Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA MASHOME A MABELI A METSO E ’MELI

O ne a Tšepahala ho sa Tsotellehe Liteko

O ne a Tšepahala ho sa Tsotellehe Liteko

1, 2. Petrose o ne a nahana hore ho tla etsahala’ng ha Jesu a ntse a ruta Kapernauma, empa ke’ng se ileng sa etsahala?

A TŠOENYEHILE, Petrose o ile a sheba lifahleho tsa bamameli ba Jesu. Ba ne ba le ka synagogeng ea Kapernauma. Petrose o ne a ahile motseng ona; khoebo ea hae ea ho tšoasa litlhapi e ne e le hona mona, lebōpong la Leoatle la Galilea; bongata ba metsoalle ea hae hammoho le ba lelapa le bahoebi-’moho le eena ba ne ba lula mona. Ha ho pelaelo hore Petrose o ne a lakatsa eka batho bao ba habo ba ka talima Jesu ka tsela eo a mo talimang ka eona, ba thabele ho ithuta ka ’Muso oa Molimo ho mosuoe enoa e moholo ka ho fetisisa. Empa ha hoa ka ha e-ba joalo letsatsing leo.

2 Ba bangata ba ile khaotsa ho mamela. Ba bang ba ne ba koma-koma, ba hanyetsa seo Jesu a se buang. Empa ntho e ileng ea tšoenya Petrose le ho feta, ke tsela eo barutuoa ba bang ba Jesu ba ileng ba itšoara ka eona. Lifahleho tsa bona li ne li se li sa bontše hore li thabela ho ithuta lintho tsa bohlokoa, ho tseba lintho tse ncha le ho thabela ho tseba ’nete. Ba ne ba se ba teneha ba bile ba halefa. Ba bang ba ile ba ba ba re puo ea Jesu ea tšosa. Ba ne ba se ba sa batle ho mamela ho feta moo ’me ba tsoa ka synagogeng—ba ba ba khaotsa le ho latela Jesu.—Bala Johanne 6:60, 66.

3. Ka makhetlo-khetlo tumelo ea Petrose e ile ea mo thusa hore a etse’ng?

3 Ena e ne e le nako e boima ho Petrose le baapostola ba bang. Letsatsing leo, Petrose o ne a sa utloisisa ka botlalo seo Jesu a se buileng. Ha ho pelaelo hore o ile a hlokomela hore na ke hobane’ng ha mantsoe ao Jesu a a buileng a ka halefisang motho, haeba a sa hlalosoe. Petrose o ne a tla etsa’ng? E ne e se lekhetlo la pele botšepehi ba hae ho Mong’a hae bo lekoa ebile e ne e se la ho qetela. A re ke re bone hore na tumelo ea Petrose e ile ea mo thusa joang hore a hlōle liteko tseo ’me a lule a tšepahala.

O Ile a Lula a Tšepahala ha ba Bang ba Kheloha

4, 5. Jesu o ile a etsa lintho joang ka tsela e fapaneng le eo batho ba neng ba e lebeletse?

4 Hangata Petrose o ne a makatsoa ke tsela eo Jesu a etsang lintho ka eona. Ka makhetlo a mangata, Mong’a hae o ne a etsa lintho kapa a bua ka tsela e fapaneng le eo batho ba neng ba e lebeletse. Letsatsi feela pele ho moo, Jesu o ile a fepa letšoele la batho ba likete ka mohlolo. Ka lebaka leo, batho ba ile ba batla ho mo etsa morena. Leha ho le joalo, o ile a makatsa ba bangata eaba oa tloha, a ba a laela barutuoa ba hae hore ba palame sekepe ba ee Kapernauma. Ha barutuoa ba ntse ba tsamaea ka sekepe bosiu, Jesu o ile a ba makatsa hape ka hore a tsamaee holim’a Leoatle la Galilea le ntseng le loebehlana, a ruta Petrose thuto ea bohlokoa ea ho ba le tumelo.

