Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA MASHOME A MABELI

“Ke Lumetse”

“Ke Lumetse”

1. Hlalosa hore na Maretha o ne a ikutloa joang hona hobane’ng?

MARETHA ka kelellong ea hae o ne a ntse a bona moo khaitseli ea hae e bolokiloeng teng—lehaheng le koetsoeng ka lejoe monyako. Bohloko boo a neng a bo utloile bo ne bo mo imetse joalokaha eka lejoe leo le lutse holim’a hae. O ne a sa kholoe hore Lazaro moratuoa oa hae o shoele. Ho ne ho se ho fetile matsatsi a mane joale a hlokahetse empa ao e ne e le matsatsi a tletseng ka mesarelo, baeti le batho ba tlisang matšeliso.

2, 3. (a) E ka ’na eaba Maretha o ile a ikutloa joang ha a bona Jesu? (b) Mantsoe a bohlokoa ao Maretha a ileng a a bua a ile bontša hore ke motho ea joang?

2 Letsatsing lena Maretha o ne a e-na le motho e mong eo e neng e le oa bohlokoa haholo ho Lazaro. Ho boela a bona Jesu ho ile ha etsa hore pelo ea hae e sise le ho feta, kaha e ne e le eena motho a le mong feela lefatšeng ea neng a ka be a entse hore khaitseli ea hae e se ke ea shoa. Leha ho le joalo, Maretha o ile a tšeliseha ka ho ba le Jesu sebakeng sena se ka thōko ho motsana o lithaba oa Bethani. Ka nakoana eo feela a neng a e-na le eena, o ile a ikutloa a tšelisehile ka lebaka la sefahleho sa hae se bontšang kutloelo-bohloko, le qenehelo ea hae e neng e lula e mo khothatsa. Jesu o ile a mo botsa lipotso tse ileng tsa mo thusa hore a tsepamise mohopolo tumelong ea hae le tšepong ea hae ea tsoho ea bafu. Moqoqo oo o ile oa etsa hore Maretha a bue mantsoe a bohlokoa ka ho fetisisa a kileng a tsoa molomong oa hae: “Ke lumetse hore ke uena Kreste Mora oa Molimo, Ea tlang lefatšeng.”—Joh. 11:27.

3 Joalokaha mantsoe ao a bontša, Maretha e ne e le mosali ea nang le tumelo e ikhethang. Lintlha tse seng kae tseo Bibele e re bolellang tsona ka eena li re ruta lintho tsa bohlokoa haholo tse ka re thusang ho matlafatsa tumelo ea rōna. E le hore re bone hore na li ka etsa seo joang, a re ke re hlahlobe tlaleho ea pele ea Bibele e buang ka Maretha.

“U Tšoenyehile le ho Khathatseha”

4. Ke ka tsela efe lelapa la habo Maretha le neng le sa tloaeleha, hona le ne le e-na le kamano efe le Jesu?

4 E ne e le likhoelinyana pejana. Lazaro o ne a ntse a ipheletse hantle. Lelapa labo le Bethani le ne le tlil’o amohela moeti oa bohlokoa ka ho fetisisa, Jesu Kreste. Lelapa labo Lazaro, Maretha le Maria e ne e le le sa tloaelehang—la bana ba motho ba bararo ba seng ba hōlile ba lulang ’moho. Bafuputsi ba bang ba nka hore Maretha e ne e le eena e moholo, kaha ho bonahala e ne e le eena ea neng a hlokomela moeti enoa oa bona le hore hangata ha ho buuoa ka bona ho qaloa ka eena. (Joh. 11:5) Ha ho tsejoe hore na har’a bona ho ne ho e-na le ea kileng a kena lenyalong. Leha ho le joalo, e ile ea e-ba metsoalle e meholo ea Jesu. Nakong ea tšebeletso ea hae Judea, e leng sebakeng seo ho sona a neng a hanyetsoa haholo a bile a hlouoe, Jesu o ne a fihlela moo habo bona. Ha ho pelaelo hore o ne a ananela haholo lehae leo le renang khotso la batho ba neng ba mo tšehetsa.

