha a utloa litšoso tsa Jezebele?

7 Haeba Elia a ne a tšepile hore ntoa khahlanong le borapeli ba Baale e felile, o ile a soetseha habohloko nakong eo. Jezebele e ne e ntse e le eena eane oa maoba le maobane. Baprofeta ba bang ba bangata ba tšepahalang ba ne ba se ba bolailoe ka taelo ea hae ’me e ne eka Elia oa latela. Elia o ile a ikutloa joang ha a utloa litšoso tsa Jezebele? Bibele e re bolella hore o ile “a tšoha.” Na Elia o ile a qala ho nahana kamoo Jezebele a neng a tla mo bolaea ka sehlōhō kateng? Haeba o ile a lula a nahana ka seo, ha ho makatse hore ebe o ile qala ho tšoha. Leha ho le joalo, Elia o ile “a qala ho tsamaea hore a pholose moea oa hae”—o ile a baleha e le hore a sireletse bophelo ba hae.—1 Mar. 18:4; 19:3.

Haeba re batla ho lula re le sebete, ha rea lokela ho lumella likelello tsa rōna hore li lule li nahana ka lintho tse kotsi tse re tšosang

8. (a) Bothata ba Petrose bo ne bo tšoana le ba Elia joang? (b) Re ka ithuta’ng ho Elia le Petrose?

8 Elia hase eena feela motho ea tšepahalang ea kileng a apareloa ke tšabo. Hamorao, moapostola Petrose o ile a ba le bothata bo tšoanang. Ka mohlala, ha Jesu a ne a etsa hore Petrose a tsamaee metsing ho tla ho Eena, moapostola eo o ile a qala ho “sheba moea oa sefefo.” Ka mor’a moo, o ile a tšoha eaba o qala ho teba. (Bala Matheu 14:30.) Ka hona, mohlala oa Elia le oa Petrose o re ruta thuto ea bohlokoa. Haeba re batla ho lula re le sebete, ha rea lokela ho lumella likelello tsa rōna hore li lule li nahana ka lintho tse kotsi tse re tšosang. Re lokela ho lula re nahanne ka Mohloli o re fang tšepo le matla.

“Ho Lekane!”

9. Hlalosa leeto la Elia le hore na o ne a ikutloa joang ha a ntse a baleha.

9 A tšohile, Elia o ile a balehela Beerseba, motse o ka boroa-bophirimela, o bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 150, o pel’a moeli o ka boroa oa Juda. Ha a le moo, o ile a siea mohlokomeli oa hae eaba o leba lefeelleng a le mong. Tlaleho e re o ile a tsamaea “leeto la letsatsi,” ho bolelang hore mohlomong o ile a kena leetong ha letsatsi le chaba ’me e ka ’na eaba o ne a sa nka letho esita le lijo. A nyahame a bile a tšohile, o ile a tsamaea ka thata thoteng eo e mpe e neng e sa batalla, tlas’a letsatsi le bataolang. Qetellong ha letsatsi leo le bataolang le ea malikelong, Elia o ne a se a feletsoe ke matla. A khathetse, o ile a lula tlas’a sehlahla sa lefielo—e leng eona feela ntho e haufi eo a neng a ka itšireletsa tlas’a eona lehoatateng moo.—1 Mar. 19:4.

10, 11. (a) Seo Elia a ileng a se bua ha a rapela Jehova se ne se bolela’ng? (b) U sebelisa mangolo a bontšitsoeng, hlalosa tsela eo batho ba bang ba neng ba tšepahala ho Molimo ba ileng ba ikutloa ka eona ha ba utloile bohloko.

10 Elia o ile a rapela a imetsoe e le kannete. O ile a ikōpela ho shoa. O ile a re: “Ha ke molemo ho feta baholo-holo ba ka.” O ne a tseba hore baholo-holo ba hae e ne e se e le lerōle le masapo feela mabitleng, ba ne ba ke ke ba hlola ba e-ba le thuso ho mang kapa mang. (Moek. 9:10) Elia o ile a ikutloa a se na thuso feela joaloka baholo-holo ba hae ba shoeleng. Hase feela a ileng a lla, a re: “Ho lekane!” Ke sa phelela’ng?

