Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA LESHOME LE METSO E MENE

O Ile a Ithuta Bohlokoa ba ho Bontša Mohau

O Ile a Ithuta Bohlokoa ba ho Bontša Mohau

1. Jonase o ne a lokela ho nka leeto la mofuta ofe, hona o ne a ikutloa joang ka sebaka seo a neng a e-ea ho sona?

JONASE o ne a tla ba le nako e ngata ea hore a ke a je masapo a hlooho. O ne a lokela ho tsamaea leeto la lik’hilomithara tse 800 ka maoto, e leng leeto le neng le ka ’na la mo nka khoeli kapa ho feta. Pele, o ne a lokela ho khetha litsela tse paroletsang le tse sireletsehileng, ebe joale o hahlaula a iketlile likhohlong le makhalong a lithaba tse se nang palo. O ne a lokela ho pota Lehoatata la Syria le sabaletseng ka thōko, a tšele linōka tse kang Eufrate e khōlō, a be a kōpe boroko metseng le metsaneng ea balichaba ea Syria, Mesopotamia le Assyria. Ha matsatsi a ntse a feta, o ne a ntse a nahana ka sebaka seo a eang ho sona seo a neng a se tšaba haholo, e leng motse oa Ninive oo a neng a ntse a atamela ho oona butle-butle.

2. Ke joang Jonase a neng a se a ithutile hore a ke ke a baleha kabelo ea hae?

2 Ntho e le ’ngoe eo Jonase a neng a kholisehile ka eona ke hore: O ne a ke ke a khutlela morao kapa a baleha kabelo ena. O ne a se a kile a leka sena. Joalokaha re bone khaolong e fetileng, ka mamello Jehova o ile a ruta Jonase ka sefefo leoatleng le ho mo pholosa ka mohlolo ka mpeng ea tlhapi e khōlō. Matsatsi a mararo hamorao, tlhapi e ile ea hlatsa Jonase a ntse a phela, e ne e se e le motho ea ikokobelitseng le ea ikemiselitseng ho mamela.—Jon., likhao. 1, 2.

3. Jehova o ile a bontša Jonase tšobotsi efe, empa ho hlaha potso efe?

3 Ha Jehova a laela Jonase ka lekhetlo la bobeli hore a ee Ninive, moprofeta enoa o ile a mamela eaba o nka leeto le lelelele ’me a leba bochabela. (Bala Jonase 3:1-3.) Leha ho le joalo, na taeo e tsoang ho Jehova e ile ea etsa hore a fetohe ka ho feletseng? Ka mohlala, Jehova o ile a mo bontša mohau, ka hore a mo sireletse hore a se ke a khangoa ke metsi, ka ho se mo fe kotlo ka lebaka la bofetoheli ba hae le ka ho mo fa monyetla o mong oa hore a phethe kabelo ena ea hae. Ka mor’a lintho tsee tsohle, na Jonase o ile a ithuta ho bontša mohau ho ba bang? Hangata, ho thata hore batho ba sa phethahalang ba ithute ho bontša mohau. A re ke re bone hore na re ka ithuta’ng ntoeng eo Jonase a ileng a tlameha ho e loana.

Ba Nka Khato ho sa Lebelloa ha ba Utloa Molaetsa oa Kahlolo

4, 5. Ke hobane’ng ha Jehova a ile a re Ninive ke “motse o moholo,” hona seo se re ruta’ng ka eena?

4 Jonase o ne a sa talime Ninive ka tsela eo Jehova a e talimang ka eona. Bibele e re: “Joale ho Molimo Ninive e ne e le motse o moholo.” (Jon. 3:3) Ka makhetlo a mararo, tlaleho ea Jonase e qotsa Jehova a bua ka “Ninive motse o moholo.” (Jon. 1:2; 3:2; 4:11) Ke hobane’ng ha Jehova a ne a nka motse oo o le moholo, kapa e le oa bohlokoa?

