Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA LESHOME LE METSO E MERARO

O Ile a Ithuta Liphosong Tsa Hae

O Ile a Ithuta Liphosong Tsa Hae

1, 2. (a) Jonase le basesisi ba sekepe ba ile ba hlaheloa ke eng ka lebaka la phoso ea Jonase? (b) Pale ea Jonase e ka re thusa joang?

JONASE o ne a lakatsa eka litsebe tsa hae li ka kibana e le hore a se ke a utloa lerata lena le mo tšosang. O ne a sa tšoenngoe feela ke moea o matla o letsang mololi ha o foka pakeng tsa liropo tse tšoereng liseile; kapa hona ho tšoenngoa ke maqhubu a maholohali a neng a khahlellana maphakong a sekepe, e leng se neng se etsa hore mapolanka a sona a lle matlere. Che, empa Jonase o ne a tšoenngoa ke lerata la mosesisi oa sekepe, motsamaisi oa sona le sehlopha sa hae, ha ba ntse ba loana ka thata hore sekepe se se ke sa teba. Jonase o ne a bona hantle hore batho bao kaofela ba mothating oa ho shoa—le hona ka lebaka la hae!

2 Ho tlile joang hore Jonase a be maqakabetsing ao? O ne a entse phoso e khōlō ka hore a se ke a mamela Molimo oa hae, Jehova. O ne a entse’ng? Na lintho li ne li le mpe hoo li neng li ke ke tsa hlola li loka? Re ka ithuta lintho tse ngata likarabong tsa lipotso tseo. Ka mohlala, tlaleho ea Jonase e re bontša hore esita le batho ba matla tumelong ba ka etsa liphoso—ebile e re bontša kamoo ba ka lokisang liphoso tsa bona kateng.

Moprofeta ea Tsoang Galilea

3-5. (a) Hangata ha batho ba nahana ka Jonase ba hopola eng? (b) Ke eng seo re se tsebang ka Jonase? (Sheba le mongolo o botlaaseng ba leqephe.) (c) Ke hobane’ng ha kabelo ea Jonase ea ho profeta e ne e se bonolo ebile e se monate?

3 Hangata ha batho ba nahana ka Jonase, ho bonahala ba hopola haholo-holo liphoso tsa hae, tse kang hore ha aa ka a mamela ka makhetlo a ’maloa kapa hore o ile a ba manganga. Empa ho na le lintho tse ngata tse molemo tseo re ka ithutang tsona ka eena. Hopola hore Jonase o ile a khethoa hore e be moprofeta oa Jehova Molimo. Ho hang Jehova o ne a ke ke a mo khetha hore a phethe boikarabelo bo boholo hakaalo haeba a ne a sa tšepahale kapa a sa loka.

Ho na le lintho tse ngata tse molemo tseo re ka ithutang tsona ho Jonase ho feta liphoso tsa hae

4 Bibele e re fa boitsebiso bo seng bokae mabapi le hore na Jonase e ne e le mang. (Bala 2 Marena 14:25.) O ne a tsoa Gathe-hefere, e bohōle ba lik’hilomithara tse ’nè feela ho tloha Nazaretha, e leng motse oo Jesu Kreste a neng a tla hōlela ho oona lilemong tse ka bang makholo a robeli hamorao. * Jonase e ile ea e-ba moprofeta nakong ea puso ea Morena Jeroboame II, ea neng a busa ’musong oa Iseraele oa meloko e leshome. E ne e se e le khale Elia a shoele; ’me mohlahlami oa hae, e leng Elisha, o ile a hlokahala nakong ea ha ho busa ntat’a Jeroboame. Le hoja Jehova a ne a ile a sebelisa banna bao hore ba felise borapeli ba Baale, Baiseraele ba ne ba boetse ba hlahlathela ka manganga. Joale naha e ne e se e busoa ke morena ea neng “a tsoela pele ho etsa se sebe mahlong a Jehova.” (2 Mar. 14:24) Kahoo e tlameha ebe tšebeletso ea Jonase e ne e se bonolo ebile e se monate. Leha ho le joalo, o ile a e phetha ka botšepehi.

