Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA MASHOME A MABELI A METSO E MERARO

O Ithutile ho Tšoarela ho Mong’a Hae

O Ithutile ho Tšoarela ho Mong’a Hae

1. Ke nako efe eo e ka ’nang ea ba Petrose o ile a nyahama ka ho fetisisa bophelong ba hae?

LE KA mohla Petrose o ne a ke ke a lebala motsotso oo o bohloko oa ha ba ne ba teanya mahlo. Na ebe tsela eo Jesu a ileng a mo sheba ka eona e ne e bontša ho soetseha ho itseng kapa hona ho soaba? Moo re ke ke ra tseba; tlaleho e bululetsoeng ea Bibele e re feela ‘Morena o ile a reteleha a sheba Petrose.’ (Luka 22:61) Empa ha a mo sheba, hang-hang Petrose o ile a hlakeloa hore o entse phoso e tebileng. O ile a hlokomela hore o entse eona ntho eo Jesu a neng a ile a re o tla e etsa, eo eena Petrose a ileng a re ho hang a ke ke a e etsa—o ne a latotse Mong’a hae eo a mo ratang. Petrose o ile a tetebela haholo maikutlong, ebile e ka ’na eaba ke eona nako eo ka eona a ileng a nyahama ka ho fetisisa bophelong bohle ba hae.

2. Ke thuto efe eo Petrose a neng a lokela ho ithuta eona, hona re ka rua molemo joang paleng ea hae?

2 Leha ho le joalo, tšepo e ne e ntse e le teng. Kaha Petrose o ne a e-na le tumelo e matla, o ne a ntse a e-na le monyetla oa ho hlaphoheloa liphosong tsa hae le ho ithuta e ’ngoe ea lithuto tsa Jesu tsa bohlokoa ka ho fetisisa. Thuto eo e ne e le ea ho tšoarela. Kaofela ha rōna re lokela ho ithuta thuto ena, ka hona, a re hlahlobeng hore na Petrose o ile a ithuta eona joang, le hoja ho ne ho se bonolo.

Monna ea Neng a Lokela ho Ithuta ho Hongata

3, 4. (a) Petrose o ile a botsa Jesu potso efe, hona e ka ’na eaba Petrose o ne a nahanne’ng? (b) Jesu o ile a bontša joang hore Petrose o ne a susumelitsoe ke moea o neng o atile mehleng eo?

3 Hoo e ka bang likhoeli tse tšeletseng pejana, ha Petrose a le motseng oa habo oa Kapernauma, o ile a botsa Jesu potso ena: “Morena, ke ka makhetlo a makae mor’eso a lokelang ho ntšiteloa ’me ke mo tšoarele? Ho fihlela makhetlong a supileng?” E ka ’na eaba Petrose o ne a nahana hore ka ho bua mantsoe ao, o bontša ho se fele pelo. Etsoe baeta-pele ba bolumeli ba mehleng eo, ba ne ba ruta hore motho o ne a ka tšoareloa ka makhetlo a mararo feela! Jesu o ile a mo araba, a re: “Eseng, Ho fihlela makhetlong a supileng, empa, Ho fihlela makhetlong a mashome a supileng a metso e supileng.”—Mat. 18:21, 22.

4 Na Jesu o ne a re Petrose o lokela ho boloka tlaleho ea hore na motho o mo sitetsoe hakae? Che; ho e-na le hoo, ha a re makhetlo a supileng ao Petrose a buileng ka ’ona e lokela ho ba a 77, o ne a bontša hore motho ea nang le lerato ha aa lokela ho bala hore na o tšoaretse e mong ka makhetlo a makae. (1 Bakor. 13:4, 5) Jesu o ile a bontša hore Petrose o ne a susumelitsoe ke moea oa ho hloka kutloelo-bohloko le oa ho se tšoarele o neng o atile mehleng eo, o neng o etsa hore batho ba tšoaee lekhetlo le leng le le leng leo ba tšoarelang motho ka lona joalokaha eka ba etsa tlaleho ea sekoloto. Leha ho le joalo, batho ba batlang ho etsisa Molimo ba lokela ho ikemisetsa ho tšoarela ka makhetlo a se nang palo.—Bala 1 Johanne 1:7-9.

