Lengolo le Eang ho Tite 3:1-15

  • Boikokobetso (1-3)

  • Itokisetse ho etsa mesebetsi e metle (4-8)

  • Qoba likhang tse se nang kelello le lithuto tse fosahetseng (9-11)

  • Litaelo le litumeliso (12-15)

3  Lula u ba hopotsa hore ba mamele le ho ikokobeletsa mebuso le balaoli,+ ba itokisetse mesebetsi eohle e lokileng,  ba se ke ba bua mang kapa mang hampe, ba se ke ba rata likhang, ba se ke ba tsitlella maikutlo a bona,+ ba be bonolo ho batho bohle.+  Etsoe le rona re kile ra ba lithoto, re sa mamele, re khelohile, re le makhoba a litakatso le menyaka e sa tšoaneng, re phela ka bokhopo le mona, re sa ratehe re bile re hloeane.  Leha ho le joalo, ha mosa oa Mopholosi oa rona Molimo+ le lerato leo a ratang batho ka lona li bonahatsoa,  o ile a re pholosa, eseng ka lebaka la mesebetsi e lokileng eo re e entseng+ empa ka lebaka la mohau oa hae.+ O ile a re pholosa ka metsi a ileng a re fa bophelo*+ le ka ho re nchafatsa ka moea o halalelang.+  O ile a re fa moea ona ka bongata* a sebelisa Jesu Kreste Mopholosi oa rona+  e le hore re ka ba majalefa+ a nang le tšepo ea bophelo bo sa feleng+ ka mor’a hore ho boleloe hore re lokile ka lebaka la mosa* oa hae.+  Mantsoe ana ke ’nete ’me ke batla hore u lule u hatisa litaba tsena e le hore ba lumelang ho Molimo ba ka lula ba nahana ka ho ntšetsa pele mesebetsi e metle. Lintho tsena li ntle ’me li molemong oa batho.  Empa u se ke oa kena likhang tse se nang kelello, litaba tsa maloko, liqabang le lintoa tse mabapi le molao kaha ha li na thuso ’me ke tsa lefeela.+ 10  Ha e le motho ea hasang thuto e fosahetseng,+ u khaotse ho tloaelana le eena+ haeba a hana ho mamela ka mor’a hore u mo eletse* ka makhetlo a mabeli.+ 11  U tsebe hore motho ea joalo o se a khelohile tsela e nepahetseng, o etsa sebe ebile o ikahlotse. 12  Ha ke romela Artemase kapa Tikikase+ ho uena, u etse sohle se matleng a hao hore u tle ho ’na Nikopolise kaha ke hona moo ke entseng qeto ea hore ke tla lula teng mariha. 13  Thusa Zenase ea rutehileng Molaong le Apolose ka lintho tseo ba li hlokang bakeng sa leeto la bona e le hore ba se ke ba haelloa ke letho.+ 14  Empa batho ba habo rona le bona ba ke ba ithute ho tsoela pele ka mesebetsi e metle e le hore ba thusetse ha ho e-na le lintho tse hlokoang ka potlako.+ Ha ba etsa joalo, ba ke ke ba khaotsa ho etsa mesebetsi e metle.*+ 15  Bohle ba nang le ’na ba re u lumele. Ntumelisetse balumeli-’moho le rona ba re ratang. E se eka Molimo a ka ba mosa ho lona kaofela.

Linaletsana

Ka Segerike: “ka ho re hlatsoa.”
Kapa: “o mongata.”
Kapa: “lemose.”
Ka Segerike: “ho beha litholoana.”