Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Buka ea Jeremia

Likhaolo

Kakaretso ea Buka

  • 1

    • Jeremia o khethoa hore e be moprofeta (1-10)

    • Pono ea sefate sa almonde (11, 12)

    • Pono ea pitsa e belang (13-16)

    • Jeremia o matlafatsoa bakeng sa mosebetsi oa hae (17-19)

  • 2

    • Baiseraele ba furalla Jehova, ba rapela melimo e meng (1-37)

      • Iseraele e tšoana le sefate sa naheng (21)

      • Liaparo tsa hae li na le mali (34)

  • 3

    • Bokoenehi bo feteletseng ba Iseraele (1-5)

    • Iseraele le Juda li molato ka lebaka la botekatse (6-11)

    • Ba laeloa hore ba bake (12-25)

  • 4

    • Ho baka ho tlisa litlhohonolofatso (1-4)

    • Ho tla hlaha koluoa e tsoang leboea (5-18)

    • Jeremia o utloa bohloko ka lebaka la koluoa e tlang (19-31)

  • 5

    • Batho ba hana ho khalemeloa ke Jehova (1-13)

    • Metse e tla felisoa empa sechaba se ke ke sa felisoa kaofela (14-19)

    • Jehova o bitsa batho hore ba tl’o ikarabella (20-31)

  • 6

    • Jerusalema e haufi le ho thibelloa (1-9)

    • Jehova o halefetse Jerusalema (10-21)

      • Ba re: “Khotso e teng!” Empa e le sieo (14)

    • Tlhaselo e sehloho e tsoang ka leboea (22-26)

    • Jeremia o etsoa mohlahlobi oa tšepe (27-30)

  • 7

    • Ba ithetsa ka hore ba tla pholosoa ke tempele ea Jehova (1-11)

    • Tempele e tla tšoana le Shilo (12-15)

    • Molimo o nyatsa borapeli ba bohata (16-34)

      • Batho ba rapela “Mofumahali oa Leholimo” (18)

      • Ba etsa mahlabelo ka bana Hinome (31)

  • 8

    • Batho ba khetha tsela e ratoang ke ba bangata (1-7)

    • Batho ba ka se be bohlale ha ba se na lentsoe la Jehova (8-17)

    • Jeremia o llisoa ke ho ripitloa ha Juda (18-22)

      • “Na ha ho na balsame Gileade?” (22)

  • 9

    • Jeremia o utloile bohloko haholo (1-3a)

    • Jehova o bitsa Juda hore e tl’o ikarabella (3b-16)

    • Juda ea lleloa (17-22)

    • Ithoriseng ka hore le tseba Jehova (23-26)

  • 10

    • Melimo ea lichaba e bapisoa le Molimo ea phelang (1-16)

    • Naha e tl’o felisoa ebe batho baa hapuoa (17, 18)

    • Jeremia oa lla (19-22)

    • Thapelo ea moprofeta Jeremia (23-25)

      • Motho ha a khone ho laola mehato ea hae (23)

  • 11

    • Juda ha e tšepahalle selekane sa eona le Molimo (1-17)

      • “Melimo ea hao e mengata joaloka metse ea hao” (13)

    • Jeremia o tšoantšoa le konyana e tl’o hlajoa (18-20)

    • Batho ba habo Jeremia baa mo hanyetsa (18-20)

  • 12

    • Jeremia oa ipelaetsa (1-4)

    • Jehova oa araba (5-17)

  • 13

    • Lebanta la line le senyehileng (1-11)

    • Linkho tsa veine li tla pshatloa (12-14)

    • Bajuda ba hanang ho mamela ba tla isoa botlamuoeng (15-27)

      • Na Mokushe a ka fetola letlalo la hae? (23)

  • 14

    • Komello, tlala le sabole (1-12)

    • Baprofeta ba bohata baa khalemeloa (13-18)

    • Jeremia o lumela libe tsa sechaba (19-22)

  • 15

    • Jehova a ke ke a fetola kahlolo ea hae (1-9)

    • Jeremia oa ipelaetsa (10)

    • Jehova oa araba (11-14)

    • Thapelo ea Jeremia (15-18)

      • Jeremia o thabisoa ke ho tebisetsa mantsoe a Molimo pelong (16)

    • Jehova o matlafatsa Jeremia (19-21)

  • 16

    • Jeremia o laeloa hore a se ke a nyala, a lla kapa a ea moketeng (1-9)

    • Ba tla fuoa kotlo ebe ba khutlisetsoa naheng ea habo bona (10-21)

  • 17

    • Sebe sa Juda se ngotsoe fatše ka pene ea tšepe (1-4)

    • Litlhohonolofatso tsa ho tšepa Jehova (5-8)

    • Pelo e bolotsana (9-11)

    • Jehova, tšepo ea Iseraele (12, 13)