5 Leha ho le joalo, ka le leng la matsatsi bophelo ba Jonase bo ile ba fetoha ka tšohanyetso. Jehova o ile a mo fa kabelo eo Jonase a neng a bona eka e tla mo imela haholo. Jehova o ne a re a etse’ng?

“Ema, U ee Ninive”

6. Jehova o ile a fa Jonase kabelo efe, hona ke hobane’ng ha e ne e bonahala e tšosa?

6 Jehova o ile a re ho Jonase: “Ema, u ee Ninive motseng o moholo, ’me u phatlalatse khahlanong le eona hore bobe ba bona bo nyolohetse ka pel’a ka.” (Jon. 1:2) Ha ho thata ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha ho ne ho bonahala eka kabelo eo ea tšosa. Ninive e ne e le bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 800 ka bochabela, e leng leeto leo motho a neng a ka nka khoeli kaofela a tsamaea ka maoto. Leha le ho joalo, e ka ’na eaba mathata ao Jonase a neng a tla kopana le ’ona leetong leo e ne e se letho ha a bapisoa le se larileng ka pele. Jonase o ne a lokela ho isa molaetsa oa kahlolo ea Jehova ho Baassyria ba neng ba lula Ninive, ba neng ba tumme hampe ka ho ba batho ba mabifi, ba bile ba le sehlōhō ka ho fetisisa. Kaha boholo ba batho ba Molimo ba ne ba sa ka ba mamela molaetsa oa Jonase, e tlameha ebe o ile a ipotsa hore na ebe bahetene bao ba ne ba tla mo mamela na. Mohlanka a le mong feela oa Jehova o ne a ka khona joang har’a Ninive e khōlō hakaalo, eo hamorao e neng e tla bitsoa “motse oa tšollo ea mali”?—Nah. 3:1, 7.

7, 8. (a) Jonase o ne a ikemiselitse hakae ho baleha kabelo eo Jehova a neng a mo file eona? (b) Ke hobane’ng ha re sa lokela ho nahana hore Jonase e ne e le lekoala?

7 Mohlomong Jonase le eena o ile a nahana ka seo. Empa ha re tsebe. Ntho feela eo re e tsebang ke hore o ile a tšola tlhako morong. Jehova o ne a mo laetse hore a ee ka bochabela; Jonase eena a leba ka bophirimela, a ea hōle moo a neng a sa tsebe teng. O ile a theohela boema-kepeng ba motse oa Jopa, moo a ileng a fumana sekepe se eang Tarshishe. Litsebi tse ling li bolela hore Tarshishe e ne e le Spain. Haeba ho joalo, Jonase o ne a ea sebakeng se bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 3 500 ho tloha Ninive. Mohlomong ho tšela Leoatle le Leholo ho ne ho ka nka selemo kaofela. Jonase o ne a hlile a ikemiselitse ho baleha kabelo eo Jehova a neng a mo file eona!—Bala Jonase 1:3.

8 Na see se bolela hore Jonase e ne e le lekoala? Ha rea lokela ho potlakela ho etsa qeto eo. Joalokaha re tla bona, e ne e le motho ea sebete ka tsela e tsotehang. Leha ho le joalo, Jonase o ne a tšoana le mang le mang ka hore o ne a sa phethahala a bile a etsa liphoso tse ngata. (Pes. 51:5) Ke mang har’a rōna ea ka bolelang hore eena ha ho mohla a eeng a tšohe?

9. Ka linako tse ling re ka ’na ra ikutloa joang ka kabelo eo Jehova a re fang eona, hona ke ntho efe eo re lokelang ho e hopola linakong tse kang tseo?

9 Ka linako tse ling ho ka ’na ha bonahala eka seo Molimo a reng re se etse se thata, ebile ke ntho eo re ke keng ra e khona. Mohlomong re ka ba ra fumana ho le thata ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo, e leng seo ho hlokahalang hore Bakreste ba se etse. (Mat. 24:14) Ho bonolo haholo hore re lebale taba ea bohlokoa eo Jesu a ileng a e bua, ha a re: “Lintho tsohle lia khoneha ho Molimo.” (Mar. 10:27) Haeba ka linako tse ling re ee re lebale seo, mohlomong re tla utloisisa bothata boo Jonase a neng a tobane le bona. Leha ho le joalo, liphello tsa hore Jonase a balehe e bile life?