5 Ninive e ne e le o mong oa metse ea boholo-holo eo Nimrode a ileng a e haha ka mor’a Moroallo. E ne e le sebaka se seholohali seo ho hlakileng hore se ne se akarelletsa metse e meng ’me motho o ne a ka tsamaea matsatsi a mararo ho tloha moo se qalang ho ea moo se fellang teng. (Gen. 10:11; Jon. 3:3) Ninive e ne e le motse o hapang mahlo, o nang le litempele tse khōlō, marako a matonanahali le mehaho e meng e meholo. Empa lintho tsena hase tsona tse neng li etsa hore Jehova Molimo a nke motse oo e le oa bohlokoa. Seo e neng e le sa bohlokoa ho eena e ne e le batho ba moo. Ninive e ne e e-na le baahi ba bangata ha e bapisoa le metse e meng ea mehleng eo. Ho sa tsotellehe bobe ba batho, Jehova o ne a ba tsotella. O nka motho e mong le e mong e le oa bohlokoa, ebile oa bona hore motho e mong le e mong a ka baka a ba a ithuta ho etsa se lokileng.

Jonase o ile a bona Ninive e le motse o moholo o tletseng batho ba etsang lintho tse mpe

6. (a) Ke hobane’ng ha e ka ’na eaba Jonase o ne a tšositsoe ke motse oa Ninive? (Sheba le mongolo o botlaaseng ba leqephe.) (b) Ke eng seo re ithutang sona ka Jonase tabeng ea mosebetsi oa boboleli oo a ileng a o etsa?

6 Qetellong ha Jonase a fihla Ninive, e tlameha ebe o ile a tšosoa le ho feta ke palo e khōlōhali ea baahi ba motse ona ba fetang 120 000. * O ile a tsamaea letsatsi le le leng, a kenella har’a motse ona o neng o e-na le sepenya sa baahi, mohlomong a batla sebaka se loketseng se bohareng seo a ka qalang ho hasa molaetsa a le ho sona. O ne a tla bua le batho baa joang? Na o ne a ithutile ho bua Seassyria? Kapa na ebe Jehova o ile a etsa hore a bue puo eo ka mohlolo? Ha re tsebe. E ka ’na eaba Jonase o ile a phatlalatsa molaetsa ka puo ea habo ea Seheberu eaba ho ba le motho ea tolokelang Baninive. Leha ho le joalo, molaetsa oa hae o ne o totobetse ’me o ne o ka ’na oa etsa hore batho ba se ke ba mo rata, o ne o re: “Ho setse matsatsi a mashome a mane feela, ’me Ninive e tla lihuoa.” (Jon. 3:4) O ile a bua ka sebete le ka ho pheta-pheta. Ka ho etsa joalo, o ile a bontša sebete le tumelo e tsotehang, e leng litšobotsi tseo kajeno Bakreste ba lokelang ho ba le tsona ho feta leha e le neng pele.

Molaetsa oa Jonase o ne o totobetse ’me o ne o ka ’na oa etsa hore batho ba se ke ba mo rata

7, 8. (a) Batho ba Ninive ba ile ba etsa’ng ha ba utloa molaetsa oa Jonase? (b) Morena oa Ninive o ile a etsa’ng ha a utloa molaetsa oo Jonase a neng a o phatlalatsa?

7 Batho ba Ninive ba ile ba qahamisa litsebe ha ba utloa molaetsa oa Jonase. Ha ho pelaelo hore o ne a lebeletse hore batho ba tla halefa le ho ba mabifi ha ba utloa molaetsa oa hae. Empa ho ile ha etsahala ntho e ileng ea mo makatsa. Batho bao ba ile ba mamela! Molaetsa oa hae o ile oa hasana ka potlako. Ho e-s’o ee kae, batho bohle ba ne ba se ba bua ka boprofeta ba Jonase ba hore motse o tlil’o timetsoa. (Bala Jonase 3:5.) Batho kaofela ba ile ba bontša moea oa ho baka, barui le mafutsana, ba matla le ba fokolang, ba bacha hammoho le ba baholo. Ba ile ba itima lijo. Ka mor’a nakoana, litaba tsena tsa ho fetoha ha sechaba li ile tsa ba tsa fihla litsebeng tsa morena.

