Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHALO EA BONE

“Ke Tla ea Moo U Eang Teng”

“Ke Tla ea Moo U Eang Teng”

1, 2. (a) Hlalosa leeto la Ruthe le Naomi hammoho le mesarelo eo ba neng ba e-na le eona. (b) Leeto la Ruthe le ne le fapane joang le la Naomi?

RUTHE o ne a tsamaea le Naomi tseleng e parolang lithoteng tse sabaletseng tsa Moabe. Ba ne ba se ba le babeli feela, ba bonahala ba le banyenyane naheng ena e nammeng. Nahana feela ha Ruthe a hlokomela hore joale letsatsi le se le e-ea malikelong ’me a sheba matsal’ae a ipotsa hore na ebe joale hase nako ea ho batla moo ba tla robala teng. O ne a rata Naomi haholo ’me o ne a ikemiselitse ho etsa sohle seo a ka se khonang ho mo hlokomela.

2 Basali bana ka bobeli ba ne ba le mesarelong. Naomi o ne a se a qetile lilemo tse ngata e le mohlolohali empa se neng se etsa hore hona joale a be mesarelong ke bara ba hae ba babeli ba neng ba sa tsoa hlokahala, e leng Kilione le Mahalone. Ruthe le eena o ne a saretsoe. Mahalone e ne e le monna oa hae. Eena le Naomi ba ne ba habile nģa e le ’ngoe, e leng motseng oa Bethlehema o Iseraele. Leha ho le joalo, leeto la bona le ne le sa tšoane. Naomi o ne a e-ea lapeng. Ruthe o ne a e-ea moo a sa tsebeng, a siea lelapa labo, naha ea habo le meetlo ea eona—ho akarelletsa le melimo ea eona.—Bala Ruthe 1:3-6.

3. Ke likarabo tsa lipotso life tse ka re thusang ho bontša tumelo e tšoanang le ea Ruthe?

3 Ke’ng e neng e ka susumelletsa mosali ea ntseng a le mocha hore a etse liphetoho tse khōlō hakaale? Ruthe o ne a tla khona joang ho tloaela bophelo bo bocha le ho hlokomela Naomi? Ho fumana likarabo tsa lipotso tsena ho tla re thusa hore re bontše tumelo e tšoanang le ea Ruthe, mosali oa Momoabe. (Sheba le lebokose le reng,  “E nyenyane Empa e Ngotsoe ka Boqhetseke.”) Pele, a re ke re bone hore na ho tlile joang hore basali bana ba babeli ba iphumane ba kene tseleng e telele e lebang Bethlehema.

Lelapa le Oeloa ke Tlokotsi

4, 5. (a) Ke hobane’ng ha lelapa la Naomi le ile la fallela Moabe? (b) Naomi o ile a tobana le mathata afe ha a le Moabe?

4 Ruthe o hōletse Moabe, e leng naha e nyenyane e ka bochabela ho Leoatle le Shoeleng. Sebaka sena se tletse lifate tse qalikaneng se bile se arotsoe ke likhohlo tse tebileng. ‘Naha ea Moabe’ e ne e atisa ho ba le nala, esita le nakong eo Iseraele e neng e oetsoe ke tlala ea sekoboto. Ha e le hantle, ke eona ntho e ileng ea etsa hore Ruthe a tsebe Mahalone le lelapa labo.—Ruthe 1:1.

5 Ka lebaka la tlala e ileng ea e-ba teng Iseraele, monna oa Naomi, Elimeleke, o ile a bona ho le molemo hore eena, mosali le bara ba bona ba babeli ba fallele Moabe ’me ba lule teng e le bajaki. Ho falla hona ho tlameha ho ile ha sisinya tumelo ea setho se seng le se seng sa lelapa lena, kaha nako le nako Baiseraele ba ne ba lokela ho ea rapela sebakeng se halalelang seo Jehova a se khethileng. (Deut. 16:16, 17) Naomi o ile a khona ho lula a ntse a le matla tumelong. Ho ntse ho le joalo o ile a sareloa haholo ha monna oa hae a e-shoa.—Ruthe 1:2, 3.