Jehova o Khalemela Moprofeta oa Hae ea sa Mameleng

10, 11. (a) E ka ’na eaba Jonase o ne a nahana’ng ha sekepe se tsamaisang thepa se tloha? (b) Sekepe le basesisi ba sona ba ile ba thulana le bothata bofe?

10 Re se re ka inahanela Jonase a palama sekepe, seo mohlomong e neng e le sekepe se tsamaisang thepa sa Bafoenisia. A shebile ha motsamaisi oa sekepe le basesisi ba le maphathaphathe ba lokisetsa sekepe sa bona tsela ’me se tloha koung. Mohlomong Jonase o nahana hore o chophotse kabelong eo a neng a e tšaba ka ho fetisisa ha sekepe se ntse se kenella hare-hare ho leoatle ’me lebōpo le se le sa bonahale. Empa maemo a leholimo a ile a fetoha ka ho panya ha leihlo.

11 Meea e matla e ile ea loebehlanya metsi a leoatle hoo le ileng la befa ka bohale bo tšabehang eaba ho ba le maqhubu a maholo hoo a neng a ka feta le tsona likepe tsa kajeno ka boholo. Ebe ho ile ha nka nako e kae pele sekepe seo sa lehong se bonahala se le senyenyane se bile se fokola, ebile eka se lahlehile lesabasabeng leo la maqhubu a kang lithabahali tse nang le likhohlo? Na ka nako eo Jonase o ne a tseba seo a ileng a se ngola hamorao—ha a re, “Jehova a romela moea o moholo leoatleng”? Ha re tsebe. Leha ho le joalo, o ile a bona ha basesisi bao ba qala ho ipiletsa ho melimo ea bona e fapa-fapaneng, empa o ne a tseba hore e ke ke ea ba thusa. (Lev. 19:4) Tlaleho ea hae e re: “Ha e le sekepe, se ne se le haufi le ho soahlamana.” (Jon. 1:4) Empa Jonase o ne a ka rapela Molimo eo a neng a mo baleha joang?

12. (a) Ke hobane’ng ha re sa lokela ho potlakela ho tšoaea Jonase phoso ka hore o ile a robala ha sefefo se e-ba matla? (Sheba le mongolo o botlaaseng ba leqephe.) (b) Jehova o ile a senola sesosa sa bothata joang?

12 Kaha Jonase o ile a hlokomela hore ha ho letho leo a ka le etsang ho thusa, o ile a ea mokatong o ka tlaase oa sekepe eaba o fumana moo a ka robalang teng. Ha a fihla moo, o ile a ea le sephume sa boroko. * Motsamaisi o ile a fumana Jonase a robetse, a mo tsosa eaba o re a rapele molimo oa hae joalokaha batho ba bang ba ne ba etsa. Kaha ba ne ba kholisehile hore sefefo sena e ne e le sa mohlolo, basesisi bao ba sekepe ba ile ba lahla lotho e le hore ba bone hore na ke mang har’a bona ea nkhang lefotha. Ha ho potang hore Jonase o ile a tetebela maikutlo ha lotho e ntse e feta ba bang. Nakoana hamorao ’nete e ile ea hlaka. Jehova o ne a loebehlanya leoatle ka lebaka la motho a le mong, e leng Jonase, ebile o ile a etsa hore lotho e supe ho eena!—Bala Jonase 1:5-7.

13. (a) Jonase o ile a bolella basesisi eng? (b) Jonase o ile a re basesisi ba etse’ng, hona hobane’ng?