5, 6. (a) Ke hobane’ng ha Maretha a ne a phathahane, haholo-holo nakong eo Jesu a neng a etile ka eona? (b) Maria o ile a etsa’ng ha Jesu a ne a ba etetse?

5 Maretha o ne a etsa ka hohle hore lintho li tsamaee hantle lapeng le hore baeti ba ikutloe ba amohelehile. Kaha e ne e le mosali ea khothetseng, ho bonahala hangata a ne a lula a le maphathaphathe. Le lekhetlong lena ha Jesu a ne a ba etetse ho ne ho le joalo. Ka potlako o ile a nahana ho lokisetsa moeti oa hae ea ikhethang, mohlomong le ba bang bao a neng a tsamaeang le bona, lijo tse khethehileng tsa mefuta-futa. Mehleng eo, kamohelo ea baeti e ne e nkoa e le ntho ea bohlokoa haholo. Ha moeti a fihla, o ne a amoheloa ka ho akoa, a roloa meqathatso, maoto a hae a hlatsuoa ’me hlooho ea hae e tšeloa ka oli e hlasimollang e nkhang hamonate. (Bala Luka 7:44-47.) Ho ne ho etsoa ka hohle hore a lokisetsoe sebaka sa ho robala le lijo tse hlabosang.

6 Maretha le Maria ba ne ba phathahane ka mosebetsi oa ho lokisetsa ketelo ea Jesu. Ha ho pelaelo hore qalong Maria o ile a thusa ausi oa hae, le hoja batho ba bangata ba nahana hore o ne a thahasella ho ithuta ho mo feta. Empa ha Jesu a fihla, lintho li ile tsa fetoha. Jesu o ile a nka nako eo e le monyetla oa hore a ba rute—’me o ile a fela a etsa joalo. Ho fapana le baeta-pele ba bolumeli ba mehleng eo, Jesu o ne a hlompha basali ’me a lula a ba ruta ka ’Muso oa Molimo, e leng ntho e ka sehloohong eo a neng a bua ka eona tšebeletsong ea hae. Maria o ile a thabela monyetla oo, eaba o lula maotong a Jesu ’me o mamela ka hloko.

7, 8. Ke eng e ileng ea etsa hore Maretha a tlalellane ke bohale, hona o ile a ntša maikutlo a hae joang?

7 U se u ka inahanela hore na e tlameha ebe Maretha o ne a ntse a tlallana ke bohale hakaakang! Ha a nahana ka lijo tsa mefuta-futa tseo a lokelang ho li lokisetsa baeti ba hae le mesebetsi e mengata eo a lokelang ho e etsa, o ile a ’na a tšoenyeha le ho sitiseha le ho feta. Ha a ntse a e-ea holimo le tlaase a bona ngoan’abo a lutse fatše moo, ho sa re le hore teke! ho eena, e tlameha ebe o ile a ’na a retela, a feheloa kapa hona ho tiisa ka mahlong. Mosebetsi o ne o mo tletse matsoho!

8 Qetellong Maretha o ile a ntša se ka sefubeng sa hae. O ile a phasoloha feela Jesu a ntse a bua, a re: “Morena, na ha ho tsotellehe ho uena hore ebe morali’eso o ntšiile ke le mong hore ke hlokomele lintho? Ka hona, mo bolelle hore a nthuse.” (Luka 10:40) Mantsoe ana a ne a le bohale. Libibele tse ngata li fetolela potso ena tjena: “Morena, na ha u na taba . . . ?” Eaba o kōpa Jesu hore a khalemele Maria ’me a mo laele hore a sebetse.

9, 10. (a) Jesu o ile a araba Maretha joang? (b) Re tseba joang hore Jesu o ne a sa khalemele Maretha ka lebaka la ho sebetsa ka thata?

9 E ka ’na eaba karabo ea Jesu e ile ea makatsa Maretha, joalokaha e ’nile ea makatsa babali ba bangata ba Bibele. O ile a mo araba ka bonolo, a re: “Maretha, Maretha, u tšoenyehile le ho khathatseha ka lintho tse ngata. Leha ho le joalo, ho hlokahala lintho tse seng kae, kapa e le ’ngoe feela. Maria o khethile karolo e ntle, ’me a ke ke a e amohuoa.” (Luka 10:41, 42) Jesu o ne a bolela’ng? Na o ne a bolela hore Maretha o rata lintho tsa nama? Na o ne a bolela hore mosebetsi oa hae o boima oa ho lokisa lijo tse monate ha o na thuso?