5 Hoseng ba ile ba hlokomela hore letšoele leo le ba setse morao, le tsamaile ka tsela e iphaphathileng ka letša. Leha ho le joalo, ho hlakile hore batho bao ba ne ba labalabela ho bona ha Jesu a ba fepa ka mohlolo hape, eseng hore a ba rute. Jesu o ile a ba khalemela ka matla ka lebaka la hore ba ne ba rata lintho tsa nama. (Joh. 6:25-27) Jesu o ile a tsoela pele a bua ka taba eo ka synagogeng e Kapernauma, moo a ileng a boela a etsa ntho eo ba neng ba sa e lebella ha a leka ho ba ruta thuto ea bohlokoa e thata, empa e le ’nete.

6. Jesu o ile a etsa papiso efe, hona batho ba neng ba mo mametse ba ile ba etsa’ng?

6 Jesu o ne a sa batle hore batho bao ba mo latele hobane feela a ka fana ka lijo tsa nama, empa o ne a batla hore ba mo talime joaloka tokisetso ea moea e tsoang ho Molimo; e le eo bophelo ba hae le lefu la hae li fang batho monyetla oa ho phela ka ho sa feleng. Kahoo, o ile a etsa papiso, a itšoantša le manna, e leng bohobe bo ileng ba theoha leholimong mehleng ea Moshe. Ha ba bang ba mo hanyetsa, o ile a etsa papiso e tobileng, a hlalosa hore, e le hore ba fumane bophelo, ba lokela ho ja nama ea hae le ho noa mali a hae. Ke nakong ena moo ba ileng ba mo hanyetsa ka matla. Ba bang ba ile ba re: “Puo ena ea tšosa; ke mang ea ka e mamelang?” Barutuoa ba bangata ba Jesu ba ile ba khaotsa ho mo latela. *Joh. 6:48-60, 66.

7, 8. (a) Ke’ng eo Petrose a neng a e-s’o ka a e utloisisa mabapi le Jesu? (b) Petrose o ile a arabella baapostola potso ea Jesu ka ho re’ng?

7 Petrose o ne a tla etsa’ng? E tlameha ebe le eena o ne a tsielitsoe ke mantsoe a Jesu. O ne a e-s’o utloisise hore Jesu o lokela ho shoa e le hore a phethe thato ea Molimo. Na Petrose o ile a ikutloa a batla ho khaotsa ho latela Jesu joaloka barutuoa bao ba sa tsitsang ba ileng ba nyahlatsa Jesu letsatsing leo? Che; Petrose o ne a e-na le tšobotsi ea bohlokoa e neng e etsa hore a fapane le batho bao. E ne e le efe?

8 Jesu o ile a retelehela ho baapostola ba hae eaba o re: “Le lōna ha le batle ho tsamaea, na ha ho joalo?” (Joh. 6:67) O ne a bua le ba 12, empa Petrose ke eena ea ileng a araba. Hangata ke eena ea neng a araba pele. E ka ’na eaba Petrose o ne a le moholo ho bona kaofela. Ho sa tsotellehe hore na lebaka e ne e le lefe, ke eena ea neng a atisa ho bua sehlopheng; ho bonahala Petrose a ne a se leqe ho bua seo a se nahanang. Tabeng ena, ntho e neng e le kelellong ea hae, e ne e le mantsoe ana a hlollang le a sa lebaleheng, a reng: “Morena, re tla tloha re ee ho mang? Ke uena ea nang le lipolelo tsa bophelo bo sa feleng.”—Joh. 6:68.