6, 7. (a) Ke hobane’ng ha Naomi a ne a batla a tšoenyehile ha bara ba hae ba nyala basali ba Bamoabe? (b) Ke hobane’ng ha tsela eo Naomi a neng a tšoere lingoetsi tsa hae ka eona e ne e babatseha?

6 E ka ’na eaba Naomi o ile a boela a utloa bohloko hamorao ha bara ba hae ba nyala basali ba Bamoabe. (Ruthe 1:4) O ne a tseba hore moholo-holo oa sechaba sa habo, Abrahama, o ile a etsa sohle se matleng a hae hore a fumanele mora oa hae, Isaka, mosali ho batho ba habo ba neng ba rapela Jehova. (Gen. 24:3, 4) Hamorao Molao oa Moshe o ile oa lemosa Baiseraele hore ba se ke ba lumella bara le barali ba bona hore ba nyalane le balichaba, e le hore batho ba Molimo ba se ke ba khelosoa hore ba rapele litšoantšo.—Deut. 7:3, 4.

7 Ho ntse ho le joalo, Mahalone le Kilione ba ile ba nyala basali ba Bamoabe. Le haeba Naomi a ne a tšoentsoe kapa a soabisitsoe ke seo, ho bonahala a ile a etsa bonnete ba hore o bontša lingoetsi tsa hae, Ruthe le Orpa, mosa oa sebele le lerato. Mohlomong o ne a tšepile hore le bona ka letsatsi le leng e tla ba barapeli ba Jehova joaloka eena. Leha ho le joalo, Ruthe le Orpa ka bobeli ba ne ba rata Naomi. Kamano e ntle eo ba neng ba e-na le eona e ile ea ba thusa ha ba oeloa ke tlokotsi. Basali bana ka bobeli e ile ea e-ba bahlolohali le pele ba e-ba le bana.—Ruthe 1:5.

8. Ke’ng e ka ’nang eaba e ile ea hulela Ruthe ho Jehova?

8 Na bolumeli boo Ruthe a neng a le ho bona bo ile ba mo lokisetsa hore a khone ho tobana le tlokotsi eo? Ha ho bonahale joalo. Bamoabe ba ne ba rapela melimo e mengata, o ka sehloohong har’a eona e ne e le Kemoshe. (Num. 21:29) Ho bonahala bolumeli ba Bamoabe e ne e se mokhelo linthong tse sehlōhō le tse nyarosang tse neng li atile mehleng eo, ho akarelletsa ea ho etsa mahlabelo ka bana. Lintho tseo Ruthe a ileng a ithuta tsona ho Mahalone kapa ho Naomi ka Jehova, Molimo oa Iseraele, ea lerato le ea mosa, e tlameha ebe li ile tsa mo bontša ka ho hlaka hore Jehova o fapane ka ho feletseng le melimo ea habo. Jehova ke Molimo ea lerato eseng ea sehlōhō. (Bala Deuteronoma 6:5.) Ka mor’a hore a shoeloe ke monna, e tlameha ebe Ruthe o ile a atamela haufi le ho feta ho Naomi, a mamela ha mosali enoa ea hōlileng a bua ka Molimo ea Matla ’Ohle, Jehova, ka mesebetsi ea hae e hlollang le ka tsela e lerato le e mohau eo a sebelisanang le batho ba hae ka eona.

Ruthe o ile a bontša bohlale ka hore a lule a le haufi le Naomi nakong ea mesarelo e bakiloeng ke ho shoeloa

9-11. (a) Naomi, Ruthe le Orpa ba ile ba etsa qeto efe? (b) Re ithuta’ng ka litlokotsi tse ileng tsa oela Naomi, Ruthe le Orpa?