11 Na re lokela ho makatsoa ke ho tseba hore mohlanka oa Molimo a ka nyahama hakaalo? Le hanyenyane. Bibele e re bolella ka banna le basali ba bangata ba tšepahalang ba ileng ba utloa bohloko hoo ba ileng ba lakatsa ho shoa—har’a bona ke Rebeka, Jakobo, Moshe le Jobo.—Gen. 25:22; 37:35; Num. 11:13-15; Jobo 14:13.

12. Haeba u ka iphumana u nyahame haholo, ke joang u ka latelang mohlala oa Elia?

12 Kajeno re phela ‘linakong tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona, ka hona, ha ho makatse hore ebe batho ba bangata, esita le bahlanka ba Molimo ba tšepahalang, baa nyahama ka linako tse ling. (2 Tim. 3:1) Haeba u iphumana u le boemong boo, latela mohlala oa Elia tabeng ena: Tšollela pelo ea hao ho Molimo. Etsoe Jehova ke “Molimo oa matšeliso ’ohle.” (Bala 2 Bakorinthe 1:3, 4.) Na o ile a tšelisa Elia?

Jehova o Ile a Matlafatsa Moprofeta oa Hae

13, 14. (a) Jehova o ile a bontša moprofeta oa Hae lerato joang a sebelisa lengeloi? (b) Ke hobane’ng ha e le ho tšelisang hore ebe Jehova o tseba lintho tsohle ka e mong le e mong oa rōna, ho akarelletsa le mefokolo ea rōna?

13 U nahana hore Jehova o ile a ikutloa joang ha a sheba lefatšeng a le leholimong ’me a bona moprofeta eo a mo ratang a robetse tlas’a sehlahla lefeelleng ’me a ikōpela ho shoa? Ha ho hlokahale hore re ingoaee hlooho. Ka mor’a hore Elia a khalehe, Jehova o ile a romela lengeloi. Lengeloi leo le ile la tsosa Elia ka ho mo sisinya habonolo ’me la re: “Tsoha, u je.” Elia o ile a etsa joalo, etsoe ka mosa lengeloi leo le ne le mo lokiselitse lijo tse bobebe—e leng bohobe bo ntseng bo chesa le metsi. Na o ile a leboha lengeloi leo? Tlaleho e re bolella feela hore moprofeta o ile a ja ’me a noa eaba o khutlela borokong. Na ebe o ne a nyahame hoo a neng a sitoa le ho bua? Ho sa tsotellehe hore na lebaka e ne e le lefe, lengeloi leo le ile la mo tsosa lekhetlo la bobeli, mohlomong ha mafube a hlaha. Le ile la boela la re ho Elia, “Tsoha, u je,” la ba la eketsa ka mantsoe ana a ikhethang, “etsoe leeto le boima bakeng sa hao.”—1 Mar. 19:5-7.

14 Ka lebaka la temohisiso eo le e fuoeng ke Molimo, lengeloi leo le ne le tseba hore na Elia o ea hokae. Le ne le boetse le tseba hore ho ke ke ha e-ba bonolo hore Elia a nke leeto leo ka matla a hae. Ho tšelisa hakaakang ho sebeletsa Molimo ea tsebang lintho tseo re labalabelang ho li etsa le mefokolo ea rōna ho re feta! (Bala Pesaleme ea 103:13, 14.) Lijo tseo li ile tsa thusa Elia joang?

15, 16. (a) Lijo tseo Jehova a ileng a li fa Elia li ile tsa etsa hore a khone ho etsa’ng? (b) Ke hobane’ng ha re lokela ho ananela tsela eo Jehova a matlafatsang bahlanka ba hae ka eona kajeno?

15 Re bala sena: “A tsoha eaba oa ja le ho noa, ’me a ’na a tsamaea ka matla a lijo tseo ka matsatsi a mashome a mane le masiu a mashome a mane ho ea fihla thabeng ea Molimo oa ’nete, Horebe.” (1 Mar. 19:8) Elia o ile a qeta matsatsi a 40 le masiu a 40 a sa je, e leng se ileng sa etsoa ke Moshe ea phetseng lilemo tse makholo a tšeletseng pele ho eena le Jesu ea phetseng lilemo tse ka bang sekete ka mor’a hae. (Ex. 34:28; Luka 4:1, 2) Lijo tseo ha lia ka tsa etsa hore mathata ’ohle a hae a fele, empa li ile tsa mo matlafatsa ka mohlolo. U se u ka inahanela feela monna eo ea seng a hōlile a tsamaea ka thata lefeelleng le bileng le se nang litsela, a etsa sena letsatsi le letsatsi, beke le beke ka nako e ka etsang khoeli le halofo!

