Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Buka ea Jobo

Likhaolo

Kakaretso ea Buka

  • 1

    • Botšepehi ba Jobo le maruo a hae (1-5)

    • Satane o belaella botšepehi ba Jobo (6-12)

    • Jobo o lahleheloa ke maruo le bana ba hae (13-19)

    • Jobo ha a behe Molimo molato (20-22)

  • 2

    • Satane o belaella botšepehi ba Jobo hape (1-5)

    • Satane o lumelloa hore a otle Jobo ka mathopa a bohloko (6-8)

    • Mosali oa Jobo o re: “Rohaka Molimo ’me u shoe!” (9, 10)

    • Metsoalle ea Jobo e meraro e tla ho eena (11-13)

  • 3

    • Jobo o bitsetsa letsatsi leo a hlahileng ka lona bomalimabe (1-26)

      • Oa botsa hore na ke hobane’ng ha a utloa bohloko (20, 21)

  • 4

    • Elifaze o qala ho bua (1-21)

      • O belaela hore Jobo ha a tšepahale (7, 8)

      • O bua ka molaetsa oo a o utloileng (12-17)

      • ‘Molimo ha a tšepe bahlanka ba hae’ (18)

  • 5

    • Elifaze o tsoela pele ho bua (1-27)

      • ‘Molimo o tšoara ba bohlale mererong ea bona e mebe’ (13)

      • ‘Jobo a se ke a hana khalemelo ea Molimo’ (17)

  • 6

    • Jobo oa araba (1-30)

      • O re o na le tokelo ea ho lla (2-6)

      • O tšelisoa ke batho ba bolotsana (15-18)

      • “’Nete ha e utloise bohloko” (25)

  • 7

    • Jobo o tsoela pele ho bua (1-21)

      • Bophelo bo tšoana le mosebetsi o thata (1, 2)

      • “Ke hobane’ng ha u shebane le ’na?” (20)

  • 8

    • Bildade o qala ho bua (1-22)

      • O re bana ba Jobo ba entse sebe (4)

      • ‘Haeba u ne u hloekile, Molimo o ne a tla u sireletsa’ (6)

      • O re Jobo ha a lumele ho Molimo (13)

  • 9

    • Jobo oa araba (1-35)

      • Motho a ke ke a loantša Molimo (2-4)

      • ‘Molimo o etsa lintho tse kholo le tse ke keng tsa batlisisoa’ (10)

      • Motho a ke ke a khona ho phehisana le Molimo (32)

  • 10

    • Jobo o tsoela pele ho araba (1-22)

      • ‘Ke hobane’ng ha Molimo a ntoantša?’ (2)

      • Molimo o bapisoa le Jobo (4-12)

      • ‘E se eka nka fumana phomolo’ (20)

  • 11

    • Tsofare o qala ho bua (1-20)

      • O qosa Jobo ka hore o bua mantsoe a se nang thuso (2, 3)

      • O bolella Jobo hore a tlohele ho bua lintho tse sa lokang (14)

  • 12

    • Jobo oa araba (1-25)

      • “Ha le mphete ka letho” (3)

      • “Ke fetohile litšeho” (4)

      • “Molimo o bohlale” (13)

      • Molimo o phahametse baahloli le marena (17, 18)

  • 13

    • Jobo o tsoela pele ho araba (1-28)

      • ‘Nka mpa ka bua le Molimo’ (3)

      • “Le lingaka tse se nang thuso” (4)

      • “Kea tseba hore ha ke na molato” (18)

      • Oa botsa hore na ke hobane’ng ha Molimo a mo nka e le sera sa hae (24)

  • 14

    • Jobo o tsoela pele ho araba (1-22)

      • Motho o phela nako e khutšoanyane le e tletseng mathata (1)

      • “Le sefate se na le tšepo” (7)

      • “Ekare u ka mpata Lebitleng” (13)

      • “Ha motho a shoa, na a ka phela hape?” (14)

      • Molimo o tla hopola mosebetsi oa matsoho a hae (15)