Le hoja a ne a “tšoenyehile le ho khathatseha ka lintho tse ngata,” ka boikokobetso Maretha o ile a amohela khalemelo

10 Che. Ho hlakile hore Jesu o ne a bona hore Maretha o etsa seo ka lerato le ka botšepehi. Ho feta moo, o ne a sa nke hore ho rata ho amohela baeti ka mofuthu ho fosahetse. O ne a ile a ea ‘moketeng o moholo oa kamohelo’ oo Matheu a neng a mo lokiselitse oona. (Luka 5:29) Ho ne ho se phoso ka lijo tseo Maretha a neng a li lokisa; bothata e ne e le hore na ke eng se neng se tla pele bophelong ba hae. O ne a amehile haholo ka lijo tse hlamatsehang hoo a sa kang a lemoha seo e leng sa bohlokoa haholo. Seo e ne e le eng?

Jesu o ile a ananela kamoo Maretha a ileng a mo bontša kamohelo ea baeti ’me o ne a bona hore Maretha o etsa seo ka lerato le ka botšepehi

11, 12. Jesu o ile a khalemela Maretha ka bonolo joang?

11 Jesu, Mora ea tsoetsoeng a ’notši oa Jehova Molimo, o ne a etetse lapeng habo Maretha ho tla ruta ’nete. Ho ne ho se na letho le neng le le bohlokoa ho feta seo, esita le tsona lijo tse monate le lintho tse ling tseo Maretha a neng a li lokisetsa. Ha ho pelaelo hore Jesu o ne a sa thabele hore ebe Maretha o fetoa ke monyetla o ikhethang oa hore a matlafatse tumelo ea hae, empa o ne a mo tlohetse hore a ikhethele. * Empa joale Maretha o ne a kōpa Jesu ntho e ’ngoe e sa nepahalang ea hore a qobelle Maria hore le eena a lahleheloe ke monyetla ona.

12 Kahoo o ile a khalemela Maretha ka bonolo, a pheta lebitso la hae habeli e le hore a mo kokobetse maikutlo, eaba o mo bolella hore ha ho hlokahale hore ebe o “tšoenyehile le ho khathatseha ka lintho tse ngata.” Lijo tse itekanetseng feela tsa mofuta o le mong kapa e ’meli li ne li lokile, haholo-holo ha ho e-na le matletsetletse a lijo tsa moea. Kahoo, Jesu o ne a se na tokelo ea ho tlosa Maria ‘karolong e ntle’ eo a e khethileng—ea hore a mo rute.

13. Re ka ithuta’ng ho seo Jesu a ileng a se bolella Maretha?

13 Balateli ba Kreste ba mehleng ena ba ka ithuta ho hongata ka sena se etsahetseng habo Maretha. Le ka mohla ha rea lokela ho lumella letho hore le re sitise ho hlokomela ‘tlhoko ea rōna ea moea.’ (Mat. 5:3) Le hoja re batla ho etsisa Maretha ka ho ba seatla se bulehileng le ho ba mahlahahlaha, le ka mohla ha rea lokela ho ‘tšoenyeha le ho khathatseha’ haholo ka lintho tseo e seng tsa bohlokoa ha re amohela baeti hoo re ka fetoang ke tsa bohlokoa haholo. Ha re thabela botsoalle le balumeli-’moho le rōna, morero o ka sehloohong hase ho fana kapa ho ja lijo tse hlamatsehang, empa ke ho khothatsana le ho fana ka limpho tsa moea. (Bala Baroma 1:11, 12.) Leha ho e-na le lijo tse itekanetseng feela, ketsahalo eo e ka ba e hahang haholo.

Khaitseli e Ratoang e Tsosoa Bafung

14. Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore Maretha o ile a beha mohlala o motle tabeng ea ho amohela khalemelo?