5. Ke neng moo re ka ’nang ra ithuta bohlokoa ba ho tšoarela?

5 Petrose ha aa ka a phehisa Jesu khang. Empa na thuto eo ea Jesu e ne e hlile e mo finyelletse pelo? Ka linako tse ling re ithuta bohlokoa ba ho tšoarela ha re hlokomela hore le rōna re hloka hore ba bang ba re tšoarele. Kahoo, a re hlahlobeng lintho tse ileng tsa etsahala pele Jesu a bolaoa. Lihoreng tseo tse thata, Petrose o ile a etsa liphoso tse ngata tseo ho neng ho tla hlokahala hore Mong’a hae a mo tšoarele ka lebaka la tsona.

O Tšoareloa ka Makhetlo a Mangata

6. Petrose o ile a etsa’ng ha Jesu a ne a leka ho ruta baapostola ka boikokobetso, empa Jesu o ile a mo tšoara joang?

6 E ne e le shoalane ea bohlokoa haholo kaha e ne e le bosiu ba ho qetela Jesu a phela lefatšeng. Jesu o ne a ntse a e-na le lintho tse ngata tseo a lokelang ho li ruta baapostola ba hae—ka mohlala, mabapi le boikokobetso. Jesu o ile a ba behela mohlala ka hore ka boikokobetso a ba hlatsoe maoto, e leng mosebetsi oo ka tloaelo o neng o fuoa bahlanka ba tlaase ka ho fetisisa. Qalong Petrose o ne a e-na le khoao ka seo Jesu a se etsang. Eaba o hana ha a mo hlatsoa maoto. Ka mor’a moo, a tsitlella hore Jesu a se ke a mo hlatsoa maoto feela, empa a be a mo hlatsoe matsoho le hlooho! Jesu ha aa ka a mo fella pelo, empa ka bonolo bohle o ile a mo hlalosetsa bohlokoa ba seo a se etsang le hore na se bolela’ng.—Joh. 13:1-17.

7, 8. (a) Petrose o ile a leka mamello ea Jesu ho ea pele ka litsela life? (b) Jesu o ile a boela a bontša boikutlo bo botle ba ho ba le mosa le ho tšoarela joang?

7 Nakoana ka mor’a moo, Petrose o ile a leka mamello ea Jesu ho ea pele. Baapostola ba ile ba qala ho pheha khang ka hore na e moholo ho bona ke ofe ’me Petrose le eena o ne a le teng ketsahalong eo e soabisang e bontšang boikhohomoso. Leha ho le joalo, Jesu o ile a ba khalemela ka mosa, a ba a ba babatsa ka ntho e ntle eo ba e entseng, ea ho lula ba tšepahala ho Mong’a bona. Empa o ile a boela a bolela esale pele hore kaofela ha bona ba ne ba tla mo lahla. Petrose o ile a re eena o tla khomarela Jesu esita le haeba a talimane le lefu. Jesu o ile a profeta hore ho e-na le hoo, Petrose o ne a tla latola Mong’a hae ka makhetlo a mararo hona bosiung boo pele mokoko o lla habeli. Joale Petrose o ile a hanyetsa Jesu, a ba a ikotla sefuba ka hore eena o tla tšepahala le ho feta baapostola ba bang kaofela!—Mat. 26:31-35; Mar. 14:27-31; Luka 22:24-28; Joh. 13:36-38.

8 Na Jesu o ne a se a fella Petrose pelo? Ha e le hantle, nakong ena eohle e mahlonoko, Jesu o ile a lula a sheba liketso tse ntle tsa baapostola ba hae ba sa phethahalang. O ne a tseba hore Petrose o tla mo siteloa, empa O ile a re: “Ke u etselitse thapeli hore tumelo ea hao e se ke ea fela; ’me uena, hang feela ha u khutlile, u matlafatse barab’eno.” (Luka 22:32) Ka tsela eo, Jesu o ne a bontša hore o kholisehile hore Petrose o ne a tla hlaphoheloa moeeng ’me a sebeletse Molimo ka botšepehi. Boo e bile boikutlo bo botle hakaakang ba ho ba mosa le ho tšoarela!