  • 15

    • Elifaze o bua ka lekhetlo la bobeli (1-35)

      • O re Jobo ha a tšabe Molimo (4)

      • O re Jobo oa ikhohomosa (7-9)

      • “Molimo ha a tšepe mangeloi a hae” (15)

      • “Motho ea khopo o lula a e-na le mathata” (20-24)

  • 16

    • Jobo oa araba (1-22)

      • “Le batšelisi ba likhathatso!” (2)

      • O re Molimo o ikemiselitse ho mo hlasela (12)

  • 17

    • Jobo o tsoela pele ho araba (1-16)

      • “Ke pota-potiloe ke basomi” (2)

      • “U entse hore batho ba ntšome” (6)

      • “Lebitla e tla ba lehae la ka” (13)

  • 18

    • Bildade o bua ka lekhetlo la bobeli (1-21)

      • O bua ka lintho tse tla etsahalla batho ba khopo (5-20)

      • O re Jobo ha a tsebe Molimo (21)

  • 19

    • Jobo oa araba (1-29)

      • Ha a lumellane le lintho tseo batho ba iketsang metsoalle ea hae ba li buang (1-6)

      • O re o lahliloe (13-19)

      • “Molopolli oa ka oa phela” (25)

  • 20

    • Tsofare o bua ka lekhetlo la bobeli (1-29)

      • O re Jobo oa mo rohaka (2, 3)

      • O re Jobo o khopo (5)

      • O re Jobo o thabela ho etsa sebe (12, 13)

  • 21

    • Jobo oa araba (1-34)

      • ‘Ke hobane’ng ha batho ba khopo ba atleha?’ (7-13)

      • O bolella batho ba etsang eka ba tl’o mo tšelisa ’nete (27-34)

  • 22

    • Elifaze o bua ka lekhetlo la boraro (1-30)

      • “Na motho o na le molemo ho Molimo?” (2, 3)

      • O qosa Jobo ka hore o meharo ebile ha a na toka (6-9)

      • ‘Khutlela ho Molimo ’me u atlehe’ (23)

  • 23

    • Jobo oa araba (1-17)

      • O batla ho isa nyeoe ea hae ho Molimo (1-7)

      • O re ha a fumane Molimo (8, 9)

      • “Ke mo latetse ’me ha kea kheloha” (11)

  • 24

    • Jobo o tsoela pele ho araba (1-25)

      • ‘Ke hobane’ng ha Molimo a sa beha nako?’ (1)

      • O re Molimo o lumella bokhopo (12)

      • Baetsalibe ba rata lefifi (13-17)

  • 25

    • Bildade o bua ka lekhetlo la boraro (1-6)

      • ‘Na motho e ka ba ea lokileng ho Molimo?’ (4)

      • O re botšepehi ba motho ha bo na thuso (5, 6)

  • 26

    • Jobo oa araba (1-14)

      • ‘U thusitse batho ba se nang matla’ (1-4)

      • ‘Molimo o etsa hore lefatše le leketle moeeng’ (7)

      • ‘Linyane feela tsa litsela tsa Molimo’ (14)

  • 27

    • Jobo o ikemiselitse ho lula a tšepahala (1-23)

      • “Ke tla lula ke tšepahala” (5)

      • Motho ea lahlileng Molimo ha a na tšepo (8)

      • “Ke hobane’ng ha le bua lintho tse se nang thuso?” (12)

      • Batho ba khopo ba qetella ba se na letho (13-23)

  • 28

    • Jobo o bapisa matlotlo a lefatšeng le bohlale (1-28)

      • Boiteko ba motho ba ho fumana matlotlo a tsoang mobung (1-11)

      • Bohlale bo bohlokoa ho feta liperela (18)

      • Ho tšaba Jehova ke ho ba bohlale e le kannete (28)

  • 29

    • Jobo o hopola nakong eo a neng a se na mathata a bile a thabile (1-25)

      • A hlomphuoa keiting ea motse (7-10)

      • Lintho tse ntle tseo a neng a li etsetsa batho (11-17)