9 Ha e le Naomi eena, o ne a labalabela ho utloa hore na ho ntse ho etsahala’ng naheng ea habo. Ka letsatsi le leng o ile a utloa hore tlala e felile Iseraele, mohlomong a bolelloa ke mohoebi ea tsamaeang. Jehova o ne a se a thusa batho ba hae hape. Bethlehema e ne e se e boetse e tšoaneloa ke lebitso la eona, le bolelang “Ntlo ea Bohobe.” Naomi o ile a etsa qeto ea ho khutlela naheng ea habo.—Ruthe 1:6.

10 Ruthe le Orpa ba ne ba tla etsa joang? (Ruthe 1:7) Ka lebaka la lintho tse bohloko tse ba hlahetseng ba ne ba se ba atamelane le Naomi. Ho bonahala Ruthe ka ho khetheha a ile a ba haufi le Naomi ka lebaka la mosa oa hae le tumelo ea hae e tiileng ho Jehova. Bahlolohali bana ba bararo ba ile ba kena leetong le eang Juda hammoho.

11 Tlaleho ena ea Ruthe e re hopotsa hore tlokotsi le ho shoeloa li hlahela batho ba lokileng le ba sa lokang. (Moek. 9:2, 11) E boetse e re bontša hore ha re shoetsoe ke batho bao re ba ratang, e ka ba bohlale ho batla matšeliso le khothatso ho batho ba bang—haholo-holo ho bao setšabelo sa bona e leng Jehova, Molimo eo Naomi a neng a mo rapela.—Liprov. 17:17.

Ruthe o Bontša Lerato ka Botšepehi

12, 13. Ke hobane’ng ha Naomi a ne a batla hore Ruthe le Orpa ba khutlele ha habo bona ho e-na le ho tsamaea le eena, hona basali bao ba bacha ba ile ba qala ho etsa’ng?

12 Ha leeto la bahlolohali bana ba bararo le ntse le ba letelele, Naomi o ile a qala ho tšoenyeha. O ile a nahana ka basali bana ba babeli ba bacha ba tsamaeang le eena le ka lerato leo ba mo bontšitseng lona le bara ba hae. O ne a sa batle ho ba imetsa le ho feta. Haeba ba ne ba ka tlohela naha ea habo bona ’me ba tsamaea le eena, ke eng eo a neng a ka ba etsetsa eona Bethlehema?

13 Qetellong Naomi o ile a re: “Tsamaeang, e mong le e mong a khutlele ntlong ea ’m’ae. E se eka Jehova a ka le bontša mosa o lerato, feela joalokaha le o bontšitse ho banna ba seng ba shoele le ho ’na.” O ile a ba a ba bolella hore Jehova o ne a tla ba fa banna bao ba neng ba tla thabela bophelo bo bocha le bona. Tlaleho e re: “Joale a ba aka, ’me ba qala ho phahamisa mantsoe ba lla.” Ha ho makatse hore na ke hobane’ng ha Ruthe le Orpa ba ne ba rata mosali enoa ea mosa ea bileng a hlokang boithati. Ka bobeli ba ile ba ’na ba mo phehella ba re: “Che, empa re tla khutlela le uena bathong ba heno.”—Ruthe 1:8-10.

14, 15. (a) Orpa o ile a khutlela kae? (b) Naomi o ile a leka joang ho susumetsa Ruthe hore a khutle?

14 Leha ho le joalo, Naomi ha aa ka a lumellana le seo habonolo feela. O ile a ba bolella a tiile hore ha ho na letho leo a ka ba etsetsang lona Iseraele, kaha ha a na monna ea ka mo hlokomelang, ha a na le bara ba ka ba nyalang ebile ha ho mohla a tla ba le bona. O ile a ba bolella hore taba ea hore ha a khone ho ba hlokomela ke ntho e mo utloisang bohloko haholo. Orpa o ile a utloisisa hantle seo Naomi a se buang. Moabe e ne e le ha habo ’me ke moo ’mè oa hae le beng ka eena ba neng ba lula teng. Ho ne ho bonahala ho le molemo hore a sale Moabe. Eaba o aka Naomi a utloile bohloko ’me a furalla a tsamaea.—Ruthe 1:11-14.

