Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Buka ea Lillo Tsa Jeremia

Likhaolo

1 2 3 4 5

Kakaretso ea Buka

  • 1

    • Jerusalema e tšoantšoa le mohlolohali

      • Ha a sa na baahi ebile o jeoa ke bulutu (1)

      • Libe tsa Sione tse kholo (8, 9)

      • Molimo o lahlile Sione (12-⁠15)

      • Ha ho motho ea tšelisang Sione (17)

  • 2

    • Jehova o halefela Jerusalema

      • Ha e bontšoe mohau (2)

      • Ekare Jehova ke sera ho eena (5)

      • Sione ea lleloa (11-⁠13)

      • Batho ba fetang ka tsela ba soma motse o kileng oa ba motle (15)

      • Lira lia thaba ka lebaka la ho oa ha Sione (17)

  • 3

    • Jeremia o bua ka maikutlo a hae le tšepo ea hae

      • ‘Ke tla leta ka mamello’ (21)

      • Molimo o re hauhela letsatsi le leng le le leng (22, 23)

      • Molimo o molemo ho ba mo tšepileng (25)

      • “Ho molemo hore motho a jare joko a sa le mocha” (27)

      • Molimo o thibile ka leru hore a se ke a atameloa (43, 44)

  • 4

    • Ho etsahala lintho tse bohloko ha Jerusalema e lika-likelitsoe

      • Khaello ea lijo (4, 5, 9)

      • Basali ba pheha bana ba bona (10)

      • Jehova o bonahalitse bohale ba hae (11)

  • 5

    • Batho ba rapella ho khutlela naheng ea habo bona

      • “Hopola ntho e re hlahetseng” (1)

      • “Ho malimabe rona hobane re entse sebe” (16)

      • “Re boelanye le uena Jehova” (21)

      • “Etsa hore lintho tsohle li tšoane le mehleng ea pele” (21)