13 Jonase o ile a tsoa ka litaba. E ne e le mohlanka oa Molimo ea Matla ’Ohle, Jehova. Lebaka leo ba neng ba le kotsing e tšabehang hakaalo ke hobane o ne a baleha Molimo ebile a mo halefisitse. Banna bao ba ile ba haroha letsoalo; Jonase o ile a bona hore ba tšohile. Ba ile ba mo botsa hore na ba mo etse’ng e le hore ba pholose sekepe le bophelo ba bona. O ile a re’ng? E tlameha ebe Jonase o ile a sehoa ke letsoalo ha a ipona a se a ntse a khangoa ke metsi a batang a leoatle le befileng. Empa ho ne ho se kamoo a neng a ka tlohela batho bao kaofela hore ba shoe empa a tseba hore a ka ba pholosa. Kahoo o ile a re: “Mphahamiseng ’me le ntahlele ka leoatleng, ’me leoatle le tla khutsa bakeng sa lōna; hobane kea hlokomela hore ke ka lebaka la ka sefefo sena se matla se leng holim’a lōna.”—Jon. 1:12.

14, 15. (a) Re ka bontša tumelo e tšoanang le ea Jonase joang? (b) Basesisi ba ile ba etsa’ng ha ba utloa kōpo ea Jonase?

14 Ka sebele, ha ho na lekoala le ka buang joalo! E tlameha ebe Jehova o ile a thaba ha a bona Jonase a iteta sebete a bile a itela nakong eo ea mahlomola. Mona ho ile ha hlaka hore Jonase o ne a e-na le tumelo e matla. Kajeno re ka bontša tumelo e tšoanang le ea hae ka ho beha lithahasello tsa ba bang ka pele ho tsa rōna. (Joh. 13:34, 35) Ha re bona motho a hloka, ebang ke linthong tsa nama, maikutlong, kapa moeeng, na rea itela e le hore re mo thuse? Ruri re thabisa Jehova ha re etsa joalo!

15 Mohlomong basesisi le bona ba ile ba mo qenehela, hobane qalong ha baa ka ba lumellana le tlhahiso ea hae! Ho e-na le hoo, ba ile ba etsa sohle se matleng a bona hore ba fete sefefong seo, empa ho ile ha pala. Sefefo se ile sa tōta le ho feta. Ba ile ba qetella ba bone hore ha ba na boikhethelo. Eaba ba ipiletsa ho Molimo oa Jonase, Jehova, ba mo kōpa hore a ba bontše mohau, ba phahamisa monna eo, ba mo lahlela ka leoatleng.—Jon. 1:13-15.

Basesisi ba sekepe ba ile ba etsa kamoo Jonase a neng a ba kōpile kateng, ba ile ba mo lahlela ka leoatleng

Jonase o Bontšoa Mohau Ebile oa Lopolloa

16, 17. Hlalosa se ileng sa etsahala ka Jonase ha a ne a lahleloa ka ntle ho sekepe. (Sheba le litšoantšo.)

16 Jonase o ile a oela har’a maqhubu a befileng. Mohlomong ka nakoana o ile a loanela ho phaphamala holim’a metsi, eaba o bona sekepe se tsamaea ka potlako a le har’a maqhubu a loebehlanang a entseng lefulo. Empa o ile a pupetsoa ke maqhubu a matla. Ha a ntse a tebela tlaase-tlaase o ile a felloa ke tšepo ka ho feletseng.

17 Hamorao Jonase o ile a hlalosa hore na ka nako eo o ne a ikutloa joang. Kelello ea hae e ile ea farasa. Ka pelo e bohloko, o ile a nahana hore ha ho mohla a tla ke a boele a bone tempele e ntle ea Jehova e neng e le Jerusalema. O ile a ikutloa ha a theohela botebong ba leoatle, haufi le moo lithaba li qalang teng, moo a ileng a thateloa ke litlamatlama tsa leoatle. O ne a bona eka lebitla la hae le tla ba moo.—Bala Jonase 2:2-6.

18, 19. Ho ile ha etsahala’ng ka Jonase ha a le botebong ba leoatle, ke sebōpuoa sa mofuta ofe se ileng sa mo kometsa, hona ke mang ea ileng a etsa seo? (Sheba le mongolo o botlaaseng ba leqephe.)

18 Empa butle hanyane! Ho ne ho e-na le ntho e neng e tsamaea haufi le eena—e phelang, ea tonanahali, e ntšo. E ile ea mo seohela ka tsela e tšosang. Ea ahlamisa molomo o moholohali, ea mo kometsa!