9, 10. (a) Serapeng sa Gethesemane, ho ile ha hlokahala hore Petrose a khalemeloe ka lebaka lefe? (b) Liphoso tsa Petrose li ka re hopotsa’ng?

9 Hamorao ha ba le serapeng sa Gethesemane, ho ile ha hlokahala hore Petrose a khalemeloe ka makhetlo a ’maloa. Jesu o ile a kōpa Petrose, hammoho le Jakobo le Johanne hore ba lule ba lebetse ha eena A ntse a rapela. Jesu o ne a sithabetse maikutlo habohloko ’me a hloka ho tšehetsoa, empa Petrose le bao a neng a e-na le bona ba ile ba robala ka makhetlo a mangata. Jesu o ile a bua mantsoe ana a bontšang kutloelo-bohloko le moea oa ho tšoarela, a re: “Ka ho hlakileng, moea o na le tabatabelo, empa nama ea fokola.”—Mar. 14:32-41.

10 Ho e-s’o ee kae, ha fihla mokhopi oa batho ba nkileng lirumula ba neng ba hlometse ka lisabole le melangoana. Ena e ne e le nako ea ho ba hlokolosi le ho etsa lintho ka bohlale. Leha ho le joalo, ho e-na le hore Petrose a nahane, ka lepotlapotla a hula sabole a e tsoka hloohong ea Malkuse, e leng lekhoba la moprista ea phahameng ’me a mo hlatha tsebe. Jesu o ile a khalemela Petrose ka bonolo, a folisa tsebe ea monna eo ’me a fana ka molao-motheo oa ho se be mabifi, oo le kajeno o ntseng o tataisa balateli ba Hae. (Mat. 26:47-55; Luka 22:47-51; Joh. 18:10, 11) Petrose o ne a se a entse liphoso tse ngata tseo ho neng ho hlokahala hore Mong’a hae a mo tšoarele ka lebaka la tsona. Sena se re hopotsa hore kaofela re etsa liphoso hangata. (Bala Jakobo 3:2.) Ke mang ho rōna ea sa hlokeng ho tšoareloa ke Molimo letsatsi le leng le le leng? Leha ho le joalo, seo Petrose a ileng a se etsa bosiung boo e ne e sa le linyane feela, e ne e le hona likhōlō li sa ntseng li tla.

Phoso e Soabisang ka ho Fetisisa ea Petrose

11, 12. (a) Petrose o ile a bontša sebete joang ka mor’a hore Jesu a tšoaroe? (b) Petrose o ile a hloleha ho etsa seo a neng a se tšepisitse joang?

11 Jesu o ile a buisana le mokhopi oo, a re haeba o batla eena, o tlohele baapostola ba hae ba ikele. Petrose o ile a shebella ka pelo e bohloko empa ho se seo a ka se etsang ha mokhopi oo o tlama Jesu. Ka mor’a moo, Petrose a baleha hammoho le baapostola ba bang.

12 Petrose le Johanne ba ile ba khaotsa ho matha, mohlomong ha ba le haufi le ntlo ea Anase, eo e neng e kile ea e-ba Moprista ea Phahameng, moo Jesu a ileng a isoa teng pele ho ea hlongoa lipotso. Ha Jesu a tlosoa moo, Petrose le Johanne ba ile ba ba latela empa ba “le hōle.” (Mat. 26:58; Joh. 18:12, 13) Petrose e ne e se lekoala. Ha ho pelaelo hore ho ne ho hlokahala sebete hore motho a latele mokhopi oo oa batho ba hlometseng bao Petrose a neng a se a bile a lemalitse e mong oa bona. Leha ho le joalo, ha ho bonahale eka Petrose o ile a ba le sebete se lekaneng sa ho bontša botšepehi joalokaha a ne a boletse—e leng ho ikemisetsa ho shoa le Mong’a hae haeba ho hlokahala.—Mar. 14:31.