Jonase o ne a hloka sebete le tumelo e le hore a hase molaetsa Ninive

8 Morena le eena o ile a baka ha a utloa molaetsa oa Jonase. Molaetsa oo o ile oa etsa hore a tšabe Molimo eaba o phahama teroneng ea hae, o hlobola liaparo tse majabajaba tsa borena, o apara liaparo tse mahoashe joaloka bafo ba hae, a ba a “lula fatše moloreng.” Morena hammoho le “ba baholo” ba hae, kapa ba maemong a holimo pusong, o ile a ntša taelo ea hore ho itingoe lijo, e leng se ileng sa etsa hore ho itima lijo e se ke ea e-ba feela ntho e iketsetsoang ke batho, empa e be ho phetha taelo ea morena. O ile a laela hore bohle ba apare lesela la mokotla, esita le liphoofolo tse ruiloeng. * Ka boikokobetso bohle, o ile a lumela hore sechaba sa hae se ne se le molato ka ho etsa lintho tse mpe le tse mabifi. Ha a bolela hore o tšepa hore Molimo oa ’nete o ne a tla ba hauhela ha a bona pako ea bona, morena o ile a re: “Molimo . . . a ka khutla . . . bohaleng ba hae bo tukang, e le hore re se ke ra timela.”—Jon. 3:6-9.

9. Bahlahlobisisi ba ile ba belaella eng ka Baninive, hona re tseba joang hore ba fositse?

9 Bahlahlobisisi ba bang ba belaella taba ea hore ebe Baninive ba ile ba baka kapele hakaalo. Leha ho le joalo, litsebi tsa Bibele li ’nile tsa re seo ha se makatse kaha batho ba mehleng eo ba ne ba e-na le litumela-khoela ba bile ba fetola maikutlo a bona ka potlako. Ho feta moo, rea tseba hore bahlahlobisisi bao ba fositse, hobane hamorao Jesu Kreste o ile a bua ka ho baka ha Baninive. (Bala Matheu 12:41.) O ne a tseba seo a neng a bua ka sona hantle, kaha o ile a phela leholimong ’me a bona ha lintho tseo tsohle li etsahala. (Joh. 8:57, 58) Seo re ithutang sona ke hore, ha rea lokela ho nahana hore batho ba ke ke ba baka—ho sa tsotellehe hore na ba bonahala ba le khopo hakae. Ke Jehova feela ea khonang ho bona se ka pelong ea motho.

Mohau oa Molimo o Fapane le Melao ea Batho e sa Tenyetseheng

10, 11. (a) Jehova o ile a etsa’ng ha Baninive ba baka? (b) Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore kahlolo ea Jehova e ne e sa fosahala?

10 Jehova o ile a etsa’ng ha Baninive ba baka? Hamorao ha Jonase a ngola, o ile a re: “Molimo oa ’nete a bona mesebetsi ea bona, hore ba ne ba khutlile litseleng tsa bona tse mpe; kahoo Molimo oa ’nete a ikutloa a soabile ka lebaka la tlokotsi eo a neng a buile hore o tla ba bakela eona; ’me ha aa ka a e baka.”—Jon. 3:10.

11 Na see se bolela hore qeto eo Jehova a neng a e entse ea ho ahlola Baninive e ne e fosahetse? Che. Bibele e bolela hore toka ea Jehova e phethahetse. (Bala Deuteronoma 32:4.) Ho ne ho se ho sa hlokahale hore Jehova a halefele Baninive kaha o ile a hlokomela hore batho bao ba se ba fetohile. Jehova o ile a khetha ho ba bontša mohau.

12, 13. (a) Jehovah o ile a bontša joang hore oa nahanela, o tenyetseha le maemo ebile o mohau? (b) Ke hobane’ng ha boprofeta ba Jonase e ne e se ba bohata?