Jehova “a lokisetsa hore tlhapi e khōlō e metse Jonase”

19 O ne a nahana hore joale ho felile ka eena. Empa Jonase o ile a lemoha ntho e ’ngoe e makatsang. O ne a ntse a phela! Ho hang ntho ena e ne e sa mo hlafuna kapa hona ho mo robokella, ebile o ne a sa bipetsana. Le hoja a ne a le moo e neng e tlameha ebe ke lebitla la hae, o ne a ntse a phela. Butle-butle Jonase o ile a hlolloa. Ha ho pelaelo hore ke Molimo oa hae, Jehova, ea neng a ile “a lokisetsa hore tlhapi e khōlō e metse Jonase.” *Jon. 1:17.

20. Re ka ithuta’ng ka Jonase mabapi le thapelo eo a ileng a e etsa ha a le ka mpeng ea tlhapi e khōlō?

20 Ha feta metsotso, metsotso ea fetoha lihora. Ha Jonase a le lefifing leo le letšo-letšo leo ho seng mohla a kileng a le bona, o fumana nako ea ho thuisa ebile o rapela Jehova Molimo. Re ka ithuta ho hongata thapelong ea Jonase e tlalehiloeng khaolong ea bobeli ea buka ea hae. E bontša hore Jonase o ne a tseba Mangolo haholo, kaha khafetsa thapelong eo o ile a bua mantsoe a hlahang ho Lipesaleme. E boetse e bontša hore o ne a e-na le tšobotsi e itseng e babatsehang: e leng teboho. Jonase o ile a phetha ka ho re: “Ha e le ’na, ke tla u etsetsa sehlabelo ka lentsoe la liteboho. Seo ke itlammeng ka sona, ke tla se phetha. Poloko ke ea Jehova.”—Jon. 2:9.

21. Jonase o ile a ithuta eng ka hore Jehova a mo pholose, hona ke thuto efe ea bohlokoa eo re lokelang ho e hopola?

21 Ha a le sebakeng seo se sa tloaelehang—e leng “likarolong tse ka hare tsa tlhapi”—Jonase o ile a ithuta hore Jehova a ka pholosa mang kapa mang, a le kae kapa kae, neng kapa neng. Esita leha a le moo, Jehova o ile a fumana mohlanka oa hae ea mathateng ’me a mo pholosa. (Jon. 1:17) Ke Jehova feela ea neng a ka etsa hore motho a lule a phela ka matsatsi a mararo le masiu a mararo ka mpeng ea tlhapi e khōlō. Kajeno ke habohlokoa hore le rōna re hopole hore Jehova ke “Molimo eo phefumoloho ea [rōna] e leng letsohong la hae.” (Dan. 5:23) Hore ebe re teng le hore rea phela, ke ka lebaka la hae. Na re bontša kananelo? Ka sebele seo se lokela ho re susumelletsa ho mamela Jehova.

22, 23. (a) Nakoana hamorao, Jonase o ile a lekoa joang ho bontša hore na o na le kananelo kapa che? (b) Re ka ithuta eng ho Jonase ka liphoso tseo re li etsang?

22 Jonase o ile a etsa joang? Na o ile a ithuta ho bontša kananelo ka hore a mamele Jehova? Hantle haholo. Ka mor’a matsatsi a mararo le masiu a mararo, tlhapi eo e ile ea tlisa Jonase lebōpong moo “e ileng ea hlatsetsa Jonase naheng e omileng.” (Jon. 2:10) Nahana feela—ka mor’a lintho tsena tsohle, ho ne ho sa hlokahale hore Jonase a sese ho ea lebōpong! Ke ’nete hore o ile a lokela ho ipatlela tsela ea ho tloha lebōpong leo, ho sa tsotellehe hore na le ne le le hokae. Leha ho le joalo, nakoana hamorao, ho ile ha fihla nako ea hore a bontše hore na o na le kananelo kapa che. Jonase 3:1, 2, e re: “Joale lentsoe la Jehova la hlaha ho Jonase ka lekhetlo la bobeli, la re: ‘Ema, u ee Ninive motseng o moholo, ’me u phatlalatse ho eona phatlalatso eo ke u bolellang eona.’” Jonase o ne a tla etsa’ng?