13. Ke tsela efe feela e nepahetseng ea ho latela Kreste ka botlalo?

13 Joaloka Petrose, ba bangata kajeno ba batla ho latela Kreste ba “le hōle”—ka tsela eo batho ba bang ba ke keng ba elelloa hore baa mo latela. Empa joalokaha Petrose a ile a ngola hamorao, tsela feela e nepahetseng ea ho latela Kreste ke ho Mo khomarela ka hohle kamoo re ka khonang, re etsise mohlala oa Hae linthong tsohle, ho sa tsotellehe hore na liphello e tla ba life.—Bala 1 Petrose 2:21.

14. Petrose o ile a etsa’ng bosiung boo Jesu a neng qosoa ka bona?

14 Petrose o ile a latela mokhopi a patile mohoasa, a ba a fihla ho e ’ngoe ea matlo a maholohali a Jerusalema. E ne e le ha moprista ea phahameng, Kaifase, ea neng a ruile a bile a e-na le tšusumetso e matla. Hangata matlo a joalo a ne a hahuoa ho pota-pota lebala, ebe ho ba le heke ka pele. Petrose o ile a fihla hekeng empa a haneloa ho kena. Eaba Johanne, ea neng a se a kene ka hare, o buisana le molebeli oa heke hore a lumelle Petrose ho kena. Ho bonahala Petrose a sa ka a ema haufi le moo Johanne a neng a le teng; ebile ha aa ka a leka ho kena ka tlung e le hore a eme haufi le Mong’a hae. O ile a ema ka lebaleng, moo makhoba le bahlanka ba neng ba orile khanare ea mollo bosiung boo bo batang, ba shebeletse ha lipaki tsa bohata tse qosang Jesu li ntse li tsoa li kena ka moo nyeoe e tšoaretsoeng ka teng.—Mar. 14:54-57; Joh. 18:15, 16, 18.

15, 16. Hlalosa kamoo boprofeta ba Jesu ba hore Petrose o tla mo latola ka makhetlo a mararo bo ileng ba phethahala kateng.

15 Ka lebaka la khanya ea mollo, ngoanana ea ileng a bulela Petrose hekeng, o ile a khona ho mo bona hantle. O ile a mo tseba. Eaba oa mo qosa, o re: “Le uena u ne u e-na le Jesu Mogalilea!” Kaha o ne a sa lebella sena, Petrose o ile a latola hore o tseba Jesu—a ba a re ha a utloisise le hore na ha e le hantle ngoanana eo o bua ka’ng. O ile a leka ho ipata, eaba oa tloha o il’o ema haufi le tsela e lebang hekeng, empa ngoanana e mong a mo hlokomela ’me a bua ntho e tšoanang, a re: “Monna enoa o ne a e-na le Jesu Monazaretha.” Petrose o ile a hlapanya, a re: “Monna eo ha ke mo tsebe!” (Mat. 26:69-72; Mar. 14:66-68) Mohlomong ka mor’a hore Petrose a latole Jesu lekhetlong lena la bobeli ke hona moo a ileng a utloa ha mokoko o lla, empa o ne a ferekane hoo a sa kang a hopola boprofeta boo Jesu a neng a bo boletse lihora tse ’maloa pejana.   

16 Nakoana ka mor’a moo, Petrose o ne a ntse a leka ka matla hore batho ba se ke ba mo lemoha. Empa sehlopha sa batho ba emeng lebaleng se ile sa atamela. E mong sehlopheng seo o ne a amana le Malkuse, e leng lekhoba leo Petrose a ileng a le lematsa. O ile a re ho Petrose: “Ke u bone ka serapeng u e-na le eena, na ha ho joalo?” Petrose o ile a ikutloa a tlameha ho ba kholisa hore ba ne ba fositse. Kahoo, o ile a hlapanya ’me ho bonahala hore o ile a bolela hore a oeloe ke bomalimabe haeba a bua leshano. Lena e ne e le lekhetlo la boraro Petrose a itatola. Hang hoba a qete ho bua, mokoko oa lla—’me e ne e le lekhetlo la bobeli Petrose a o utloa bosiung boo.—Joh. 18:26, 27; Mar. 14:71, 72.

“Morena oa reteleha o sheba Petrose”

17, 18. (a) Petrose o ile a etsa’ng ha a hlokomela kamoo a neng a sitetsoe Mong’a hae kateng? (b) E ka ’na eaba Petrose o ile a nahana’ng?