16 Le kajeno Jehova o matlafatsa bahlanka ba hae, eseng ka lijo tsa mohlolo, empa ka tsela ea bohlokoa le ho feta. O fepa bahlanka ba hae moeeng. (Mat. 4:4) Ho ithuta ka Molimo ka ho bala Lentsoe la hae le libuka tse thehiloeng ka Bibeleng hoa re matlafatsa moeeng. Ho ja lijo tseo tsa moea ho ke ke ha felisa mathata a rōna kaofela, empa ho ka re thusa hore re mamelle le mathata ao ho bonahalang eka re ke ke ra khona ho a mamella. Hape, ho lebisa ‘bophelong bo sa feleng.’—Joh. 17:3.

17. Elia o ile a ea hokae, hona ke hobane’ng ha sebaka seo e ne e le sa bohlokoa?

17 Elia o ile a tsamaea lik’hilomithara tse ka bang 320 ho fihlela a fihla Thabeng ea Horebe. E ne e le sebaka sa bohlokoa haholo, hobane lilemong tse ngata tse fetileng, Jehova Molimo ka lengeloi la hae o ile a itlhahisa ho Moshe sehlahleng se tukang ’me hamorao ke hona moo Jehova a ileng a etsa selekane sa Molao le Baiseraele. Elia o ile a fumana moo a ka sunyang hlooho teng ka lehaheng.

Kamoo Jehova a Ileng a Tšelisa le ho Matlafatsa Moprofeta oa Hae

18, 19. (a) Lengeloi la Jehova le ile la botsa Elia potso efe, hona Elia o ile a araba joang? (b) Elia o ile a fana ka mabaka afe a mararo a hore na ke hobane’ng ha a ne a nyahame?

18 Ha a le Horebe, “lentsoe” la Jehova—leo ho bonahalang eka e ne e le lengeloi le romiloeng—le ile la mo botsa potso ena e bonolo: “U batla’ng mona, Elia?” Ho ka etsahala hore ebe potso eo e ne e botsitsoe ka mosa, kaha e ile ea etsa hore Elia a tšolle pelo ea hae ’me o ile a fela a etsa joalo! O ile a re: “Ke ’nile ka boulella Jehova Molimo oa mabotho ka ho feletseng; etsoe bara ba Iseraele ba tlohetse selekane sa hao, ba qhaqhile lialetare tsa hao, ’me ba bolaile baprofeta ba hao ka sabole, hoo ke setseng ke le mong; ba qala ho batla moea oa ka hore ba o tlose.” (1 Mar. 19:9, 10) Mantsoe ao a Elia a ile a fana ka mabaka a mararo a hore na ke hobane’ng ha a nyahame.

19 Lebaka la pele, Elia o ne a utloa eka mosebetsi oa hae e bile oa lefeela. Ho sa tsotellehe lilemo tse ngata tseo a li qetileng a “boulella Jehova . . . ka ho feletseng,” a beha lebitso la Molimo le halalelang le borapeli ba hae kapele ho tsohle, Elia o ne a bona eka maemo a mpefala le ho feta. Batho ba ne ba ntse ba se na tumelo ba bile ba tletse borabele, ha borapeli ba bohata bona bo ne bo ntse bo ja setsi. La bobeli, Elia o ne a ikutloa a se na mang oe! O ile a re: ‘Ke setse ke le mong,’ joalokaha eka sechabeng seo, e ne e le eena feela ea setseng a sebeletsa Jehova. La boraro, Elia o ne a tšohile. Ho ne ho se ho bolailoe baprofeta-’moho le eena ba bangata ’me o ne a kholisehile hore ho latela eena. E ka ’na eaba ho ne ho se bonolo hore Elia a lumele hore o na le maikutlo ao, empa ha aa ka a lumella boikhohomoso kapa lihlong hore li mo sitise ho bua. Ka ho tšollela pelo ea hae ho Molimo ka thapelo, o sietse batho bohle ba tšepahalang mohlala o motle.—Pes. 62:8.