23 Jonase ha aa ka a tsilatsila. Tlaleho e baleha tjena: “Eaba Jonase oa ema ’me o ea Ninive tumellanong le lentsoe la Jehova.” (Jonase 3:3) Ka sebele, o ile a mamela. Ho hlakile hore o ile a ithuta liphosong tsa hae. Le ntlheng ena, re lokela ho etsisa tumelo ea Jonase. Kaofela ha rōna re etsa libe; ebile re etsa liphoso. (Bar. 3:23) Empa na rea tela, kapa na re ithuta liphosong tseo re li entseng ebe re mamela Molimo ’me rea mo sebeletsa?

24, 25. (a) Qetellong Jonase o ile a putsoa ka eng nakong ea bophelo ba hae? (b) Jonase o letetsoe ke moputso ofe ka moso?

24 Na Jehova o ile a hlohonolofatsa Jonase ka lebaka la ho mo mamela? Ka sebele ho joalo. Ho bonahala eka Jonase o ile a qetella a tsebile hore basesisi bane ba ile ba pholoha. Sefefo seo se ile sa khutsa hang ka mor’a hore Jonase a bontše boitelo ’me basesisi ba sekepe seo ba ile “ba qala ho tšaba Jehova haholo” eaba ba khaotsa ho nyehela mahlabelo ho melimo ea bona ea bohata, empa ba a nyehela ho Jehova.—Jon. 1:15, 16.

25 Ka mor’a nako e telele, o ile a fumana moputso o moholoanyane. Jesu o ile a sebelisa ketsahalo ea ha Jonase a le ka har’a tlhapi eo ea tonanahali e le boprofeta bo tšoantšetsang nako ea hae ha a le lebitleng kapa Sheole. (Bala Matheu 12:38-40.) Jonase o tla thaba hakaakang ha a utloa ka tlhohonolofatso eo ha a tsosetsoa bophelong mona lefatšeng! (Joh. 5:28, 29) Le uena, Jehova o batla ho u hlohonolofatsa. Na u tla etsisa Jonase, ka hore u ithute liphosong tsa hao ’me u mamele u be u itele?

^ ser. 4 Hore ebe Jonase o ne a tsoa motseng o mong oa Galilea hoa thahasellisa hobane ka boikakaso Bafarisi ha ba bua ka Jesu, ba ile ba re: “Batla ’me u bone hore ha ho moprofeta ea tla hlahisoa Galilea.” (Joh. 7:52) Bafetoleli le bafuputsi ba bangata ba re Bafarisi ba ne ba re ho hang ha ho na moprofeta ea kileng a hlahela kapa hona ho hōlisetsoa motseng oa boemo bo tlaase oa Galilea. Haeba ho le joalo, banna bao ba ne ba iphapanyetsa histori hammoho le boprofeta.—Esa. 9:1, 2.

^ ser. 12 Septuagint e hatisa taba ea hore Jonase o ne a khalehile thuoe! hobane e re o ne a bile a khona. Ho e-na le ho nka hore Jonase o ile a robala hobane a sa tsotelle se etsahalang, re lokela ho hopola hore ka linako tse ling ha motho a nyotobetse o tleloa ke boroko bo boholo. Lihoreng tseo Jesu a neng a le mahlomoleng ka tsona serapeng sa Gethesemane, Petrose, Jakobo le Johanne ba ile “ba otsela ka lebaka la ho sareloa.”—Luka 22:45.

^ ser. 19 Lentsoe la Seheberu bakeng sa “tlhapi” le ile la fetoleloa ka Segerike e le “sebata se tšabehang sa leoatleng” kapa “tlhapi ea tonanahali.” Le hoja re se na mokhoa oa ho tseba hantle hore na phoofolo ena ea leoatleng e ne e le ea mofuta ofe, ho ’nile ha hlokomeloa hore Leoatleng la Mediterranean ho na le lishaka tse khōlō hoo li ka koenyang motho a ntse a feletse. Libakeng tse ling ho na le lishaka tse khōlō le ho feta; mofuta o mong oa shaka o ka ba bolelele ba limithara tse 15—esita le ho feta moo!