17 Jesu o ne a qeta ho tsoela ka ntle mathuleng a ntlo a shebile lebaleng. Joalokaha ho hlalositsoe qalong ea khaolo ena, ke hona motsotsong ona mahlo a hae a ileng a teana le a Petrose. Hang-hang Petrose o ile a hlokomela hore na o ne a sitetsoe Mong’a hae hakaakang. Eaba o tloha lebaleng moo a sithabelitsoe ke letsoalo le molato. O ile a leba literateng tsa motse a bona tsela e le lerootho kaha khoeli e ne e se e il’o likela. Kae-kae ha re fi! ha meokho e tlala ka mahlong. Eaba o sitoa ho itšoara ’me a qala ho lla habohloko.—Mar. 14:72; Luka 22:61, 62.

18 Ha motho a elelloa ho teba ha phoso ea hae, ho bonolo hore a nahane hore sebe sa hae se tebile hoo a ke keng a tšoareloa. E ka ’na eaba Petrose le eena o ile nahana joalo. Na ebe o ne a tla tšoareloa?

Na Phoso ea Petrose e ne e le e ke Keng ea Tšoareloa?

19. E tlameha ebe Petrose o ile a ikutloa joang ka phoso ea hae, hona re tseba joang hore ha aa ka a tela ho sa tsotellehe ho nyahama?

19 Ho thata ho nahana kamoo Petrose a neng a utloile bohloko kateng ha mafube a hlaha ’me a hlokomela se etsahetseng. E tlameha ebe o ile a itšola hakaakang ha Jesu a shoa thapameng ea letsatsi leo ka mor’a hore a hlokofatsoe lihora tse ngata! E tlameha ebe Petrose o ne a sehoa ke mala a masesaane nako le nako ha a nahana kamoo a tlatselitseng kateng ho utloiseng Mong’a hae bohloko letsatsing la Hae la ho qetela a phela lefatšeng. Ho sa tsotellehe hore na Petrose o ne a nyahame hakae, ha aa ka a tela. Re tseba sena hobane tlaleho e re nakoana ka mor’a moo o ne a e-na le barab’abo hape. (Luka 24:33) Ha ho pelaelo hore baapostola kaofela ba ne ba ikoahlaela seo ba ileng ba se etsa bosiung boo bo boima eaba baa tšelisana.

20. Re ka ithuta’ng ho Petrose ka liqeto tse bohlale tseo a ileng a li etsa bophelong ba hae?

20 Ha e le hantle, mona re bona ha Petrose a etsa qeto e bohlale ka ho fetisisa. Ha mohlanka oa Molimo a oa, taba-taba hase hore na o entse sebe se tebileng hakae, empa ntho ea bohlokoa ke hore na o ikemiselitse hakae hore a eme, a lokise litaba. (Bala Liproverbia 24:16.) Petrose o ile a bontša hore o na le tumelo ea ’nete ka hore a kopane le barab’abo ho sa tsotellehe hore na o ne a nyahame hakae. Ha motho a imetsoe ke ho nyahama kapa ho ikoahlaea, a ka ’na a batla ho itšehla thajana, empa seo se kotsi haholo. (Liprov. 18:1) Ntho e bohlale eo a ka e etsang ke ho ba haufi le balumeli-’moho le eena e le hore a tle a matlafale moeeng.—Baheb. 10:24, 25.

21. Petrose o ile a utloa litaba life ka lebaka la hore o ne a e-na le barab’abo ba moea?

21 Kaha Petrose o ne a e-na le barab’abo ba moea, o ile a utloa tlaleho e tšosang ea hore setopo sa Jesu se ne se le sieo ka lebitleng. Petrose le Johanne ba ile ba mathela lebitleng leo Jesu a neng a patiloe ho lona ’me monyako oa lona o ne o koetsoe ka thata. Johanne o ile a fihla pele kaha e ka ’na eaba e ne e le eena e monyenyane. O ile a tsilatsila ha a fumana lebitla le butsoe. Petrose eena ha aa ka a tsilatsila. Le hoja a ne a hemesela ke mokhathala oa ho matha, o ile a itahlela ka hare. Lebitla la re, “u n’o ’nehile’ng!”—Joh. 20:3-9.

