Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA LESHOME LE METSO E SUPILENG

“Bona! Lekhabunyane la Jehova!”

“Bona! Lekhabunyane la Jehova!”

1, 2. (a) Maria o ile a fumana tumeliso efe e tsoang ho moeti ea sa mo tsebeng? (b) Maria o ile a tlameha ho tobana le ho etsa qeto efe?

MARIA o ne a maketse ha moeti enoa a kena habo. Ha aa ka a kōpa ho bona ntate kapa ’mè oa hae. O ne a tlile ho eena! Empa Maria o ne a kholisehile hore hase motho oa Nazaretha. Motseng o monyenyane joaloka oo, moeti o ne a bonahala kapele feela. Enoa eena o ne a tla totobala kae kapa kae. O ile a lumelisa Maria ka tsela eo a sa e tloaelang ho hang, a re: “Lumela, uena ea hauhetsoeng haholo, Jehova o na le uena.”—Bala Luka 1:26-28.

2 Ke seo Bibele e re bolellang sona ka Maria, morali oa Heli, oa motseng oa Nazaretha e Galilea. Bibele e qala ho bua ka eena nakong eo a tobaneng le ho etsa qeto ea bohlokoa. O ne a lebelelitsoe ke Josefa oa ’metli—eo e neng e se morui empa e le motho ea tšepahalang. Kahoo, mohlomong o ne a nahana hore o tla phela bophelo bo itekanetseng e le mosali oa Josefa ’me ba hōlise bana ba bona ’moho. Leha ho le joalo, o ile a iphumana a se a tobane le moeti enoa ea neng a mo tliselitse molaetsa o tsoang ho Molimo, e leng boikarabelo bo neng bo tla fetola bophelo ba hae.

3, 4. E le hore re tsebe Maria, re lokela ho hlokomoloha eng, hona re lokela ho tsepamisa maikutlo ho eng?

3 Batho ba bangata baa makala ha ba utloa hore Bibele ha e bue hakaalo ka Maria. Ha e bue hakaalo ka khōliso ea hae, botho ba hae, ebile ha e re letho ka hore na o ne a shebahala joang. Empa, seo Lentsoe la Molimo le se buang ka eena se re beha leseling e le kannete.

4 E le hore re tsebe haholoanyane ka Maria, re lokela ho hlokomoloha likhopolo tse ngata tseo malumeli a fapaneng a li rutang ka eena. Kahoo a re se keng ra nahana ka seo re se bonang litšoantšong tse ngata tse takiloeng, liemahaleng tsa ’mabole kapa tsa samente. Hape, a re se keng ra nahana ka lithuto tse rarahaneng tsa bolumeli tse fileng mosali enoa ea ikokobelitseng litlotla tse phahameng, tse kang “’M’a Molimo” le “Mofumahali oa Leholimo.” Ho e-na le hoo, a re tsepamiseng maikutlo ho seo Bibele e hlileng e se rutang. E re thusa ho utloisisa hore na tumelo ea hae e ne e le matla hakae le hore na re ka bontša tumelo e tšoanang le ea hae joang.

O Eteloa ke Lengeloi

5. (a) Re ka ithuta’ng ka Maria ho seo a ileng a se etsa ha Gabriele a mo lumelisa? (b) Ke ntho efe ea bohlokoa eo re ka ithutang eona ho Maria?

5 Moeti oa Maria e ne e se motho feela tjena. E ne e le lengeloi Gabriele. Ha le re Maria ke “ea hauhetsoeng haholo,” mantsoe ao a ile a mo “khathatsa haholo” ’me tumeliso eo e sa tloaelehang e ile ea mo makatsa. (Luka 1:29) Hantle-ntle seo se ne se bolela’ng? Maria o ne a sa lebella ho fuoa tlhohonolofatso e khethehileng ke batho; empa lengeloi le ne le bolela hore o hauhetsoe ke Jehova Molimo. E ne e le eona taba ea bohlokoa ho eena. Empa, ha aa ka a ikonka ka hore o hauhetsoe ke Molimo. Haeba re etsa boiteko ba ho hauheloa ke Molimo, re sa ikhohomose ka hore o se a ntse a re hauhetse, re tla ithuta ntho ea bohlokoa eo moroetsana ea bitsoang Maria a neng a e utloisisa ka ho feletseng. Molimo o hanyetsa ba ikhohomosang, empa o rata ba ikokobelitseng ebile oa ba tšehetsa.—Jak. 4:6.