15 Ruthe eena o ile a etsa’ng? Mantsoe a Naomi a ne a lebisitsoe le ho eena. Leha ho le joalo rea bala: “Ha e le Ruthe, a mo khomarela.” Mohlomong Naomi o ne a se a tsamaile sebakanyana ha a hlokomela hore Ruthe o ntse a mo setse morao. O ile a mo thiba a re: “Bona! Ngoetsi-’moho le uena ea mohlolohali e khutletse ho batho ba habo eona le ho melimo ea habo eona. Khutla le ngoetsi-’moho le uena ea mohlolohali.” (Ruthe 1:15) Mantsoe a Naomi a bolella ’mali taba e ’ngoe ea bohlokoa. Orpa ha aa ka a khutlela ho ba habo feela empa o ile a khutlela le ho “melimo ea habo.” O ne a khotsofalletse ho lula e le morapeli oa Kemoshe le melimo e meng ea bohata. Na Ruthe le eena o ne a ikutloa ka tsela eo?

16-18. (a) Ruthe o ile a bontša lerato ka botšepehi joang? (b) Ke eng seo re ka ithutang sona ho Ruthe ka ho bontša lerato ka botšepehi? (Sheba le setšoantšo sa basali bao ba babeli.)

16 Ha ba le tseleng, a bua le Naomi a mo shebile ka mahlong, Ruthe o ne a sa tsilatsile ka qeto eo a e entseng. O ne a rata Naomi haholo—le Molimo eo Naomi a neng a mo sebeletsa. Kahoo o ile a bua a re: “U se ke ua nkōpa ka tieo hore ke u tlohele, ke khutle ke se ke ka tsamaea le uena; kaha ke tla ea moo u eang teng, ’me ke tla hlola bosiu moo u hlolang bosiu teng. Batho ba heno e tla ba batho ba heso, ’me Molimo oa hao e tla ba Molimo oa ka. Ke tla shoela moo u shoelang teng, ’me ke hona moo ke tla pateloa teng. E se eka Jehova a ka nketsa joalo ’me a ekelletsa ho seo haeba ntho leha e le efe haese lefu e ka hlahisa karohano pakeng tsa ka le uena.”—Ruthe 1:16, 17.

“Batho ba heno e tla ba batho ba heso, ’me Molimo oa hao e tla ba Molimo oa ka”

17 Mantsoe a Ruthe aa hlolla—a hlolla hoo batho ba ntseng ba a hopola le ha ho se ho fetile lilemo tse likete tse tharo Ruthe a shoele. Mantsoe ao a bontša tšobotsi e babatsehang ka ho hlaka, e leng ho bontša lerato ka botšepehi. Lerato leo Ruthe a neng a rata Naomi ka lona le ne le le matla ebile le tšepahala hoo a neng a tla lula a e-na le Naomi hohle moo a eang. Ba ne ba tla arohanngoa ke lefu feela. Batho ba habo Naomi e ne e tla ba ba habo Ruthe, hobane Ruthe o ne a ikemiselitse ho siea ntho e ’ngoe le e ’ngoe ea Moabe—esita le melimo ea teng. Ho fapana le Orpa, Ruthe o ne a ka bua ho tsoa botebong ba pelo hore o batla hore Molimo oa Naomi, Jehova, le eena e be Molimo oa hae. *

18 Kahoo ba ile ba tsoela pele ka leeto, joale ba se ba le babeli feela, tseleng e telele e lebang Bethlehema. Buka e ’ngoe e re e ka ’na eaba leeto leo le ile la nka beke kaofela. Leha ho le joalo, ho hlakile hore ha ba ntse ba tsamaea ba le babeli leetong lena ba ile ba tšelisana tlokotsing eo ba tobaneng le eona.