22. Ke’ng e ile ea felisa ho tšoenyeha ha Petrose le lipelaelo leha e le life tseo a neng a e-na le tsona?

22 Na Petrose o ile a lumela hore Jesu o tsositsoe? Qalong ha aa ka a lumela, le hoja basali ba tšepahalang ba ile ba tlaleha hore mangeloi a ile a hlaha ho bona a ba bolella hore Jesu o tsositsoe bafung. (Luka 23:55–24:11) Empa ha letsatsi leo le likela, Petrose o ne a se a hlasimolohile a bile a se a se na lipelaelo. Jesu o ne a phela e le sebōpuoa sa moea se matla! O ile a hlaha ho baapostola ba hae kaofela. Empa pele ho moo, o ile a etsa ntho e ’ngoe lekunutung. Baapostola ba ile ba re letsatsing leo: “Kannete Morena o tsositsoe ’me o bonahetse ho Simone!” (Luka 24:34) Ka tsela e tšoanang, hamorao moapostola Pauluse o ile a ngola hore letsatsing leo le ikhethang, Jesu o ile a “bonahala ho Kefase, ea ntan’o ba ho ba leshome le metso e ’meli.” (1 Bakor. 15:5) Kefase le Simone ke mabitso a mang a Petrose. Jesu o ile a hlaha ho eena letsatsing leo—ho hlakile hore e bile nakong eo Petrose a leng mong.

Petrose o entse liphoso tse ngata tseo a neng a hloka hore Mong’a hae a mo tšoarele tsona, empa na ho na le ea sa hlokeng ho tšoareloa letsatsi le leng le le leng?

23. Ke hobane’ng ha Bakreste ba oelang sebeng kajeno ba lokela ho hopola taba ea Petrose?

23 Bibele ha e bolele hore na ho ile ha etsahala’ng ha Jesu le Petrose ba kopana motsotsong oo o neng o ama maikutlo. Se ileng sa etsahala se tsejoa ke Jesu le Petrose feela. Re se re ka nahana feela hore Petrose o ne a amehile maikutlo hakae ha a bona hore Morena oa hae eo a mo ratang o boetse oa phela ’me a e-ba le monyetla oa ho mo bolella kamoo a itšoabetseng kateng a bileng a bakileng kateng. Ntho feela eo Petrose a neng a e batla ho feta eng kapa eng, e ne e le hore a tšoareloe. Ha ho ea ka belaellang taba ea hore Jesu o ile a mo tšoarela, le hona ka pelo eohle! Bakreste ba oelang sebeng kajeno ba lokela ho hopola taba ena ea Petrose. Le ka mohla ha rea lokela ho nahana hore Molimo a ke ke a re tšoarela. Jesu o tšoantšetsa Ntate oa hae ka ho phethahetseng, ea “tla tšoarela ka tsela e khōlō.”—Esa. 55:7.

Bopaki bo Eketsehileng ba Hore o Tšoaretsoe

24, 25. (a) Hlalosa se ileng sa etsahala bosiung boo Petrose a neng a tšoasa litlhapi ka bona Leoatleng la Galilea. (b) Petrose o ile a etsa’ng ha a bona mohlolo oo Jesu a ileng a o etsa ka meso?

24 Jesu o ile a bolella baapostola ba hae hore ba ee Galilea moo a neng a tla kopana le bona hape. Ha ba fihla, Petrose o ile a ea tšoasa litlhapi Leoatleng la Galilea. Ba ’maloa ba ile ba tsamaea le eena. Petrose o ile a boela a iphumana a le letšeng leo nakong e fetileng a neng a qeta nako e ngata a le ho lona. E tlameha ebe o ile a ikutloa a tšeliseha ha a utloa lintho tseo a li tloaetseng tse kang lerata la sekepe ha se tsamaea, ho khahlellana ha maqhubu le ho hoasha ha matlooa ka matsohong a hae. Banna bao ha baa ka ba tšoasa letho bosiung boo.—Mat. 26:32; Joh. 21:1-3.