12 Ho hang Jehova hase Molimo ea thata, ea sa tsotelleng, kapa ea se nang kutloelo-bohloko le hoja baeta-pele ba bolumeli ba etsa hore batho ba nahane joalo. Ho e-na le hoo, ke Molimo ea nahanelang, ea tenyetsehang le maemo, ea bileng a leng mohau. Pele a tlisa kahlolo ea hae ho ba khopo, o sebelisa baemeli ba hae ba lefatšeng ho ba lemosa, kaha o labalabela hore batho ba khopo ba etse seo Baninive ba ileng ba se etsa—e leng ho baka le ho furalla mekhoa ea bona. (Ezek. 33:11) Jehova o ile a bolella moprofeta oa hae Jeremia, a re: “Ka motsotso ofe kapa ofe ha nka bua khahlanong le sechaba le khahlanong le ’muso hore ke se fothole le ho se heletsa le ho se timetsa, ’me sechaba seo se furalla bobe ba sona boo ke buileng ka bona, ke tla ikutloa ke soabile ka lebaka la tlokotsi eo ke neng ke nahanne ho e phethisa holim’a sona.”—Jer. 18:7, 8.

Molimo o labalabela hore batho ba khopo ba bake ’me ba furalle mekhoa ea bona, joalokaha Baninive ba ile ba etsa

13 Na boprofeta ba Jonase e ne e le ba bohata? Che; boprofeta boo bo ile ba finyella morero oa bona, e leng oa ho lemosa sechaba. Temoso e ne e le mabapi le litsela tse fosahetseng tsa Baninive, tseo ba ileng ba li furalla. Haeba Baninive ba ne ba ka khutlela mekhoeng ea bona e mebe, Molimo o ne a tla ba tlisetsa kahlolo e tšoanang. Ke sona se ileng sa etsahala hamorao.—Sof. 2:13-15.

14. Jonase o ile a ikutloa joang ha Jehova a bontša Baninive mohau?

14 Jonase o ile a ikutloa joang ha timetso e sa fihle ka nako eo a neng a e lebeletse? Bibele e re: “Ho Jonase e ne e le ho sa khahliseng ho hang, ’me a tuka ke bohale.” (Jon. 4:1) Jonase o ile a ba a rapela ka tsela e kang o khalemela Ea Matla ’Ohle! Jonase o ile a bontša hore ho ka be ho bile molemo hoja a itulela hae, naheng ea habo. O ile a re o ne a ntse a tseba hore Jehova a ke ke a felisa Baninive, a ba a itšireletsa ka hore ke sona se ileng sa etsa hore lekhetlong la pele, a balehele Tarshishe. Eaba o kōpa hore a mpe a shoe, a re ho shoa ho ka ba molemo ho feta ho phela.—Bala Jonase 4:2, 3.

15. (a) Ke’ng e ileng ea etsa hore Jonase a ikutloele bohloko a be a halefe? (b) Jehova o ile a thusa moprofeta oa hae ea sithabetseng joang?

15 Ke eng se neng se ja Jonase? Re ke ke ra tseba lintho tsohle tseo Jonase a neng a li nahana, empa rea tseba hore o ne a phatlalalitse molaetsa oa timetso sechabeng sohle sa Ninive. Se ne se khotsoe seo a neng a se phatlalalitse. Joale ho ne ho se timetso e tlang. Na o ne a tšaba hore o tla songoa kapa mohlomong a bitsoe moprofeta oa bohata? Ho sa tsotellehe hore na lebaka e ne e le lefe, seo re se tsebang ke hore ha aa ka a thabela ha batho bao ba baka kapa ha Jehova a ba bontša mohau. Ho e-na le hoo, ho bonahala a ile a tlala bohale le ho feta, a ikutloela bohloko a ba a ikutloa a theotsoe seriti hampe. Leha ho le joalo, ho bonahala Molimo ea mohau oa Jonase o ile a ’na a bona se molemo ho moprofeta enoa ea neng a sithabetse. Ho e-na le hore a khalemele Jonase ka thata ka lebaka la ho se mo hlomphe, Jehova o ile a mo botsa potso e bonolo, e mo fatang maikutlo, a re: “Na ke ka nepo u tukang ke bohale?” (Jon. 4:4) Ebe Jonase o ile a leka ho araba? Bibele ha e re bolelle.

