Exoda 23:1-33

  • Melao eo Baiseraele ba neng ba lokela ho e latela (1-19)

    • Ka ho tšepahala le ho itšoara hantle (1-9)

    • Ka lisabatha le mekete (10-19)

  • Baiseraele ba tataisoa ke lengeloi (20-26)

  • Ho fumana naha le meeli (27-33)

23  U se ke oa bolela tlaleho eo e seng ea ’nete.+ U se ke oa thusa ea khopo ka ho fana ka bopaki ba leshano.*+  U se ke oa latela bongata hore u etse bobe ’me u se ke oa fana ka bopaki bo sothang toka hore u be ka lehlakoreng la bongata.*  U se ke oa ba le khethollo nyeoeng ea motho ea futsanehileng.+  Haeba u kopana le poho kapa tonki ea sera sa hao e hlahlathela, u e khutlisetse ho sona.+  Haeba u bona hore tonki ea motho ea u hloileng e oele ka lebaka la moroalo oa eona o boima, u se ke oa iphapanyetsa eona ’me oa tsamaea. U mo thuse ho lokolla phoofolo eo.+  U se ke oa sotha kahlolo nyeoeng ea mofutsana oa heno.+  U se ke oa kenella ha motho e mong a qosoa ka leshano ’me u se ke oa bolaea ea lokileng le ea hlokang molato hobane nke ke ka re ea khopo o lokile.*+  U se ke oa amohela tjotjo hobane tjotjo e etsa hore batho ba iphapanyetse se nepahetseng ’me e ka etsa hore batho ba lokileng ba fetole liqeto tsa bona tse nepahetseng.+  Le se ke la hatella balichaba hobane lea tseba hore na ho joang ho ba molichaba* kaha le ne le le balichaba naheng ea Egepeta.+ 10  Le jale peo masimong a lona ’me le bokelle seo le se kotutseng ho ’ona ka lilemo tse tšeletseng.+ 11  Empa ka selemo sa bosupa lea tlohele a sa lengoa ’me le se ke la etsa letho ho ’ona. Batho ba futsanehileng ho batho ba habo lona ba tla ja ho ’ona, tseo bafutsana ba li siileng li tla jeoa ke liphoofolo tsa naha. Ke seo le lokelang ho se etsa ka lirapa tsa lona tsa morara le meru ea lona ea mohloaare. 12  U tla etsa mosebetsi oa hao ka matsatsi a tšeletseng. Empa ka letsatsi la bosupa u se ke oa sebetsa e le hore poho ea hao le tonki ea hao li ka phomola le hore mora oa lekhoba la hao la mosali le molichaba ba ka ikhatholla.+ 13  Le etse bonnete ba hore le etsa lintho tsohle tseo ke le boleletseng tsona+ ’me le se ke la bolela mabitso a melimo e meng. Mabitso ao ha a se ke a utluoa melomong ea lona.+ 14  Le tla nketsetsa mokete hararo ka selemo.+ 15  Le tla keteka Mokete oa Mahobe a se Nang Tomoso.+ Le tla ja mahobe a se nang tomoso ka matsatsi a supileng feela joalokaha ke le laetse, ka nako e behiloeng ka khoeli ea Abibe*+ hobane le ile la tsoa Egepeta ka nako eo. Ho se ke ha e-ba le motho ea tlang ho ’na a sa nka letho.+ 16  Hape le keteke Mokete oa Kotulo* ea lihlahisoa tsa pele tse butsoitseng tsa mesebetsi ea lona, tsa seo le se jetseng masimong.+ Ha selemo se fela le keteke Mokete oa ho Bokella,* ha le bokella lintho tseo le li jetseng masimong.+ 17  Banna bohle ba lona ba hlahe ka pel’a Morena oa ’nete Jehova ka makhetlo a mararo ka selemo.