9. Petrose o ile a bontša botšepehi joang ho Jesu?

9 Na mantsoe ao ha a u ame pelo? Tumelo eo Petrose a neng a e-na le eona ho Jesu e ile ea mo thusa hore a be le tšobotsi ea bohlokoa haholo—e leng botšepehi. Petrose o ile a hlakeloa hore Jesu ke eena feela Mopholosi eo Jehova a faneng ka eena ’me Jesu o ile a pholosa batho ka lipolelo tsa hae—e leng lithuto tse mabapi le ’Muso oa Molimo. Petrose o ne a tseba hore le hoja a ne a sa utloisise lintho tse itseng, ho ne ho se moo a ka eang haeba a ne a batla hore a amoheloe ke Molimo le hore a fumane bophelo bo sa feleng.

Re lokela ho bontša hore re tšepa lithuto tsa Jesu esita le haeba re sa li utloisise kapa li le khahlanong le lintho tseo re li ratang

10. Re ka bontša botšepehi bo tšoanang le ba Petrose joang kajeno?

10 Na ke tsela eo u ikutloang ka eona? Ka masoabi, ba bangata mehleng ena ba bolela hore ba rata Jesu, empa ba hlōleha ho tšepahala. E le hore re tšepahale ho Kreste e le kannete, ho hlokahala hore re talime lithuto tsa Jesu ka tsela eo Petrose a neng a li talima ka eona. Re lokela ho ithuta tsona, re utloisise hore na li bolela’ng re be re phele ka tsela e lumellanang le tsona—esita le haeba re sa li utloisise kapa li le khahlanong le lintho tseo re li ratang. Re ka fumana bophelo bo sa feleng boo Jesu a batlang hore re bo fumane hafeela re tšepahala.—Bala Pesaleme ea 97:10.

O Ile a Lula a Tšepahala Leha a Khalemeloa

11. Jesu o ile a isa balateli ba hae sebakeng sefe? (Sheba le mongolo o botlaaseng ba leqephe.)

11 Nakoana ka mor’a nako eo e maphathaphathe, Jesu o ile a nka leeto le lelelele le baapostola ba hae le barutuoa ba bang ba hae ho ea ka leboea. Tlhōrō e kupelitsoeng ke lehloa ea Thaba ea Hermone, e neng e le ka leboea ho Naha e Tšepisitsoeng, ka linako tse ling e ne e bonahala leha motho a le Leoatleng la Galilea le metsi a maputsoa. Butle-butle bolelele ba thaba bo ile ba ’na ba bonahala le ho feta ha sehlopha sena se ntse se atamela se nyolosa meepa e lebang metseng e pel’a Cesarea Filipi. * Sebakeng sena se setle moo ho neng ho bonahala boholo ba karolo e ka boroa ea Naha e Tšepisitsoeng, Jesu o ile a botsa balateli ba hae potso ea bohlokoa.

12, 13. (a) Ke hobane’ng ha Jesu a ne a batla ho tseba hore na batho ba nahana hore ke mang? (b) Petrose o ile a bontša tumelo ea sebele joang ka seo a ileng a se bua ho Jesu?

12 O ne a batla ho tseba: “Bongata bo re ke mang?” Re ka inahanela feela Petrose a shebile Jesu ea neng a labalabela ho fumana karabo, a boetse a lemoha kamoo Mong’a hae a leng mosa a bileng a leng bohlale haholo kateng. Jesu o ne a thahasella ho tseba hore na bamameli ba hae ba entse qeto efe ka seo ba se boneng le seo ba se utloileng. Barutuoa ba Jesu ba ile ba mo araba ka ho mo bolella likhopolo tse fosahetseng tseo batho ba neng ba e-na le tsona mabapi le hore na Jesu ke mang. Empa Jesu o ne a sa batle ho tseba seo feela. Na balateli ba hae ba haufi-ufi ba ne ba nahana joalo? O ile a ba botsa: “Leha ho le joalo, lōna le re ke mang?”—Luka 9:18-20.