19. U nahana hore re ka bontša lerato ka botšepehi joaloka Ruthe ho ba malapa a rōna, ho metsoalle ea rōna le ka phuthehong joang?

19 Kajeno lefatšeng ho tletse mahlomola feela. Matsatsing ana ao re phelang ho ’ona, ao Bibele e reng ke “linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona,” rea shoeloa ebile re utloa bohloko. (2 Tim. 3:1) Kahoo, kajeno ho hlokahala hore re bontše tšobotsi eo re e bonang ho Ruthe ho feta leha e le neng pele. Ho bontša lerato ka botšepehi—ke mofuta oa lerato oo ha motho a e-na le oona a khomarelang motho eo a mo bontšang lona ebile a sa batle ho mo tlohela—le matla ’me le ka re thusa lefatšeng lena le tletseng mathata. Re hloka lerato lena lenyalong, re le hloka ho ba malapa a rōna, re le hloka ho metsoalle ea rōna, re boetse re le hloka ka phuthehong ea Bokreste. (Bala 1 Johanne 4:7, 8, 20.) Ha re ntse re hlaolela mofuta oo oa lerato, re etsisa mohlala o babatsehang oa Ruthe.

Ruthe le Naomi Bethlehema

20-22. (a) Naomi o ne a le joang ka mor’a hore a phele Moabe? (b) Naomi o ne a e-na le maikutlo afe a fosahetseng ka mathata a hae? (Sheba le Jakobo 1:13.)

20 Ke ’nete hore ho bolela hore u na le lerato le tšepahalang ho fapane le ho le bontša. Ruthe o ne a e-na le monyetla oa ho bontša lerato ka botšepehi eseng feela ho Naomi empa hape ho Molimo eo a ikhethetseng eena, Jehova.

21 Qetellong basali bana ba babeli ba ile ba fihla Bethlehema, e leng motsana o bohōle ba lik’hilomithara tse leshome ka boroa ho Jerusalema. Ho bonahala lelapa la Naomi le ne le tsebahala motsaneng ona o monyenyane hobane batho bohle ba ne ba bua ka ho khutla ha hae. Basali ba moo ba ne ba mo sheba ebe ba re: “Na enoa ke Naomi?” Ho bonahala eka ho ba mojaki Moabe ho ne ho entse hore a fetohe; sefahleho sa hae le ponahalo ea hae li ne li bontša hore o qetile lilemo tse ngata a sotleha a bile a saretsoe.—Ruthe 1:19.

22 Naomi o ile a bolella basali bao, ba neng ba amana le eena hammoho le batho bao a neng a ahisane le bona lilemong tse fetileng kamoo bophelo ba hae bo bileng bohloko kateng. O ile a ba a re a se ke a hlola a bitsoa Naomi, e bolelang “Thabo ea ka,” empa a bitsoe Mara, e bolelang “Bohloko.” Ao Naomi oa batho! Joaloka Jobo ea phetseng pele ho eena, o ne a lumela hore ke Jehova Molimo ea mo tliselitseng mathata ana.—Ruthe 1:20, 21; Jobo 2:10; 13:24-26.

23. Ruthe o ile a qala ho nahana ka eng, hona Molao oa Moshe o ne o etselitse mafutsana tokisetso efe? (Sheba le mongolo o botlaaseng ba leqephe.)