      • Batho bohle ba ne ba mamela likeletso tsa hae (21-23)

  • 30

    • Jobo o hlalosa kamoo maemo a hae a fetohileng kateng (1-31)

      • O songoa ke batho ba se nang thuso (1-15)

      • O bona eka Molimo ha a mo thuse (20, 21)

      • “Letlalo la ka le letšo” (30)

  • 31

    • Jobo o re oa tšepahala (1-40)

      • “Selekane le mahlo a ka” (1)

      • O kopa Molimo hore a mo kale (6)

      • O tšepahalla mosali oa hae (9-12)

      • Ha a rate chelete (24, 25)

      • O rapela Molimo feela (26-28)

  • 32

    • Elihu e mocha le eena oa bua (1-22)

      • O halefetse Jobo le metsoalle ea hae (2, 3)

      • Ka tlhompho o ile a emela ho bua (6, 7)

      • Ha se lilemo tse ngata feela tse etsang hore motho a be bohlale (9)

      • Elihu o tatetse ho bua (18-20)

  • 33

    • Elihu o khalemella Jobo ho iketsa motho ea lokileng (1-33)

      • Ho fumanoa mopholosi (24)

      • A be matla joaloka bocheng ba hae (25)

  • 34

    • Elihu o bua ka toka ea Molimo le litsela tsa hae (1-37)

      • Jobo o re Molimo ha aa mo ahlola ka toka (5)

      • Molimo oa ’nete ha aa etse bokhopo (10)

      • Jobo ha a na tsebo (35)

  • 35

    • Elihu o bontša Jobo hore o beha mabaka hampe (1-16)

      • Jobo o itse o lokile ho feta Molimo (2)

      • Molimo o phahame haholo, ha a angoe ke sebe (5, 6)

      • Jobo o lokela ho emela Molimo (14)

  • 36

    • Elihu o hlalosa kamoo Molimo a leng matla kateng (1-33)

      • Ba mamelang baa atleha, ba lahlileng Molimo ha ba atlehe (11-13)

      • ‘Ha ho na morupeli ea tšoanang le Molimo’ (22)

      • Jobo o lokela ho rorisa Molimo (24)

      • “Molimo o moholo ho feta kamoo re nahanang kateng” (26)

      • Molimo o laola pula le lehalima (27-33)

  • 37

    • Lintho tsa tlhaho li bontša matla a maholo a Molimo (1-24)

      • Molimo a ka emisa lintho tseo batho ba li etsang (7)

      • ‘Nahanisisa ka mesebetsi e hlollang ea Molimo’ (14)

      • Ha ho na motho ea ka utloisisang Molimo (23)

      • Ha ho na motho ea lokelang ho nahana hore o bohlale (24)

  • 38

    • Jehova o ruta hore batho ha ba lekane le eena (1-41)

      • “U ne u le hokae ha ke etsa lefatše?” (4-6)

      • Bara ba Molimo ba ile ba mo rorisa (7)

      • Lipotso ka lintho tse bopiloeng (8-32)

      • “Melao e laolang lintho tse maholimong” (33)

  • 39

    • Liphoofolo li bontša hore motho ha a na tsebo (1-30)

      • Lipoli tsa thaba le khama (1-4)

      • Tonki e hlaha (5-8)

      • Poho e hlaha (9-12)

      • Mpshe (13-18)

      • Pere (19-25)

      • Phakoe le ntsu (26-30)

  • 40

    • Lipotso tse ling tse botsoang ke Jehova (1-24)

      • Jobo oa lumela hore o feletsoe ke mantsoe (3-5)

      • “Na u tla re ha ke na toka?” (8)

      • Molimo o hlalosa matla a Behemothe (15-24)

  • 41

    • Molimo o hlalosa matla a Leviathane (1-34)

  • 42

    • Jobo o araba Jehova (1-6)

    • Metsoalle e meraro ea khalemeloa (7-9)

    • Jehova o hlohonolofatsa Jobo hape (10-17)

      • Bara le barali ba Jobo (13-15)