14 Na Maretha o ile a amohela khalemelo e bonolo ea Jesu a ba a ithuta ho eona? Ha rea lokela ho ingoaea hlooho. Ha moapostola Johanne a bua ka ketsahalo e hlollang e amang khaitseli ea Maretha, o qala ka ho re hopotsa: “Joale Jesu o ne a rata Maretha le morali’abo le Lazaro.” (Joh. 11:5) Ho ne ho se ho fetile likhoeli joale ka mor’a hore Jesu a etele Bethani joalokaha ho hlalositsoe ka holimo. Ho hlakile hore Maretha o ne a sa koatela Jesu; o ne a sa mo jara ka pelo ka lebaka la khalemelo ea hae e lerato. O ile a e amohela. Le mona hape o ile a re behela mohlala o motle oa tumelo, kaha kaofela ha rōna ka linako tse ling re hloka ho khalemeloa.

15, 16. (a) E tlameha ebe Maretha o ile a etsa’ng ha khaitseli ea hae e kula? (b) Ke hobane’ng ha Maretha le Maria ba ile ba soetseha?

15 Ha khaitseli ea hae e kula, ha ho pelaelo hore Maretha o ile a lula a phathahane ka ho e oka. O ile a etsa sohle seo a ka se khonang hore a kokobetse bohloko boo khaitseli eo ea hae e bo utloang le hore a e thuse hore e fole. Leha ho le joalo, bokuli ba Lazaro bo ile ba ’na ba tota. Ka linako tsohle, likhaitseli tsa hae li ne li lula li le haufi le eena li mo oka. U se u ka inahanela feela hore na ke hangata hakae Maretha a neng a sheba khaitseli ea hae ’me a bona kamoo e neng e se e khohletse kateng mahlong, a hopola lilemo tse ngata tseo ba li phetseng ’moho le linako tse monate le tse bohloko tseo ba fetileng ho tsona.

16 Ha Maretha le Maria ba hlokomela hore joale ntoa ea ba hlōla, ba ile ba romella Jesu molaetsa. O ne a ntse a ruta sebakeng se ka etsang leeto la matsatsi a mabeli ho tloha moo. Molaetsa oa bona o ne o hlakile: “Morena, bona! eo u mo ratang oa kula.” (Joh. 11:1, 3) Ba ne ba tseba hore Jesu o rata khaitseli ea bona ’me ba ne ba lumela hore o tla etsa sohle seo a ka se khonang ho thusa motsoalle eo oa hae. Na ba ne ba tšepile hore Jesu a ka ’na a fihla pele Lazaro a shoa? Haeba ho joalo, ba ile ba soetseha hoba Lazaro o ile a shoa.

17. Ke eng e ileng ea etsa hore Maretha a makale, hona o ile a etsa’ng ha a utloa hore Jesu o haufi le motse?

17 Maretha le Maria ba ile ba llela khaitseli ea bona, ba lokisetsa lepato ba ba ba amohela baeti ba bangata ba Bethani le ba tsoang libakeng tse haufi le eona. Leha ho le joalo ba ne ba ntse ba e-s’o utloe letho ho tsoa ho Jesu. E ka ’na eaba Maretha o ne a ipotsa hore na ho etsahala’ng ha a bona meso e ntse e tsoala mesoana. Qetellong ha ho se ho fetile matsatsi a mane ka mor’a hore Lazaro a hlokahale, Maretha o ile a utloela hore Jesu o haufi le motse. Joaloka mosali ea mahlahahlaha, le nakong ena e mahlonoko, Maretha o ile a phahama a matha ho ea kopana le Jesu, a sa bolella le Maria.—Bala Johanne 11:18-20.

18, 19. Maretha o ile bua ka tšepo efe, hona ke hobane’ng ha tumelo ea hae e ne e ikhetha?

18 Ha a bona Mong’a hae, o ile a bua mantsoe ana ao esale a ba bipelitse, eena le Maria ka matsatsi a mangata: “Morena, hoja u ne u le teng mona khaitseli ea ka e ka be e sa shoa.” Leha ho le joalo, Maretha o ne a ntse a e-na le tšepo le tumelo e matla. O ile a eketsa ka ho re: “Leha ho le joalo, hona joale kea tseba hore lintho tse ngata tseo u li kōpang ho Molimo, Molimo o tla u fa tsona.” Hang-hang Jesu o ile a bua mantsoe a neng a tla matlafatsa tšepo ea hae: “Khaitseli ea hao e tla tsoha.”—Joh. 11:21-23.