Petrose o ile a itahlela ka metsing ’me a sesa ho ea lebōpong

25 Leha ho le joalo, ka meso ba ile ba hoeletsoa ke motho e mong lebōpong, ea ileng a re ba lahlele matlooa a bona ka lehlakoreng le leng la sekepe. Ba ile ba etsa joalo ’me ba tšoasa litlhapi tse 153 kaofela! Petrose o ile a tseba hore na motho eo e ne e le mang. O ile a itahlela ka metsing ’me a sesa ho ea lebōpong. Ha ba le lebōpong moo, Jesu o ile a fa metsoalle ea hae e tšepahalang litlhapi tse besitsoeng holim’a mashala, eaba o bua le Petrose ka ho khetheha.—Joh. 21:4-14.

26, 27. (a) Jesu o ile a fa Petrose monyetla oa hore a etse’ng ka makhetlo a mararo? (b) Jesu o ile a fana ka bopaki bofe ba hore o ne a tšoaretse Petrose ka ho feletseng?

26 Jesu o ile a botsa Petrose hore na o rata Morena oa hae “ho feta tsee”—e le ha a bua ka litlhapi tse ngata tseo ba li tšoasitseng. Na Petrose o ne a rata khoebo ea hae ea ho tšoasa litlhapi ho feta kamoo a neng a rata Jesu kateng? Feela joalokaha Petrose a ile a latola Morena oa hae ka makhetlo a mararo, mona Jesu o ile a mo fa monyetla oa hore a tiise hore oa mo rata ka makhetlo a mararo ka pel’a metsoalle ea hae. Ha Petrose a re oa mo rata, Jesu o ile a mo bolella hore na o lokela ho bontša lerato leo joang: ka hore a behe tšebeletso e halalelang ka pele ho lintho tsohle, a fepe a matlafatse a be a lise mohlape oa Kreste, e leng balateli ba Hae ba tšepahalang.—Luka 22:32; Joh. 21:15-17.

27 Ka tsela eo, Jesu o ile a tiisa hore eena le Ntate oa hae ba ne ba ntse ba ka sebelisa Petrose. Petrose o ne a tla phetha karolo ea bohlokoa ka phuthehong tlas’a tataiso ea Kreste. E ne e le bopaki bo bokaakang ba hore Jesu o mo tšoaretse ka ho feletseng! Ha ho pelaelo hore mohau oo o ile oa ama Petrose ka ho teba.

28. Petrose o ile a phelela lebitso la hae joang?

28 Ka botšepehi, Petrose o ile a phetha kabelo ea hae ka lilemo tse ngata. O ile a matlafatsa barab’abo, joalokaha Jesu a ne a mo laetse bosiung ba pele ho lefu la Hae. Petrose o ile a lisa balateli ba Kreste le ho ba fepa ’me a etsa sena ka mosa le ho se fele pelo. Monna enoa ea bitsoang Simone o ile a phelela lebitso leo Jesu a neng a mo file lona—la Petrose, kapa Lefika—ka ho ba mohloli o tsitsitseng, o matla le o ka tšeptjoang oa tšusumetso e ntle ka phuthehong. Bopaki bo boholo ba seo bo fumanoa mangolong a mabeli ao Petrose a a ngotseng ka lerato, ao e bileng karolo ea libuka tsa bohlokoa tsa Bibele. Mangolo ao a boetse a bontša hore Petrose ha aa ka a lebala thuto eo a ithutileng eona ho Jesu ea ho tšoarela.—Bala 1 Petrose 3:8, 9; 4:8.

29. Re ka bontša tumelo e tšoanang le ea Petrose joang le mohau oa Mong’a hae?

29 E se eka le rōna re ka ithuta thuto eo. Na kamehla re kōpa hore Molimo a re tšoarele ka liphoso tse ngata tseo re li etsang? Na joale re amohela tšoarelo eo re be re lumele hore e na le matla a ho re hloekisa? Hona na rōna re tšoarela ba bang? Haeba re etsa joalo, re tla be re etsisa tumelo ea Petrose le mohau oa Mong’a hae.