+ 18  Ha u nketsetsa sehlabelo u se ke oa fana ka mali le ntho leha e le efe e nang le tomoso. Mahlabelo a mafura a entsoeng meketeng ea ka a se ke a qeta bosiu bohle ho fihlela hoseng. 19  U tlise lihlahisoa tsa pele tse ntle ka ho fetisisa tse butsoitseng tse tsoang mobung ka tlung ea Jehova Molimo oa hao.+ U se ke oa pheha potsanyane ka lebese la ’m’a eona.+ 20  Ke romela lengeloi hore le le etelle pele+ ho le lebela tseleng ’me le le tlise sebakeng seo ke se lokisitseng.+ 21  Le mamele lengeloi leo. Le se ke la le fetohela hobane le ke ke la tšoarela liphoso tsa lona+ kaha lebitso la ka le ho lengeloi leo. 22  Leha ho le joalo, haeba le le mamela ka tieo ’me le etsa lintho tsohle tseo ke li buang, ke tla ba sera ho lira tsa lona ’me ke hanyetse ba le hanyetsang. 23  Lengeloi la ka le tla le etella pele ’me le le tlise ho Baamore, Bahethe, Bapereze, Bakanana, Baheve le Bajebuse ’me ke tla ba felisa.+ 24  Le se ke la inamela melimo ea bona kapa la e sebeletsa* ’me le se ke la etsisa mekhoa ea bona.+ Le e felise le be le lihe lipilara tsa eona tse halalelang.+ 25  Le sebeletse Jehova Molimo oa lona+ ’me o tla hlohonolofatsa bohobe ba lona le metsi a lona.+ Ke tla tlosa maloetse har’a lona.+ 26  Basali ba naheng ea lona ba ke ke ba senyeheloa ha ba imme kapa ea e-ba basali ba sa khoneng ho ba le bana*+ ’me ke tla etsa hore le phele nako e telele. 27  Ke tla etsa hore lira tsa lona li ntšabe le pele le fihla ho tsona+ ’me ke tla ferekanya lichaba tsohle tseo le tla kopana le tsona. Ke tla etsa hore le hlole lira tsohle tsa lona li be li le balehe.+ 28  Le pele le fihla, ho nyahama*+ ho tla leleka Baheve, Bakanana le Bahethe.+ 29  Nke ke ka ba leleka kaofela ka nako e le ’ngoe* e le hore naha e se ke ea sala e se na baahi le hore liphoofolo tse hlaha li se ke tsa ata ’me tsa le lematsa.+ 30  Ke tla ba leleka hanyane ka hanyane ka pel’a lona ho fihlela le ata ’me naha e e-ba ea lona.+ 31  Ke tla beha moeli oa lona ho tloha Leoatleng le Lefubelu ho ea leoatleng la Bafilista le ho tloha lefeelleng ho ea Nokeng*+ hobane ke tla etsa hore le hlole lichaba tseo ’me le tla li leleka ka pel’a lona.+ 32  Le se ke la etsa tumellano le tsona kapa le melimo ea tsona.+ 33  Ha baa lokela ho lula naheng ea lona e le hore ba se ke ba etsa hore le ntšiteloe. Haeba le sebeletsa melimo ea bona, lintho li ke ke tsa le tsamaela hantle.”*+

Linaletsana

Kapa: “bo kotsi.”
Kapa: “bopaki boo batho ba bangata ba fanang ka bona.”
Kapa: “ea khopo ha a molato.”
Kapa: “hobane le tseba bophelo ba ho ba molichaba.”
Hape o tsejoa e le Mokete oa Libeke kapa oa Pentekonta.
Hape o tsejoa e le Mokete oa Maphephe (Litabernakele).
Kapa: “la susumelletseha ho e sebeletsa.”
Kapa: “linyopa.”
Kapa mohlomong: “ho tšoha; ho thothomela.”
Ka Seheberu: “ka selemo se le seng.”
E leng ea Eufrate.
Ka Seheberu: “e tla ba leraba ho lona.”