23 Ha basali bana ba babeli ba se ba fumane bolulo Bethlehema, Ruthe o ile a qala ho nahana hore na a ka etsa’ng e le hore a iphelise le hore a hlokomele Naomi. O ile a utloa hore Molao oo Jehova a o fileng batho ba hae Iseraele o ne o akarelletsa tokisetso e lerato bakeng sa mafutsana. Mafutsana a ne a lumelloa ho ea masimong ka nako ea kotulo ’me a sale bakotuli morao e le hore a khoahlapise lijalo tseo bakotuli ba neng ba li siea ka morao le tse neng li metse ka thōko ho masimo. *Lev. 19:9, 10; Deut. 24:19-21.

24, 25. Ruthe o ile a etsa’ng ha a iphumana a le masimong a Boaze, hona mosebetsi oa ho khoahlapisa o ne o le joang?

24 E ne e le nako ea kotulo ea harese, e ka ’na eaba e ne e le ka April ho ea ka almanaka ea mehleng ea rōna, Ruthe o ile a ea masimong ho ea bona hore na a ka khoahlapisa tšimong ea mang. A sa ikemisetsa, o ile a iphumana a le masimong a monna ea bitsoang Boaze, morui ea nang le masimo ea bileng a amanang le monna oa Naomi ea hlokahetseng, e leng Elimeleke. Le hoja ho ea ka Molao a ne a e-na le tokelo ea ho khoahlapisa, ha aa ka a ikenela feela tšimong; o ile a kōpa mohlankana ea neng a okametse bakotuli tumello ea ho khoahlapisa. O ile a mo lumella ’me Ruthe a kena mosebetsing hang-hang.—Ruthe 1:22–2:3, 7.

25 Nahana feela Ruthe a setse bakotuli morao. Ha ba ntse ba hela harese ka lisekele tsa bona, o tla ka morao a ntse a thonaka harese e oeleng kapa eo bakotuli ba e siileng morao, o e tlama mangata ’me o e isa moo a tla e pola hamorao. E ne e le mosebetsi o boima, o nkang nako ’me ho ne ho e-ba boima le ho feta ha letsatsi le ntse le phahama. Leha ho le joalo, Ruthe o ne a tšoere ka thata, a emisa feela ha a iphumola mofufutso phatleng le ha a ja lijo tsa motšehare tse bobebe “ka tlung”—mohlomong e ne e le lephephe leo basebetsi ba itšireletsang letsatsi ho lona.

Ruthe o ne a ikemiselitse ho etsa mosebetsi o boima oa maemo a tlaase e le hore a hlokomele eena le Naomi

26, 27. Boaze e ne e le motho ea joang, hona o ile a tšoara Ruthe joang?

26 E ka ’na eaba Ruthe o ne a sa nahana kapa hona ho tšepa hore ho tla ba le motho ea mo hlokomelang, empa o ile a ba teng. Boaze o ile a mo bona eaba o botsa mohlankana ea okametseng ka eena. Boaze e ne e le monna ea ikhethang ea nang le tumelo ’me o ne a lumelisa basebetsi ba hae ka mantsoe a reng: “Jehova a be le lōna.” Ba bang ba basebetsi bao e ka ’na eaba e ne e le basebetsi ba letsatsi feela kapa balichaba. Basebetsi bao le bona ba ne ba mo araba ka tsela e tšoanang. Monna enoa ea seng a hōlile ea ratang Jehova, o ile a bontša Ruthe lerato le tšoanang le la motsoali.—Ruthe 2:4-7.

27 Boaze o ile a bitsa Ruthe “morali,” a mo bolella hore a tsoele pele a khoahlapisa masimong a hae ’me a lule a le haufi le basali ba bacha ba ntlo ea hae e le hore a qobe ho tšoengoa ke banna ba sebetsang. O ile a etsa bonnete ba hore o fumana lijo tsa motšehare. (Bala Ruthe 2:8, 9, 14.) Ka holim’a tsohle, o ile a leka ho mo babatsa le ho mo khothatsa. Joang?

28, 29. (a) Ruthe o ne a e-na le botumo bofe? (b) Joaloka Ruthe, o ka etsa Jehova setšabelo sa hao joang?

