Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Buka ea Numere

Likhaolo

Kakaretso ea Buka

  • 1

    • Banna ba ngolisetsoa sesole (1-46)

    • Balevi ha baa lumelloa ho ba masole (47-51)

    • Tlhophiso ea ho hloma litente (52-54)

  • 2

    • Liahelo li hlophisoa ho ea ka maloko a mararo (1-34)

      • Leloko la Juda le hloma litente ka bochabela (3-9)

      • Leloko la Rubene le hloma litente ka boroa (10-16)

      • Balevi ba hloma litente tsa bona bohareng (17)

      • Leloko la Efraime le hloma litente ka bophirimela (18-24)

      • Leloko la Dane le hloma litente ka leboea (25-31)

      • Palo ea banna bohle ba ngolisitsoeng (32-34)

  • 3

    • Bara ba Arone (1-4)

    • Balevi baa khethoa hore ba sebeletse (5-39)

    • Bana ba matsibolo baa lopolloa (40-51)

  • 4

    • Mosebetsi oa Bakohathe (1-20)

    • Mosebetsi oa Bagershone (21-28)

    • Mosebetsi oa Bamerari (29-33)

    • Kakaretso ea palo ea batho (34-49)

  • 5

    • Batho ba sa hloekang ba behoa ka thoko (1-4)

    • Ho ipolela libe le ho patala (5-10)

    • Metsi a hlahlobang hore na motho o entse bofebe (11-31)

  • 6

    • Boitlamo ba ho ba Monazari (1-21)

    • Litlhohonolofatso tsa baprista (22-27)

  • 7

    • Linyehelo tsa ha ho khakoloa tabernakele (1-89)

  • 8

    • Arone o khantša mabone a supileng (1-4)

    • Balevi baa hloekisoa, ba qala ho sebeletsa (5-22)

    • Lilemo tse lekanyelitsoeng bakeng sa tšebeletso ea Balevi (23-26)

  • 9

    • Litaelo tsa ho keteka Paseka ka mor’a nako ea eona (1-14)

    • Leru le mollo ka holim’a tabernakele (15-23)

  • 10

    • Literompeta tsa silevera (1-10)

    • Ba tloha Sinai (11-13)

    • Ba tsamaea ka tatellano (14-28)

    • Hobabe o tataisa Baiseraele (29-34)

    • Thapelo ea Moshe ha ba tloha liahelong (35, 36)

  • 11

    • Ho tletleba ho tlisa mollo o tsoang ho Molimo (1-3)

    • Batho ba llela nama (4-9)

    • Moshe o ikutloa a sa tšoanelehe (10-15)

    • Jehova o fa baholo ba 70 moea o halalelang (16-25)

    • Eldade le Medade; Joshua o boulella Moshe (26-30)

    • Ho romeloa likoekoe; batho ba fuoa kotlo ka lebaka la ho ba meharo (31-35)

  • 12

    • Miriame le Arone ba bua Moshe hampe (1-3)

      • Moshe o ne a le bonolo haholo ho feta batho bohle (3)

    • Jehova o buella Moshe (4-8)

    • Miriame o otloa ka lepera (9-16)

  • 13

    • Lihloela tse 12 li romeloa Kanana (1-24)

    • Lihloela tse leshome li fana ka tlaleho ea leshano (25-33)

  • 14

    • Batho ba batla ho khutlela Egepeta (1-10)

      • Joshua le Kalebe ba fana ka tlaleho e nepahetseng (6-9)

    • Jehova o halefile; Moshe o buella sechaba (11-19)

    • Kahlolo: Lilemo tse 40 lefeelleng (20-38)

    • Baamaleke ba hlola Baiseraele (39-45)

  • 15

    • Melao e mabapi le linyehelo (1-21)

      • Molao o tšoanang bakeng sa Baiseraele le balichaba (15, 16)

    • Linyehelo tsa ha motho a entse sebe ka phoso (22-29)

    • Kotlo e fuoang motho ea entseng sebe ka boomo (30, 31)

    • Motho ea tlolang molao oa Sabatha oa bolaoa (32-36)

    • Liaparo li be le mophetho o litjobo (37-41)

  • 16

    • Kora, Dathane le Abirame ba fetohela Molimo (1-19)

    • Batho ba fetohetseng Molimo baa ahloloa (20-50)

  • 17

    • Molamu oa Arone o nang le lithunthung e le letšoao (1-13)

  • 18

    • Mesebetsi ea baprista le Balevi (1-7)

    • Lintho tse neng li fuoa baprista (8-19)

      • Selekane sa letsoai (19)

    • Balevi ba ne ba lokela ho fuoa karolo ea leshome, le bona ba ne ba lokela ho fana ka eona (20-32)

  • 19

    • Khomo e ’mala o mofubelu le metsi a hloekisang (1-22)

  • 20

    • Miriame o shoella Kadeshe (1)

    • Moshe o otla lefika ’me o etsa sebe (2-13)

    • Baedomo ba hana ha Baiseraele ba feta (14-21)

    • Lefu la Arone (22-29)

  • 21

    • Morena oa Arade oa hloloa (1-3)

    • Noha ea koporo (4-9)

    • Baiseraele ba potoloha Moabe (10-20)

    • Morena Sihone oa Moamore oa hloloa (21-30)

    • Morena Oge oa Moamore oa hloloa (31-35)

  • 22

    • Balake o hira Balame (1-21)

    • Tonki ea Balame ea bua (22-41)

  • 23

    • Maele a pele a Balame (1-12)

    • Maele a bobeli a Balame (13-30)

  • 24

    • Maele a boraro a Balame (1-11)

    • Maele a bone a Balame (12-25)

  • 25

    • Baiseraele ba etsa sebe le basali ba Bamoabe (1-5)

    • Finease o nka bohato (6-18)

  • 26

    • Maloko a Iseraele a baloa ka lekhetlo la bobeli (1-65)

  • 27

    • Barali ba Zelofehade (1-11)

    • Joshua o khethoa hore a hlahlame Moshe (12-23)

  • 28

    • Litaelo tse lokelang ho lateloa ha ho etsoa linyehelo tse fapaneng (1-31)

      • Linyehelo tsa letsatsi le letsatsi (1-8)

      • Tsa Sabatha (9, 10)

      • Linyehelo tsa khoeli le khoeli (11-15)

      • Tsa Paseka (16-25)

      • Tsa Mokete oa Libeke (26-31)

  • 29

    • Litaelo tse lokelang ho lateloa ha ho etsoa linyehelo tse fapaneng (1-40)

      • Letsatsi la ho letsa terompeta (1-6)

      • Letsatsi la Sehlabelo sa ho Tšoareloa Libe (7-11)

      • Mokete oa Maphephe (12-38)

  • 30

    • Likano tsa banna (1, 2)

    • Likano tsa basali le barali (3-16)

  • 31

    • Ba iphetetsa ho Bamidiane (1-12)

      • Balame oa bolaoa (8)

    • Litaelo bakeng sa lintho tse hapiloeng ntoeng (13-54)

  • 32

    • Metse e ka bochabela ho Jordane (1-42)

  • 33

    • Mekhahlelo ea leeto la Baiseraele lefeelleng (1-49)

    • Litaelo tsa ho hapa Kanana (50-56)

  • 34

    • Meeli ea Kanana (1-15)

    • Banna ba fuoang mosebetsi oa hore ba arole naha (16-29)

  • 35

    • Metse ea Balevi (1-8)

    • Metse ea setšabelo (9-34)

  • 36

    • Molao oa lenyalo bakeng sa basali ba nang le lefa (1-13)