16. Batho ba bang ba ka iphumana ba hanyetsa Molimo ka litsela life, hona re ka ithuta’ng mohlaleng oa Jonase?

16 Ho bonolo hore re ahlole Jonase ka lebaka la tsela eo a ileng a itšoara ka eona, empa re lokela ho hopola hore ho tloaelehile hore batho ba sa phethahalang ba hanyetse Molimo linthong tse itseng. Batho ba bang ba ka ’na ba nahana hore Jehova a ka be a ile a thibela tlokotsi e itseng ho etsahala kapa hore a ka be a ile a potlakela ho otla batho ba khopo kapa hona hore e ka be e le khale a tlisitse bofelo ba tsamaiso ena ea lintho. Mohlala oa Jonase o re ruta hore haeba re sa lumellane le Jehova Molimo ka taba e itseng, kamehla ke rōna ba fositseng—eseng Eena.

Kamoo Jehova a Ileng a Ruta Jonase Thuto ea Bohlokoa

17, 18. (a) Jonase o ile a etsa’ng ka mor’a hore a tlohe Ninive? (b) Mehlolo eo Jehova a ileng a e etsa ka semela sa mohope e ile ea ama Jonase joang?

17 Moprofeta eo ea hlonameng o ile a tloha Ninive ’me ho e-na le hore a lebe hae, a leba bochabela, moo lithaba tse ling li okametseng sebaka seo. O ile a iketsetsa lephephe ’me a lula ho lona a letetse ho bona se tla etsahala ka Ninive. Mohlomong o ne a tšepile hore o tla bona ha motse oo o timetsoa. Ebe Jehova o ne a tla ruta monna eo ea pelo e thata ho ba mohau joang?

18 Bosiung boo, Jehova o ile a etsa hore ho hlahe semela sa mohope. Ha Jonase a tsoha, o ile a bona semela sena se seholohali se tlokomang, se nang le makhasi a sephara a etsang moriti o monate ho feta o neng o etsoa ke lephephe le tetemang leo a neng a iketselitse lona. O ile a hlasimoloha moeeng. “Jonase a qala ho thaba haholo” ka lebaka la semela seo, mohlomong a nka ho ba teng ha sona ka mohlolo e le pontšo ea hore Molimo oa mo hlohonolofatsa le ho mo amohela. Leha ho le joalo, Jehova o ne a batla ho etsa ho fetang feela ho sireletsa Jonase letsatsing le bataolang le khalefong ea hae e sa utloahaleng. O ne a batla ho finyella pelo ea Jonase. Kahoo Molimo o ile a etsa mehlolo e meng. O ile a etsa hore sebōkō se je semela seo le ho se bolaea. Eaba o romela “moea oa bochabela o omeletsang,” ho fihlela Jonase “a akheha” ka lebaka la lebatama. Monna enoa o ile a boela a nyahama ’me a kōpa Molimo hore ho molemo a mpe a shoe.—Jon. 4:6-8.

19, 20. Jehova o ile a behela Jonase mabaka joang ka semela sa mohope?

19 Jehova o ile a boela a botsa Jonase hore na o halefile ka nepo lekhetlong lena, ha a halefetse ho shoa ha semela sa mohope. Ho e-na le hore Jonase a bake, o ile a ikemela ka ho re: “Ke ka nepo ke tukang ke bohale, ho fihlela lefung.” Joale e ne e se e le nako e loketseng ea hore Jehova a rute Jonase thuto ea bohlokoa.—Jon. 4:9.

Molimo o ile a sebelisa semela sa mohope ho ruta Jonase thuto ea bohlokoa mabapi le mohau

20 Molimo o ile a behela Jonase mabaka, a bontša moprofeta eo hore o ne a koatetse ho shoa ha semela se sa reng letho se metseng ka bosiu bo le bong, le hona se sa lengoa ke Jonase ebile e se eena ea entseng hore se hōle. Eaba Molimo o qetella ka ho re: “Na ha kea tšoanela ho utloela Ninive motse o moholo bohloko, oo ho oona ho nang le batho ba fetang likete tse lekholo le mashome a mabeli bao ho hang ba sa tsebeng phapang pakeng tsa letsoho la bona le letona le letsoho la bona le letšehali, ho phaella liphoofolong tse ngata tse ruuoang?”—Jon. 4:10, 11. *

21. (a) Jehova o ile a sebelisa papiso efe ho ruta Jonase? (b) Tlaleho ea Jonase e ka re susumelletsa joang hore re itlhahlobe ka botšepehi?