13 Le lekhetlong lena, Petrose o ile a arabela kapele. Ka sebete le ka tsela e hlakileng, o ile a bua seo ba bangata moo ba neng ba se nahanne. O ile a re: “U Kreste, Mora oa Molimo ea phelang.” Re ka inahanela feela ha Jesu a lumela ka ho bososela ’me a babatsa Petrose. Jesu o ile a hopotsa Petrose hore ke Jehova Molimo—eseng motho le ha e le ofe—ea neng a entse hore batho ba nang le tumelo ea sebele ba utloisise ’nete eo ea bohlokoa. Jehova o ne a entse hore Petrose a lemohe ’nete ea bohlokoa ka ho fetisisa eo a neng A e-s’o e senole—e leng ea hore na Mesia kapa Kreste eo e leng khale a letetsoe ke mang!—Bala Matheu 16:16, 17.

14. Jesu o ile a fa Petrose boikarabelo bofe ba bohlokoa?

14 Kreste enoa e ne e le eena eo boprofeta ba boholo-holo bo neng bo itse ke lejoe leo lihahi li tla le lahla. (Pes. 118:22; Luka 20:17) A hopotse boprofeta boo, Jesu o ile a senola hore Jehova o ne a tla theha phutheho lejoeng leo, kapa lefikeng lona leo Petrose a qetang ho le bolela. Eaba o fa Petrose boikarabelo ba bohlokoa haholo phuthehong eo. Ha aa ka a fa Petrose boemo bo phahametseng ba baapostola ba bang, joalokaha batho ba bang ba nahana joalo, empa o ile a mo fa boikarabelo. O ile a fa Petrose “linotlolo tsa ’muso.” (Mat. 16:19) Boikarabelo ba Petrose e ne e tla ba ho fa batho tšepo ea ho kena ’Musong oa Molimo ho tsoa merabeng e meraro—ho Bajuda pele, e ntan’o ba Basamaria, qetellong e be Balichaba kapa batho bao e seng Bajuda.

15. Ke’ng e ileng ea etsa hore Petrose a khalemele Jesu ka matla, hona o ile a re’ng?

15 Leha ho le joalo, hamorao Jesu o ile a bontša hore ba fuoang ho hongata ho tla batloa ho hongata ho bona ’me Petrose e ne e le e mong oa bona. (Luka 12:48) Jesu o ile a tsoela pele ho senola linnete tsa bohlokoa ka Mesia, tse akarelletsang hore haufinyane o tla hlokofatsoa ’me a bolaeloe Jerusalema. Petrose ha aa ka a thabela ho utloa litaba tseo. O ile a nkela Jesu ka thōko eaba o mo khalemela ka matla, o re: “Ikhauhele, Morena; ho hang u ke ke ua ba le qetello ena.”—Mat. 16:21, 22.

16. Jesu o ile a thusa Petrose joang, hona ke keletso efe eo re ka e fumanang mantsoeng a Jesu?

16 Ha ho pelaelo hore Petrose o ne a bua seo ka maikutlo a matle, kahoo e ka ’na eaba karabo ea Jesu e ile ea mo makatsa. O ile a furalla Petrose, a sheba barutuoa ba hae—bao e ka ’nang eaba le bona ba ne ba nahana se tšoanang—eaba o re: “Suthela ka mor’a ka, Satane! U khopiso ho ’na, hobane u nahana menahano ea batho, eseng ea Molimo.” (Mat. 16:23; Mar. 8:32, 33) Le rōna re ka latela keletso eo ea Jesu. Ho bonolo hore re lumellane le menahano ea batho ho e-na le menahano ea Molimo. Haeba re etsa joalo, le hoja morero oa rōna e le ho thusa, re ka ’na ra iphumana re tšehetsa merero ea Satane eseng ea Molimo. Leha ho le joalo, Petrose o ile a arabela joang?