28 Ha Ruthe a botsa Boaze hore na ke eng seo eena, joaloka molichaba, a se entseng hore ebe o tšoaneloa ke kamohelo ea hae e mosa, Boaze o ile a re ho eena o utloile seo a se etselitseng matsal’ae, Naomi. Ho bonahala Naomi a ile a babatsa Ruthe eo a mo ratang har’a basali ba Bethlehema ’me seo se ile sa fihla litsebeng tsa Boaze. Le eena o ne a tseba hore Ruthe e se e le morapeli oa Jehova, kaha o ile a re: “E se eka Jehova a ka putsa tsela eo u sebetsang ka eona, ’me e se eka ho ka ba le moputso o phethahetseng bakeng sa hao o tsoang ho Jehova Molimo oa Iseraele, eo u tlil’o batla setšabelo tlas’a mapheo a hae.”—Ruthe 2:12.

29 E tlameha ebe Ruthe o ile a khothala hakaakang ha a utloa mantsoe ao! Ka sebele o ile a batla setšabelo tlas’a mapheo a Jehova Molimo, joaloka lelinyane la nonyana le lutseng le sireletsehile tlas’a mapheo a ’m’a lona. O ile a leboha Boaze ka ho mo khothatsa joalo. Eaba o tsoela pele a sebetsa ho fihlela ka shoalane.—Ruthe 2:13, 17.

30, 31. Re ka ithuta’ng ho Ruthe ka tsela eo a neng a sebetsa ka eona, ka kananelo ea hae le kamoo a ileng bontša lerato ka botšepehi kateng?

30 Tumelo ea Ruthe ke mohlala o babatsehang ho rōna kajeno kaha re phela linakong tse thata tsa moruo o thekeselang. O ne a sa nke hore batho ba bang ba tlamehile ho mo etsetsa lintho, kahoo o ne a ananela ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a neng a e fuoa. Ho sebetsa ka thata le ka nako e telele hore a hlokomele motho eo a mo ratang, ho ne ho sa mo hlabise lihlong, le hoja a ne a etsa mosebetsi o nkeloang tlaase. O ile a sebelisa keletso eo a e filoeng ea hore na a ka sebetsa joang ka mokhoa o sireletsehileng le ho sebetsa le batho ba molemo. Ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa eo a sa kang a e lebala ke hore na setšabelo sa hae sa sebele ke mang—e leng Ntate oa hae ea mo sireletsang, Jehova Molimo.

31 Haeba re bontša lerato ka botšepehi joaloka Ruthe, re latela mohlala oa hae oa boikokobetso, ’me re sebetsa ka thata le ho bontša kananelo, tumelo ea rōna e tla ba mohlala o babatsehang ho ba bang. Leha ho le joalo, Jehova o ile a hlokomela Ruthe le Naomi joang? Re tla tšohla taba eo khaolong e latelang.

^ ser. 17 Ntho ea bohlokoa ke hore Ruthe ha aa ka a sebelisa feela tlotla “Molimo” joalokaha balichaba ba bangata ba ne ba ka etsa; o ile a boela a sebelisa lebitso la Molimo, e leng Jehova. Ha e bua ka taba ena, The Interpreter’s Bible e re: “Kahoo mongoli o hatisa hore molichaba enoa ke molateli oa Molimo oa ’nete.”

^ ser. 23 Ona e ne e le molao o tsotehang, ka sebele ho ne ho se na molao o tšoanang le ona naheng ea habo Ruthe. Mehleng eo, Linaheng Tsa Bochabela bo Hare, bahlolohali ba ne ba tšoaroa hampe. Buka e ’ngoe e re: “Ka mor’a lefu la monna oa hae, hangata mohlolohali o ne a hlokomeloa ke bara ba hae; haeba a se na bona ho ne ho ka hlokahala hore a ithekise hore e be lekhoba, a rekise ’mele, kapa a bolaoe.”