19 Maretha o ne a nahana hore Jesu o bua ka tsoho ea bafu ea nakong e tlang, kahoo o ile a mo araba, a re: “Kea tseba hore o tla tsoha tsohong ka letsatsi la ho qetela.” (Joh. 11:24) Tumelo ea hae thutong eo e ne e ikhetha. Baeta-pele ba bang ba bolumeli ba Sejuda, ba bitsoang Basaduse, ba ne ba hana taba ea hore ho tla ba le tsoho ea bafu, le hoja e ne e le thuto e hlakileng e hlahang ka Mangolong a bululetsoeng. (Dan. 12:13; Mar. 12:18) Leha ho le joalo, Maretha eena o ne a tseba hore Jesu o ne a ruta ka tšepo ea tsoho ea bafu le hore o ne a kile a tsosa bafu—le hoja ba ne ba sa shoa nako e telele joaloka Lazaro. O ne a sa tsebe se neng se tla tloha se etsahala.

20. Hlalosa se boleloang ke mantsoe a sa lebaleheng a Jesu a tlalehiloeng ho Johanne 11:25-27 le se boleloang ke karabo ea Maretha.

20 Joale Jesu o ile a bua mantsoe ana a sa lebaleheng: “Ke ’na tsoho le bophelo.” Ka sebele, Jehova Molimo o file Mora oa hae matla a ho tsosa bafu lefatšeng lohle nakong e tlang. Jesu o ile a botsa Maretha: “Na u lumela see?” Eaba o fana ka karabo e boletsoeng qalong ea khaolo ena. O ne a e-na le tumelo ea hore Jesu ke Kreste, kapa Mesia, ea hore ke Mora oa Jehova Molimo le hore ke eena eo baprofeta ba boletseng esale pele hore o tla tla lefatšeng.—Joh. 5:28, 29; bala Johanne 11:25-27.

21, 22. (a) Jesu o ile a bontša hore o ikutloa joang ha batho ba saretsoe? (b) Hlalosa tsoho ea Lazaro.

21 Na Jehova Molimo le Mora oa hae, Jesu Kreste, ba nka tumelo e tšoanang le ea Maretha e le ea bohlokoa? Lintho tseo Maretha a ileng a li bona li etsahala ka mor’a moo, li fana ka karabo e hlakileng. O ile a matha ho ea lata ngoan’abo. Ka mor’a moo o ile a hlokomela hore Jesu o ne a utloile bohloko haholo ha a bua le Maria le ba bang ba neng ba ntse ba lla le eena. O ile a bona likeleli li keleketla marameng a Jesu ha a ntša bohloko boo a bo utloileng ka lebaka la lefu. O ile a utloa ha Jesu a laela hore ho tlosoe lejoe le lebitleng la khaitseli ea hae.—Joh. 11:28-39.

22 Kaha o ne a nka lintho ka tsela ea sebele, Maretha o ile a hana, a bolela hore e tlameha ebe setopo seo se se se e-na le letsuka kaha ho ne ho se ho fetile matsatsi a mane a shoele. Jesu o ile a mo hopotsa a re: “Na ha kea u bolella hore haeba u ne u ka lumela u ne u tla bona khanya ea Molimo?” O ile a lumela ’me o ile a fela a bona khanya ea Jehova Molimo. Hona moo, ka nako eona eo, Jehova o ile a fa Mora oa hae matla a ho tsosa Lazaro bafung! Ak’u nahane ka lintho tsena tseo e tlamehang ebe Maretha o ile a lula a ntse a li hopola ho fihlela letsatsing leo a ileng a phomola mabitleng ka lona: Taelo ea Jesu e reng, “Lazaro, tsoa!”; molumo o monyenyane o ileng oa utloahala ka lehaheng leo Lazaro a neng a patiloe ka ho lona ha a tsoha ’me a ntse a thatetsoe ka masela a thatelang bafu, a totoba ho ea tsoa monyakong oa lehaha; taelo ea Jesu e reng, “mo lokolleng ’me le mo tlohele a tsamaee”; hammoho le thabo e khaphatsehang eo joang kapa joang Maretha le Maria ba ileng ba ba le eona ha ba mathela khaitseli ea bona ’me a ba kopa ka matsoho. (Bala Johanne 11:40-44.) Bohloko bo otlang pelo boo Maretha a neng a bo utloile bo ne bo ile.