17. Jesu o ne a bolela’ng ha a ne a re Petrose a ‘suthele ka mor’a’ hae?

17 Petrose o ne a tseba hore joang kapa joang Jesu o ne a sa bolele hore ehlile ke Satane Diabolose. Etsoe tsela eo Jesu a neng a bua le Petrose ka eona e ne e sa tšoane le eo a ileng a bua le Satane ka eona. Jesu o ile a re ho Satane: “Tloha”; empa ho Petrose o ile a re: “Suthela ka mor’a ka.” (Mat. 4:10) Jesu ha aa ka a lahla moapostola enoa oa hae eo a neng a bona hore o na le litšobotsi tse ngata tse ntle, O ne a mpa a lokisa tsela e fosahetseng eo a neng a nahana taba ena ka eona. Ho hlakile hore ho ne ho hlokahala hore Petrose a se ke a sitisa Mong’a hae ka ho mo ema ka pele, empa a be ka mor’a hae joaloka molateli ea mo tšehetsang.

Ke feela haeba re amohela khalemelo ka boikokobetso ’me re ithuta ho eona, re ka tsoelang pele ho atamela haufi le Jesu Kreste le Ntate oa hae, Jehova Molimo

18. Petrose o ile a bontša joang hore oa tšepahala, hona re ka mo etsisa joang?

18 Na Petrose o ile a etsa khang, a halefa kapa a koata? Che; o ile a amohela khalemelo ka boikokobetso. Kahoo o ile a bontša botšepehi hape. Balateli bohle ba Kreste ba hloka ho khalemeloa ka linako tse ling. Ke feela haeba re amohela khalemelo ka boikokobetso ’me re ithuta ho eona, re ka tsoelang pele ho atamela haufi le Jesu Kreste le Ntate oa hae, Jehova Molimo.—Bala Liproverbia 4:13.

Petrose o ile a lula a tšepahala esita leha a ne a khalemeloa

O Ile a Putsoa ka Lebaka la Botšepehi

19. Jesu o ile a bua mantsoe afe a makatsang, hona e ka ’na eaba Petrose o ne a nahana’ng?

19 Ka mor’a nakoana Jesu o ile a bua mantsoe a mang a makatsang: “Kannete ke re ho lōna ho na le ba bang ba emeng mona bao ho hang ba ke keng ba latsoa lefu pele ba bona Mor’a motho a tla ka ’muso oa hae.” (Mat. 16:28) Ha ho pelaelo hore mantsoe ao a ile a etsa hore Petrose a labalabele ho tseba ho eketsehileng. Ebe Jesu o ne a bolela’ng? Mohlomong Petrose o ne a nahana hore ka lebaka la khalemelo e matla eo a sa tsoa e fuoa, o ne a ke ke a fumana tokelo eo e ikhethang.

20, 21. (a) Hlalosa pono eo Petrose a e boneng. (b) Puisano e ileng ea e-ba pakeng tsa banna ba ponong, e ile ea thusa Petrose joang?

20 Leha ho le joalo, hoo e ka bang beke ka mor’a moo, Jesu o ile a nka Jakobo, Johanne le Petrose a nyolohela le bona “thabeng e phahameng”—mohlomong Thabeng ea Hermone e neng e le bohōle ba lik’hilomithara tse 25. E ka ’na eaba e ne e se e le bosiu kaha banna bao ba bararo ba ne ba imetsoe ke boroko. Empa ha Jesu a ntse a rapela, ho ile ha etsahala ntho e ’ngoe e ileng ea etsa hore ba hlaphoheloe borokong.—Mat. 17:1; Luka 9:28, 29, 32.

21 Jesu o ile a qala ho fetoha ba ntse ba mo shebile. Sefahleho sa hae se ile sa qala ho khanya, sa benya ho fihlela se khanya joaloka letsatsi. Liaparo tsa hae le tsona li ile tsa e-ba tšoeu ka mokhoa o benyang. Eaba ho hlaha banna ba babeli pel’a Jesu, e mong o ne a tšoantšetsa Moshe ha e mong a tšoantšetsa Elia. Ba ile ba buisana le eena ka “ho tloha ha hae hoo a neng a reretsoe ho ho phethahatsa Jerusalema”—ho bonahala ba ne ba buisana ka lefu le tsoho ea hae. Joale ho ne ho hlakile hore Petrose o ne a fositse ha a ne a hana hore Jesu o ne a ke ke a hlaheloa ke ntho e bohloko joalo!—Luka 9:30, 31.