Maria ha aa ka a ikonka ka hore o hauhetsoe ke Molimo

6. Lengeloi le ile la fa Maria boikarabelo bofe bo khethehileng?

6 Maria o ne a tla lokela ho ikokobetsa ka tsela e joalo, hobane lengeloi le ne le tšepisitse ho mo fa boikarabelo bo khethehileng. Le ile la re o ne a tla tsoala ngoana eo e neng e tla ba oa bohlokoa ka ho fetisisa har’a batho bohle. Gabriele o ile a re: “Jehova Molimo o tla mo fa terone ea ntat’ae Davida, ’me o tla busa e le morena oa ntlo ea Jakobo ka ho sa feleng, ’me ’muso oa hae o ke ke oa e-ba le bofelo.” (Luka 1:32, 33) Ha ho pelaelo hore Maria o ne a tseba tšepiso eo Molimo a e entseng ho Davida lilemong tse fetang tse sekete pele ho moo—ea hore e mong oa litloholo tsa hae o ne a tla busa ka ho sa feleng. (2 Sam. 7:12, 13) Kahoo mora oa Maria e ne e tla ba Mesia eo batho ba Molimo ba neng ba mo lebeletse ka lilemo tse makholo-kholo!

Lengeloi Gabriele le ne le tšepisitse ho fa Maria boikarabelo bo khethehileng

7. (a) Potso ea Maria e ile ea bontša eng ka eena? (b) Kajeno bacha ba ka ithuta’ng ho Maria?

7 Ho feta moo, lengeloi le ile la re mora oa hae o ne a “tla bitsoa Mora oa Ea Phahameng ka ho Fetisisa.” Motho a ka tsoala Mora oa Molimo joang? Ka sebele, Maria o ne a ka tsoala mora joang? O ne a lebelelitsoe ke Josefa empa a e-s’o mo nyale. Maria o ile a botsa potso ena a sa hlathe koana le koana, a re: “See se tla etsahala joang, kaha ha ke kopanele liphate le monna?” (Luka 1:34) Hlokomela hore Maria ha aa ka a hlajoa ke lihlong ho bua ka boroetsana ba hae. Ho e-na le hoo, o ne a le motlotlo hore o ebe lutse a hloekile. Kajeno, bacha ba bangata ba senya bocha ba bona ka ho potlakela ho kopanela liphate ’me ba soma ba sa etseng joalo. Ruri lefatše le fetohile. Leha ho le joalo, Jehova ha a e-s’o fetohe. (Mal. 3:6) Joaloka mehleng ea Maria, o sa ntse a ananela batho ba khomarelang melao ea hae ea boitšoaro.—Bala Baheberu 13:4.

8. Ke joang Maria a neng a ka tsoala ngoana ea phethahetseng le hoja a sa phethahala?

8 Le hoja Maria a ne a sebeletsa Molimo ka botšepehi, o ne a sa phethahala. Joale, ke joang a neng a ka tsoala ngoana ea se nang sekoli, Mora oa Molimo? Gabriele o ile a re: “Moea o halalelang o tla theohela holim’a hao, ’me matla a Ea Phahameng ka ho Fetisisa a tla u koahela. Ka lebaka leo le se tsoetsoeng se tla bitsoa se halalelang, Mor’a Molimo.” (Luka 1:35) Khalalelo e bolela “ho hloeka,” “ho se be le sekoli.” Ka tloaelo, bana ba futsa ho se hloeke le boetsalibe ho batsoali ba bona. Empa, tabeng ena Jehova o ne a tla etsa mohlolo. O ne a tla tlosa bophelo ba Mora oa hae leholimong a bo fetisetse pōpelong ea Maria ebe o sebelisa matla a hae, kapa moea oa hae o halalelang, hore a ‘koahele’ Maria, a sireletse ngoana eo hore a se ke a silafatsoa ke sebe. Na Maria o ile a kholoa seo lengeloi le mo tšepisang sona? O ile a re’ng?

Maria o Ile a Re’ng ho Gabriele?

9. (a) Ke hobane’ng ha batho ba belaellang tlaleho e mabapi le Maria ba fositse? (b) Gabriele o ile a matlafatsa tumelo ea Maria joang?

9 Batho ba nang le lipelaelo, ho akarelletsa le litsebi tse ling tsa thuto ea bolumeli malumeling a ipitsang a Bokreste, ha ba lumele hore moroetsana o ne a ka tsoala ngoana. Le hoja ba rutehile, ha ba utloisise ’nete ena e bonolo. Joalokaha Gabriele a boletse, “ho Molimo ha ho polelo e ke keng ea khoneha.” (Luka 1:37) Maria o ile a lumela hore mantsoe a Gabriele ke ’nete, hobane e ne e le moroetsana ea nang le tumelo e matla. Leha ho le joalo, o ne a sa lumele lintho ka hlooho e ntšo feela. Joaloka motho e mong le e mong ea nang le kelello, Maria o ne a hloka bopaki boo a ka thehang tumelo ea hae ho bona. Gabriele o ne a ikemiselitse ho mo fa bopaki bo eketsehileng. O ile a mo bolella ka mong ka eena ea hōlileng, e leng Elizabetha, eo ka nako e telele a neng a tsejoa e le nyopa. Ka mohlolo Molimo o ile a etsa hore a khone ho emola!

10. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho nahana hore Maria o ne a ke ke a thulana le mathata ka lebaka la boikarabelo boo a neng a bo filoe?

10 Joale Maria o ne a tla etsa’ng? O ne a fuoe boikarabelo ’me a e-na le bopaki ba hore Molimo o tla phetha sohle seo Gabriele a se buileng. Le hoja a ne a fuoe boikarabelo bo joalo, seo se ne se sa bolele hore o ne a ke ke a tšoenyeha kapa a thulana le mathata. Taba ea pele, o ne a lokela ho nahana ka Josefa ea mo lebelelitseng. Na o ne a tla ’ne a batle ho mo nyala le ha a utloa hore o imme? Taba ea bobeli, ho ne ho ka ’na ha bonahala eka o fuoe boikarabelo bo boima. O ne a lokela ho hlokomela bophelo ba motho oa bohlokoa ka ho fetisisa har’a pōpo eohle ea Molimo—e leng Mora oa hae ea ratoang! O ne a tla lokela ho mo hlokomela ha e le lesea le sa khoneng ho iketsetsa letho ’me a mo sireletse lefatšeng le khopo. Ruri e ne e le boikarabelo bo boima!

11, 12. (a) Ka linako tse ling banna ba matla le ba tšepahalang ba ile ba arabela joang ha Molimo a ba fa boikarabelo? (b) Maria o ile a bontša hore na ke motho ea joang ha a ne a araba Gabriele?

11 Bibele e bontša hore ka linako tse ling esita le banna ba matla le ba tšepahalang ba ne ba le leqe ho amohela boikarabelo bo boima boo Molimo a neng a ba fa bona. Moshe o ile a re a ke ke a khona ho ba ’muelli oa Molimo hobane ha a khone ho bua ka mokhoa o phollatsi. (Ex. 4:10) Jeremia o ile a re e sa le “moshanyana,” o sa le monyenyane hore a ka phetha mosebetsi oo Molimo a mo fileng oona. (Jer. 1:6) Athe Jonase eena o ile a balehela boikarabelo boo a neng a bo filoe! (Jon. 1:3) Maria eena?

12 Le kajeno mantsoe a hae a bontšang boikokobetso le ho mamela a ntse a hopoloa ke batho bohle ba nang le tumelo. O ile a re ho Gabriele: “Bona! Lekhabunyane la Jehova! E se eka ho ka nketsahalla ho ea ka polelo ea hao.” (Luka 1:38) Lekhabunyane e ne e le lekhoba la boemo bo tlaase ka ho fetisisa; bophelo ba lona bo ne bo le matleng a mong’a lona ka ho feletseng. Maria o ne a ikutloa joalo ka Mong’a hae, Jehova. O ne a tseba hore o matsohong a sireletsehileng, hore Jehova oa tšepahala ho ba tšepahalang ho eena, le hore o ne a tla mo hlohonolofatsa ha a ntse a etsa sohle seo a ka se khonang ho phethahatsa boikarabelo bona bo boima.—Pes. 18:25.

Maria o ne a tseba hore Molimo ea tšepahalang Jehova o tla mo sireletsa

13. Haeba Molimo a re re etse lintho tse ka ’nang tsa bonahala li le boima, kapa li ke ke tsa khoneha, mohlala oa Maria o ka re thusa joang?

13 Ka linako tse ling Molimo a ka re re etse lintho tse ka ’nang tsa bonahala li le boima, kapa tse ke keng tsa khoneha ha re li sheba. Leha ho le joalo, ka Lentsoeng la hae o fane ka mabaka a utloahalang a hore re mo tšepe ’me re ipehe matsohong a hae joaloka Maria. (Liprov. 3:5, 6) Na ke sona seo re tla se etsa? Haeba re etsa joalo, o tla re putsa, ka hona re tla ba le mabaka a hore re be le tumelo e matla haholo ho eena.

O Etela Elizabetha

14, 15. (a) Jehova o ile a putsa Maria joang ha a ne a etetse Elizabetha le Zakaria? (b) Polelo ea Maria e ho Luka 1:46-55, e bontša hore na e ne e le motho oa mofuta ofe?

