Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Buka ea Zakaria

Likhaolo

1 2 3 4 5 6 7 8 9 10 11 12 13 14

Kakaretso ea Buka

  • 1

    • Sechaba se khothaletsoa ho khutlela ho Jehova (1-6)

      • ‘Khutlelang ho ’na ’me ke tla khutlela ho lona’ (3)

    • Pono ea Pele: Banna ba palameng lipere har’a lifate tsa mirte (7-17)

      • “Jehova o tla tšelisa Sione hape” (17)

    • Pono ea Bobeli: Manaka a mane le batho ba bane ba tsebang mosebetsi oa matsoho (18-21)

  • 2

    • Pono ea Boraro: Monna ea tšoereng khoele e methang (1-13)

      • Jerusalema e tla methoa (2)

      • Jehova e tla ba “lebota la mollo le e pota-potileng” (5)

      • Ho thetsa thaka ea leihlo la Molimo (8)

      • Lichaba tse ngata li tla ba ka lehlakoreng la Jehova (11)

  • 3

    • Pono ea Bone: Moprista ea phahameng o apesoa liaparo tse ling (1-10)

      • Satane o hanyetsa Moprista ea Phahameng Joshua (1)

      • ‘Ke tla tlisa mohlanka oa ka ea bitsoang Lehlomela!’ (8)

  • 4

    • Pono ea Bohlano: Seluloana sa lebone le lifate tse peli tsa mohloaare (1-14)

      • ‘Eseng ka matla empa ka moea oa ka’ (6)

      • U se ke oa khella fatše letsatsi leo lintho li qalileng li le nyenyane (10)

  • 5

    • Pono ea Botšelela: Moqolo o fofang (1-4)

    • Pono ea Bosupa: Nkho e lekanyang (5-11)

      • Mosali ea ka har’a nkho o bitsoa Bokhopo (8)

      • Nkho e isoa Shinare (9-11)

  • 6

    • Pono ea Borobeli: Likariki tsa ntoa tse ’nè (1-8)

    • Lehlomela e tla ba morena le moprista (9-15)

  • 7

    • Jehova ha a batle batho ba itimang lijo e se ka pelo eohle (1-14)

      • ‘Na le ne le etsetsa ’na ha le ne le itima lijo?’ (5)

      • “Ahlolang ka toka, le ratane le be le hauhelane” (9)

  • 8

    • Jehova o fa Sione khotso le ’nete  (1-23)

      • Jerusalema “motse oa ’nete “ (3)

      • “Le bolellane ’nete “ (16)

      • Ho itima lijo ho fetoha mekete e thabisang (18, 19)

      • ‘A re kopeng hore Jehova a re hauhele’ (21)

      • Banna ba leshome ba tšoara seaparo se selelele sa Mojuda (23)

  • 9

    • Molimo o ahlola lichaba tse haufi (1-8)

    • Morena oa Sione oa tla (9, 10)

      • Morena ea ikokobelitseng o palame tonki (9)

    • Batho ba Jehova ba tla lokolloa (11-17)

  • 10

    • Kopang Jehova hore a le fe pula, le se ke la kopa melimo ea bohata (1, 2)

    • Jehova o momahanya batho ba hae (3-12)

      • Monna oa bohlokoa ea tsoang Juda (3, 4)

  • 11

    • Litla-morao tsa ho se amohele molisa oa Molimo oa ’nete  (1-17)

      • “Lisa mohlape o tl’o bolaoa” (4)

      • Melamu e ’meli: Mohau le Kopano (7)

      • Moputso oa molisa: Likotoana tse 30 tsa silevera (12)

      • Chelete e lahleloa ka polokelong ea matlotlo (13)

  • 12

    • Jehova o tla loanela Juda le Jerusalema (1-9)

      • Jerusalema ke “lejoe le boima” (3)

    • Ba llela ea hlabiloeng (10-14)

  • 13

    • Ho tlosoa litšoantšo tse rapeloang le baprofeta ba bohata (1-6)

      • Baprofeta ba bohata ba tla soaba (4-6)

    • Molisa o tla bolaoa (7-9)

      • Ba setseng ba tla hloekisoa (9)

  • 14

    • Bolumeli ba ’nete bo tla hlola (1-21)

      • Thaba ea Mehloaare e tla aroloa ka lehare (4)

      • Jehova e tla ba eena feela Molimo ebile ho tla tlotlisoa lebitso la hae feela (9)

      • Boloetse bo tla tlela batho ba loantšang Jerusalema (12-15)

      • Ho ketekoa Mokete oa Maphephe (16-19)

      • Pitsa e ’ngoe le e ’ngoe e tla ba ntho e halalelang ho Jehova (20, 21)