21 Na u lemoha ntlha ea bohlokoa papisong eo Jehova a ileng a e etsa? Jonase o ne a sa etsa letho ho hlokomela semela seo. Ka lehlakoreng le leng, Jehova ke eena Ea neng a file Baninive bophelo ’me o ne a ba hlokometse joalokaha a hlokomela libōpuoa tse ling tsohle tse lefatšeng. Ho tla joang hore ebe Jonase o ne a nka semela se le seng e le sa bohlokoa ho feta bophelo ba batho ba 120 000, ho kopanyelletsa le mehlape eohle ea bona? Na ke hobane Jonase a ne a ichebile boeena feela? Etsoe o ne a utloile bohloko ka semela seo hobane feela se ne se mo tsoela molemo. Na bohale ba hae ka Ninive bo ne bo hlohlelletsoa ke ho icheba boeena feela—hobane a sa batle ho theoloa seriti a bile a tšaba hore ho tla thoe o ne a sa bue ’nete? Pale ea Jonase e ka re thusa hore re itlhahlobe ka botšepehi. Ha ho le ea mong oa rōna ea sa beng le maikutlo ao a boithati. Ruri re lokela ho leboha Jehova hore ebe o ile a bontša mamello ka ho re ruta ho hloka boithati, ho ba le kutloelo-bohloko le ho ba mohau—joaloka eena!

22. (a) Ho bonahala thuto e bohlale eo Jehova a ileng a e ruta Jonase ka mohau e ile ea ama Jonase joang? (b) Ke thuto efe eo re ithutang eona kaofela?

22 Potso ke hore, Na ho na le seo Jonase a ileng a ithuta sona tabeng ee? Buka e reheletsoeng ka Jonase e qetella ka potso e sa kang ea arabeloa eo Jehova a ileng a e botsa. Bahlahlobisisi ba bang ba ka ’na ba tletleba ka hore Jonase ha aa ka a araba. Empa bonneteng, karabo ea hae e teng. Ke buka ea Jonase ka boeona. Ha e le hantle, ho na le bopaki bo bontšang hore Jonase o ile a ngola buka e reheletsoeng ka eena. Nahana feela ha moprofeta eo a se a khutletse naheng ea habo, a ngola tlaleho ena. Nahana feela monna ea seng a hōlile, a le bohlale le ho feta ebile e le motho ea ikokobelitseng le ho feta a ntse a sisinya hlooho ha a ntse a ngola ka liphoso tsa hae, bofetoheli ba hae le ho ba manganga ha a ne a lokela ho bontša mohau. Ho hlakile hore Jonase o ile a ithuta thuto ea bohlokoa taeong e bohlale ea Jehova. O ile a ithuta ho ba mohau. Na le rōna re tla ithuta ho ba mohau?—Bala Matheu 5:7.

^ ser. 6 Ho ’nile ha hakanngoa hore mehleng ea Jonase, Samaria, e leng motse-moholo oa ’muso oa meloko e leshome ea Iseraele, e ne e e-na le baahi ba ka bang 20 000 ho ea ho 30 000—e leng baahi ba neng ba sa etse le kotara ea baahi ba Ninive. Nakong eo ka eona Ninive e neng e atlehile haholo moruong, e ka ’na eaba e ne e le oona motse o moholo ka ho fetisisa lefatšeng.

^ ser. 8 Taba ena e ka ’na ea makatsa ba bang, empa ke ntho e kileng ea etsahala mehleng ea boholo-holo. Rahistori oa Mogerike Herodotus o ile a re Bapersia ba boholo-holo ba ile ba akarelletsa liphoofolo tsa bona tse ruiloeng ha ba ne ba bontša ho siama ka lebaka la lefu la molaoli oa mabotho ea neng a ratoa ke bohle.

^ ser. 20 Ha Molimo a re batho bao ba ne ba sa tsebe phapang pakeng tsa letsoho le letona le le letšehali, o ne a bolela hore ba tšoana le bana kaha ba ne ba sa tsebe melao ea Molimo ea boitšoaro.