14 Seo Gabriele a ileng a se bolella Maria ka Elizabetha se ile sa mo thabisa haholo. Har’a basali bohle ba lefatšeng, ha ho na ea neng a ka utloisisa boemo ba hae ho feta Elizabetha. Maria o ile a itlhahanela ho ea naheng e lithaba ea Juda, e leng leeto le ka nkang matsatsi a mararo ho isa ho a mane. Ha Maria a kena ka tlung ea Elizabetha le moprista Zakaria, Jehova o ile a mo putsa ka bopaki bo bong bo tiileng bo ileng ba matlafatsa tumelo ea hae. Eitse hang ha Elizabetha a utloa Maria a lumelisa, eaba o utloa lesea le ka pōpelong ea hae le tlōla ke thabo. O ile a tlala moea o halalelang eaba o bitsa Maria “’mè oa Moren’a ka.” Molimo o ile a tsebisa Elizabetha hore mora oa Maria e ne e tla ba Morena oa hae, Mesia. Ho feta moo, Molimo o ile a mo susumelletsa hore a rorise Maria ka hore ebe o ile a ikokobetsa ka botšepehi, ha a re: “Ho thaba le ea ileng a lumela.” (Luka 1:39-45) Ka sebele, ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo Jehova a neng a e tšepisitse Maria e ne e tla phethahala!

Setsoalle sa Maria le Elizabetha e ne e le tlhohonolofatso ho bona ka bobeli

15 Eaba Maria le eena oa bua. Mantsoe a hae a ngotsoe ka hloko ka har’a Lentsoe la Molimo. (Bala Luka 1:46-55.) Ke polelo e telele ka ho fetisisa e tlalehiloeng ka Bibeleng eo Maria a ileng a e bua ’me e bontša hore na e ne e le motho oa mofuta ofe. E bontša kamoo a neng a e-na le teboho le kananelo kateng, ha a ntse a rorisa Jehova ka hore ebe o mo hlohonolofalitse ka ho mo fa boikarabelo ba ho ba ’mè oa Mesia. E bontša kamoo tumelo ea hae e neng e le matla kateng, ha a re Jehova o kokobetsa ba ikhohomosang le ba matla ’me o thusa ba tlaase le ba futsanehileng ba batlang ho mo sebeletsa. Hape e bontša kamoo a neng a e-na le tsebo kateng. Ho hakanngoa hore o qotsitse Mangolo a Seheberu ka makhetlo a fetang 20! *

16, 17. (a) Maria le mora oa hae ba ile ba bontša moea oo re lokelang ho ba le ’ona joang? (b) Ho etela ha Maria Elizabetha ho re hopotsa tlhohonolofatso efe?

16 Ho hlakile hore Maria o ne a nahanisisa ka Lentsoe la Molimo. Leha ho le joalo, o ile a lula a ikokobelitse, a khetha ho hlalosa boemo ba hae a sebelisa Mangolo ho e-na le hore a bue lintho tseo a iqapelang tsona. Mora ea neng a ntse a hōla ka pōpelong ea hae, ka letsatsi le leng o ne a tla bontša moea o tšoanang ’me a re: “Seo ke se rutang hase sa ka, empa ke sa ea nthomileng.” (Joh. 7:16) Re lokela ho ipotsa lipotso tse kang tsena: ‘Na ke bontša tlhompho ka tsela e joalo ka Lentsoe la Molimo? Kapa na ke rata ho buella likhopolo le lithuto tsa ka?’ Karabo ea Maria e hlakile.

17 Maria o ile a qeta likhoeli tse ka bang tse tharo a lula le Elizabetha, ’me ha ho pelaelo hore ba ne ba khothatsana haholo. (Luka 1:56) Tlaleho ena e thabisang ea Bibele e buang ka ketelo ena e re hopotsa kamoo ho ba le metsoalle e leng tlhohonolofatso kateng. Haeba re batla metsoalle e hlileng e ratang Molimo oa rōna, Jehova, ruri kamano ea rōna le eena e tla hōla ’me re tla atamela haufi le eena. (Liprov. 13:20) Leha ho le joalo, qetellong nako ea hore Maria a khutlele hae e ile ea fihla. Josefa o ne a tla re’ng ha a utloa hore na boemo ba hae ke bofe?