20, 21. (a) Hlalosa seo Elia a ileng a se bona ha a le monyako oa lehaha Thabeng ea Horebe. (b) Elia o ile a ithuta’ng ha Jehova a bontša matla a hae?

20 Kaha Elia o ne a tšohile a bile a tšoenyehile, Jehova o ile a sebetsana joang boemo boo? Lengeloi le ile la bolella Elia hore a eme monyako oa lehaha. O ile a etsa joalo, a sa tsebe se tlil’o etsahala. Ho ile ha tsoha moea o matla! E tlameha ebe molumo oa oona o ne o thiba litsebe hobane o ne o le matla hoo o ileng oa petsola lithaba le mafika. Inahanele feela ha Elia a leka ho sireletsa mahlo a hae ha ka lehlakoreng le leng a mamaretse seaparo sa hae se itekanetseng sa boea, ha a ntse a puputloa ke moea. Joale o ile a loanela ho tsepamisa maoto fatše kaha ho ile ha qala ho ba le tšisinyeho ea lefatše! E ne e le moo a reng nk’hu! ha ho e-ba le mollo o moholo o ileng oa mo qobella hore a khutlele ka lehaheng ho ea ipatela lebatama la mollo.—1 Mar. 19:11, 12.

Jehova o ile a sebelisa matla a hae a hlollang ho tšelisa le ho khothatsa Elia

21 Ketsahalong ka ’ngoe, tlaleho e re bolella hore Jehova o ne a se har’a lintho tseo tse neng li bontša matla a tlhaho. Elia o ne a tseba hore Jehova hase molimo ea inahaneloang joaloka Baale eo barapeli ba hae ba thetsitsoeng ba neng ba mo bitsa “ea kaletseng maru,” kapa ea nesang pula. Jehova ke Mohloli oa sebele oa matla ’ohle a hlollang a tlhaho, empa hape o moholo haholo ho feta ntho leha e le efe eo a e entseng. Esita le maholimo ka booona a ke ke a mo lekana! (1 Mar. 8:27) Lintho tsee kaofela li ile tsa thusa Elia joang? Hopola hore o ne a tšohile. Empa kaha o ne a e-na le Jehova Molimo ka lehlakoreng la hae, Molimo ea neng a e-na le matla ao a maholohali, ho ne ho se na lebaka la hore Elia a tšohe Akabe le Jezebele!—Bala Pesaleme ea 118:6.

22. (a) “Lentsoe le bonolo, le tlaase” le ile la tiisetsa Elia joang hore e ntse e le motho oa bohlokoa haholo? (b) E ka ’na eaba “lentsoe le bonolo, le tlaase” le ne le tsoa ho mang? (Sheba mongolo o botlaaseng ba leqephe.)

22 Ka mor’a hore mollo o fete, ho ile ha e-ba le khutso e khōlō eaba Elia o utloa “lentsoe le bonolo, le tlaase.” Le ne le mo khothalletsa hore a tšolle pelo ea hae hape ’me o ile a fela a etsa joalo, a bua lintho tsohle tse mo tšoenyang ka lekhetlo la bobeli. * Mohlomong seo se ile sa etsa hore ka mor’a moo a utloe ho re kokololo! Leha ho le joalo, ha ho pelaelo hore Elia o ile a tšelisoa le ho feta ke seo “lentsoe le bonolo, le tlaase” le ileng la mo bolella sona ka mor’a moo. Jehova o ile a tiisetsa Elia hore ka sebele e ntse e le motho oa bohlokoa haholo. O ile a etsa seo joang? Molimo o ile a senola seo a rerileng ho se etsa nakong e tlang mabapi le ho loantša borapeli ba Baale Iseraele. Ho hlakile hore mosebetsi oa Elia e ne e sa ka ea e-ba oa lefeela kaha ho ne ho se letho le tla ema morero oa Molimo pele. Ho feta moo, Elia e ne e ntse e le karolo ea morero oo kaha Jehova o ile a mo khutlisetsa morao hore a e’o phetha litaelo tse itseng tse tobileng.—1 Mar. 19:12-17.