22, 23. (a) Petrose o ile a bontša joang hore o mafolofolo le hore o na le botsoalle? (b) Petrose, Jakobo le Johanne ba ile ba putsoa ka eng hape bosiung boo?

22 Petrose o ile a ikutloa a tlameha ho kenya letsoho ponong ena e ikhethang—mohlomong a batla hore e nke nako e teletsana. Ho ile ha bonahala eka Moshe le Elia ba tloha ho Jesu. Kahoo Petrose o ile a re: “Morupeli, ho hotle hore re be mona, kahoo a re hlomeng litente tse tharo, e ’ngoe bakeng sa hao ’me e ’ngoe bakeng sa Moshe ’me e ’ngoe bakeng sa Elia.” Ke ’nete hore bahlanka bana ba Jehova bao e leng khale ba shoele, ba tšoantšelitsoeng ponong ena, ba ne ba sa hloke litente. Ha e le hantle Petrose o ne a sa tsebe hore na o bolela’ng. Empa, na ha u utloe u khahloa ke monna eo ea neng a le mafolofolo a bile a le botsoalle?—Luka 9:33.

Petrose hammoho le Jakobo le Johanne, ba ile ba putsoa ka ho bontšoa pono e hlollang

23 Petrose, Jakobo le Johanne ba ile ba putsoa ka ntho e ’ngoe hape bosiung boo. Leru le ile la bōpeha eaba lea ba koahela hona moo thabeng. Ho ile ha tsoa lentsoe ho lona—e leng lentsoe la Jehova Molimo! O ile a re: “Enoa ke Mora oa ka, ea khethiloeng. Mo mameleng.” Joale pono e ile ea fela ’me ba sala le Jesu thabeng.—Luka 9:34-36.

24. (a) Petrose o ile a rua molemo joang ka mor’a ho bona pono ea ho fetoha sebōpeho? (b) Pono ea ho fetoha sebōpeho e ka re thusa hore re rue molemo joang kajeno?

24 Ka sebele pono eo e ne e le mpho ea bohlokoa ho Petrose, le ho rōna! Lilemo tse mashome hamorao o ile a ngola ka tlotla eo, eo a ileng a ba le eona bosiung boo ea ho ba e mong oa “lipaki tse boneng ka mahlo tsa botle ba hae bo hlollang,” le ho bona esale pele ha Jesu e se e le Morena ea khanyang ea busang leholimong. Pono eo e ile ea phethahatsa boprofeta bo bongata bo ka Lentsoeng la Molimo ea ba ea tiisa tumelo ea Petrose bakeng sa liteko tseo a neng a tla kopana le tsona. (Bala 2 Petrose 1:16-19.) Le rōna e ka re tiisa, haeba joaloka Petrose re lula re tšepahala ho Mong’a rōna eo Jehova a mo khethileng, re ithuta ho eena, re amohela ha a re laea leha a re khalemela re bile re mo latela ka boikokobetso letsatsi le letsatsi.

^ ser. 6 Re khona ho bona ho se tsitse ha letšoele lena ka synagogeng ha re bapisa tsela eo le itšoarang ka eona hona joale ha le utloa mantsoe a Jesu le cheseho ea lona ea letsatsing le fetileng ha le ne le phatlalatsa hore Jesu ke moprofeta oa Molimo.—Joh. 6:14.

^ ser. 11 Ho tloha lebōpong la Leoatle la Galilea, sehlopha sena se ile sa qala leeto leo la lik’hilomithara tse 50 ho tloha sebakeng sa limithara tse 210 ka tlas’a bophahamo ba leoatle ho fihlela se le ka holimo ho bophahamo ba leoatle ka limithara tse 350, ba feta libaka tse botle bo hlollang.