Tumelo eo Maretha a neng a e-na le eona ho Jesu e ile ea putsoa ha eena le Maria ba bona khaitseli ea bona e tsosoa bafung

23. Ke’ng seo Jehova le Jesu ba batlang ho u etsetsa sona, hona ke’ng seo u lokelang ho se etsa?

23 Tlaleho ena e bontša hore tsoho ea bafu hase ntho e inahaneloang feela; ke thuto ea Bibele e thobang pelo ebile ke ntho ea sebele e kileng ea etsahala. (Jobo 14:14, 15) Jehova le Mora oa hae ba rata ho putsa batho ba nang le tumelo, joalokaha ba ile ba putsa Maretha, Maria le Lazaro. Le uena ba tla u putsa ka tsela e tšoanang haeba u ikaha ka matla tumelong.

“Maretha o ne a Sebeletsa”

24. Ke ntho efe ea ho qetela eo Bibele e e buang ka Maretha?

24 Bibele e boetse e bua ka Maretha ka lekhetlo leng hape la ho qetela. E ne e le maqalong a beke ea ho qetela ea Jesu a le lefatšeng. Ka ho tseba mahlomola a neng a larile ka pele ho eena, Jesu o ile a boela a ea lelapeng leo la metsoalle ea hae. Ha a le moo o ne a tla tsamaea lik’hilomithara tse tharo ho ea Jerusalema. Jesu le Lazaro ba ne ba jella ha Simone oa molepera ’me moo re fumana mantsoe ana a ho qetela a buang ka Maretha, a reng: “Maretha o ne a sebeletsa.”—Joh. 12:2.

25. Ke hobane’ng ha kajeno liphutheho li hlohonolofalitsoe ka ho ba le basali ba joaloka Maretha?

25 Ka sebele eo e ne e le mosali ea mahlahahlaha! Lekhetlo la pele ha Bibele e bua ka eena, o ne a sebetsa; le la ho qetela ha e bua ka eena o ne a ntse a sebetsa, a etsa sohle seo a ka se khonang ho hlokomela batho ba bang. Liphutheho tsa balateli ba Kreste tsa mehleng ena li hlohonolofalitsoe haholo ka ho ba le basali ba joaloka Maretha—ba sebete le ba seatla se bulehileng, bao kamehla ba bontšang tumelo ea bona ka hore ba itelle ba bang. Na Maretha o ile a tsoela pele ho etsa seo? Ho bonahala joalo. Haeba ho joalo, o ile a etsa ka bohlale, kaha e ne e le hona a tla kopana le litšitiso.

26. Tumelo ea Maretha e ile ea mo thusa hore a etse’ng?

26 Matsatsi a seng makae ka mor’a moo, Maretha o ile a shoeloa ke Mong’a hae eo a mo ratang haholo, Jesu. Ho feta moo, bona babolai bao ba baikaketsi ba bolaileng Jesu, ba ne ba batla ho bolaea le Lazaro, kaha ho tsosoa ha hae ho ile ha etsa hore ba bangata ba be le tumelo le ho feta. (Bala Johanne 12:9-11.) Ke ’nete hore qetellong lefu le ile la khaola kamano e lerato e neng e momahantse Maretha le banab’abo. Ha re tsebe hore na seo se etsahetse joang hona neng, empa re ka kholiseha ka sena: Tumelo e babatsehang ea Maretha e ile ea mo thusa hore a mamelle ho fihlela qetellong. Ke kahoo Bakreste mehleng ena ba etsang hantle ha ba etsisa tumelo ea Maretha.

^ ser. 11 Lekholong la pele la lilemo, sechabeng sa Bajuda, basali ba ne ba sa lumelloe ho rutoa. Ba ne ba koetlisoa haholo mesebetsing ea lelapa. Kahoo e ka ’na eaba Maretha o ne a bona e le ntho e sa tloaelehang hore a lule ’me a mamele ha a rutoa.