Maria le Josefa

18. Maria o ile a bolella Josefa eng, hona Josefa o ile a etsa’ng?

18 Mohlomong Maria ha aa ka a letela hore batho bohle ba lemohe hore o imme pele a bolella Josefa. Ntle ho pelaelo o ile a lokela ho mo tsebisa. Pele a mo bolella, e ka ’na eaba o ne a ipotsa hore na monna enoa ea lokileng, ea tšabang Molimo o tla re’ng. Leha ho le joalo, o ile a ea ho eena ’me a mo bolella sohle se mo etsahaletseng. Joalokaha u ka inahanela, Josefa o ne a khathatsehile haholo. O ne a batla ho lumela seo ngoanana enoa ea ratehang a mo bolellang sona, empa ho ne ho bonahala eka o mo tsoile tlaase. Bibele ha e re bolelle hore na o ne a nahana eng. Empa e re o ile a etsa qeto ea ho mo hlala, hobane ho ne ho nkoa hore batho ba lebeletsaneng ba se ba ntse ba nyalane. Leha ho le joalo, o ne a sa batle ho mo tlotlolla kapa ho etsa hore a ahloloe, eaba o etsa qeto ea ho mo hlala sephiring. (Mat. 1:18, 19) E tlameha ebe Maria o ile a utloa bohloko ha a bona monna enoa ea lokileng a nahana ka thata ka boemo bona bo sa tloaelehang. Empa, Maria ha aa ka a koata.

19. Jehova o ile a thusa Josefa joang hore a etse qeto e molemo?

19 Jehova ha aa ka a tlohela Josefa hore a etse seo ho neng ho bonahala eka se lokile. Lengeloi la Molimo le ile la mo bolella torong hore kannete Maria o imme ka mohlolo. E tlameha ebe o ile a utloa le litsebeng! Eaba Josefa o etsa seo Maria a ileng a se etsa ho tloha qalong—a iphaphatha le tataiso ea Jehova. O ile a nyala Maria ’me a ikemisetsa ho jara boikarabelo bo khethehileng ba ho hlokomela Mora oa Jehova.—Mat. 1:20-24.

20, 21. Banyalani le ba nahanang ho kena lenyalong ba ka ithuta’ng ho Maria le Josefa?

20 Banyalani—le ba nahanang ho kena lenyalong—ba lokela ho ithuta mohlaleng oa banyalani bana ba bacha ba phetseng lilemong tse 2 000 tse fetileng. Ha Josefa a bona mosali oa hae e mocha a phetha mesebetsi le boikarabelo ba hae joaloka ’mè, ha ho pelaelo hore o ile a thaba hore ebe lengeloi la Jehova le mo tataisitse. E tlameha ebe Josefa o ile a hlokomela bohlokoa ba ho itšetleha ka Jehova ha a etsa liqeto tsa bohlokoa. (Pes. 37:5; Liprov. 18:13) Ha ho pelaelo hore ha a etsa liqeto joaloka hlooho ea lelapa o ne a le hlokolosi a bile a le mosa.

21 Ka lehlakoreng le leng, re ka fihlela qeto efe ka boikemisetso ba Maria ba hore a nyaloe ke Josefa? Le hoja e ka ’na eaba qalong Josefa o ne a sa kholoe seo a mo bolellang sona, Maria o ile a tlohela lintho matsohong a hae e le hore a etse qeto ea hore na ba tla etsa joang joalokaha e ne e tla ba hlooho ea lelapa. Ka sebele ena e bile thuto ea bohlokoa ho eena, ebile ke ea bohlokoa le ho basali ba Bakreste kajeno. Qetellong, mohlomong liketsahalo tsena li ile tsa ruta Josefa le Maria kamoo ho leng bohlokoa kateng ho buisana ka botšepehi, ba sa patelane letho.—Bala Liproverbia 15:22.

22. Josefa le Maria ba ile ba qalisa lenyalo la bona ka tsela efe, hona ba ne ba tobane le eng?

22 Ruri banyalani bao ba bacha ba ile ba qalisa lenyalo la bona ka tsela e molemo ka ho fetisisa. Ba ne ba rata Jehova Molimo ho feta mang kapa mang ’me ba labalabela ho mo khahlisa ka ho ba batsoali ba nang le boikarabelo le ba tsotellang. Ha e le hantle, ba ne ba letetsoe ke mahlohonolo a maholo—esita le mosebetsi o boima. Ba ne ba tobane le ho hōlisa Jesu, eo e neng etlare ha a hōlile e be motho e moholo ka ho fetisisa eo lefatše le kileng la mo tseba.

^ ser. 15 Ho bonahala a mang a mantsoe ao Maria a ileng a a qotsa e ne e le a mosali e mong ea tšepahalang, Anna, eo le eena Jehova a ileng a mo hlohonolofatsa ka ho mo fa ngoana.—Bona lebokose le reng “Lithapelo Tse Peli Tse Ikhethang,” Khaolong ea 6.