23. Jehova o ile a sebetsana le maikutlo a Elia a hore ha a na mang oe ka litsela life tse peli?

23 Ho thoe’ng ka maikutlo a Elia a hore ha a na mang oe? Jehova o ile a etsa lintho tse peli ka taba eo. Ea pele, o ile a bolella Elia hore a e’o tlotsa Elisha hore e be moprofeta eo qetellong a neng a tla mo hlahlama. Mohlankana eo e ne e tla ba mphato oa Elia le mothusi oa hae ka lilemo tse ngata. Ao e bile matšeliso a sebele hakaakang! Ea bobeli, Jehova o ile a senola litaba tsena tse thabisang: “Ke siile ba likete tse supileng Iseraele, mangole ’ohle a sa kang a khumamela Baale, le molomo o mong le o mong o sa kang oa mo aka.” (1 Mar. 19:18) Ho hang Elia o ne a sa sala a le mong. E tlameha ebe o ile a khothatsoa ke ho utloa hore ho na le batho ba tšepahalang ba likete ba hanneng ho rapela Baale. Ba ne ba lebeletse hore Elia a tsoele pele a tšepahala tšebeletsong ea hae, a ba behele mohlala o motle oa ho khomarela Jehova ka tieo linakong tseo tse mahlonoko. E tlameha ebe Elia o ile a ameha haholo ha a utloa mantsoe ao a Molimo oa hae a neng a buuoa ke lenģosa la Jehova ka “lentsoe le bonolo, le tlaase.”

Kajeno Bibele e ka ba “lentsoe le bonolo, le tlaase,” haeba re e lumella hore e re tataise

24, 25. (a) Ke ka tsela efe re ka mamelang “lentsoe le bonolo, le tlaase” la Jehova kajeno? (b) Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore Elia o ile a amohela matšeliso ao Jehova a ileng a mo fa ’ona?

24 Joaloka Elia, re ka ’na ra hlolloa ke matla a maholohali a tlhaho a bonahalang pōpong, ’me le joale re lokela ho hlolloa. Pōpo e bontša ka ho hlaka matla ao ’Mōpi a nang le ’ona. (Bar. 1:20) Jehova o ntse a sebelisa matla a hae a sa lekanngoeng ho thusa bahlanka ba hae ba tšepahalang. (2 Likron. 16:9) Leha ho le joalo, Molimo o bua le rōna haholo-holo ka Lentsoe la hae, e leng Bibele. (Bala Esaia 30:21.) Ka tsela e itseng, kajeno Bibele e ka ba “lentsoe le bonolo, le tlaase,” haeba re e lumella hore e re tataise. Ka eona, Jehova oa re laea, oa re khothatsa le ho re tiisetsa hore oa re rata.

25 Na Elia o ile a amohela khothatso eo Jehova a ileng a mo fa eona Thabeng ea Horebe? Ha ho pelaelo hore o ile a e amohela! Ho e-s’o ee kae o ne a se a khutletse mosebetsing oa hae, e se e le moprofeta ea sebete, ea tšepahalang ea ileng a ema a tiile har’a bobe ba borapeli ba bohata. Haeba le rōna re nka mantsoe a bululetsoeng a Molimo ka botebo, e leng “matšeliso a tsoang Mangolong,” re tla khona ho etsisa tumelo ea Elia.—Bar. 15:4.

^ ser. 22 “Lentsoe le bonolo, le tlaase” mona e ka ’na eaba e ne e ntse e le la lengeloi le ileng la sebelisoa ho fetisa “lentsoe la Jehova” le boletsoeng ho 1 Marena 19:9. Temaneng ea 15, ho thoe feela “Jehova,” ha ho buuoa ka lengeloi lena. Sena se ka ’na sa re hopotsa lengeloi la lenģosa leo Jehova a ileng a le sebelisa ho tataisa Baiseraele lefeelleng le leo Molimo a ileng a re ka lona: “Lebitso la ka le ho lona.” (Ex. 23:21) Ke ’nete hore ha rea kholiseha hore lengeloi leo ke Jesu, empa seo re se tsebang ke hore pele a tla lefatšeng, Jesu e ne e le “Lentsoe,” ’Muelli ea khethehileng ho bahlanka ba Jehova.—Joh. 1:1.