    • Thapelo ea Jeremia (14-18)

    • Le boloke letsatsi la Sabatha le halalela (19-27)

  • 18

    • Letsopa matsohong a sebopi (1-12)

    • Jehova o furalla Iseraele (13-17)

    • Ba rerela Jeremia bobe, o kopa thuso (18-23)

  • 19

    • Jeremia o laeloa hore a pshatle botlolo ea letsopa (1-15)

      • Ba etsetsa Baale mahlabelo ka bana (5)

  • 20

    • Pashkure o otla Jeremia (1-6)

    • Jeremia ha a khone ho tlohela ho bua ka Jehova (7-13)

      • Lentsoe la Molimo le tšoana le mollo o tukang (9)

      • Jehova o tšoana le mohlabani ea tšosang (11)

    • Jeremia oa tletleba (14-18)

  • 21

    • Jehova o hana kopo ea Tsedekia (1-7)

    • Batho ba fuoa monyetla oa ho khetha bophelo kapa lefu (8-14)

  • 22

    • Melaetsa ea kahlolo e eang ho marena a mabe (1-30)

      • Molaetsa o amanang le Shalume (10-12)

      • Molaetsa o amanang le Jojakime (13-23)

      • Molaetsa o amanang le Konia (24-30)

  • 23

    • Balisa ba lokileng le ba babe (1-4)

    • Batho ba tla sireletseha pusong ea “mojalefa ea lokileng” (5-8)

    • Baprofeta ba bohata baa khalemeloa (9-32)

    • “Moroalo” oa Jehova (33-40)

  • 24

    • Lifeie tse ntle le tse mpe (1-10)

  • 25

    • Jehova o qosa lichaba (1-38)

      • Lichaba li tla sebeletsa morena oa Babilona ka lilemo tse 70 (11)

      • Senoelo sa veine ea khalefo ea Molimo (15)

      • Koluoa e tla aparela lichaba (32)

      • Ba bolailoeng ke Jehova (33)

  • 26

    • Ba tšepisa Jeremia lefu (1-15)

    • Jeremia oa pholosoa (16-19)

      • Ho qotsoa boprofeta ba Mikea (18)

    • Moprofeta Uria (20-24)

  • 27

    • Joko ea Babilona (1-11)

    • Tsedekia o bolelloa hore a sebeletse morena oa Babilona (12-22)

  • 28

    • Jeremia le Hanania moprofeta oa bohata (1-17)

  • 29

    • Lengolo la Jeremia le eang ho Baiseraele ba Babilona (1-23)

      • Baiseraele ba tla khutla ka mor’a lilemo tse 70 (10)

    • Molaetsa o eang ho Shemaia (24-32)

  • 30

    • Sechaba se tla khutlisetsoa hae se be se folisoe (1-24)

  • 31

    • Baiseraele ba setseng ba tla boela ba lule naheng (1-30)

      • Ragele o llela bana ba hae (15)

    • Selekane se secha (31-40)

  • 32

    • Jeremia o reka tšimo (1-15)

    • Thapelo ea Jeremia (16-25)

    • Jehova oa araba (26-44)

  • 33

    • Molimo o tšepisa ho tsosolosa motse (1-13)

    • Batho ba tla sireletseha pusong ea “mojalefa ea lokileng” (14-16)

    • Selekane se entsoeng le Davida le baprista (17-26)

      • Selekane se entsoeng le letsatsi le bosiu (20)

  • 34

    • Molaetsa oa kahlolo o eang ho Tsedekia (1-7)

    • Selekane se entsoeng bakeng sa ho lokolla makhoba ha se tšepahalloe (8-22)

  • 35

    • Barekabe ba beha mohlala o motle oa ho mamela (1-19)

  • 36

    • Jeremia o joetsa Baruke hore na a ngole eng moqolong (1-7)

    • Baruke o balla moqolo holimo (8-19)

    • Jojakime o chesa moqolo (20-26)

    • Molaetsa o ngoloa hape moqolong o mocha (27-32)

  • 37

    • Bakalde ba ikhula ka nakoana (1-10)

    • Jeremia oa tšoaroa (11-16)

    • Tsedekia o kopana le Jeremia (17-21)

      • Jeremia o fuoa bohobe (21)

  • 38

    • Jeremia o lahleloa ka sekoting (1-6)

    • Ebede-meleke o pholosa Jeremia (7-13)

    • Jeremia o kopa Tsedekia hore a inehele (14-28)

  • 39

    • Jerusalema ea lihuoa (1-10)

      • Tsedekia oa baleha ebe oa tšoaroa (4-7)

    • Jeremia oa sireletsoa (11-14)

    • Ebede-meleke o tla pholosoa (15-18)

  • 40

    • Nebuzaradane o lokolla Jeremia (1-6)

    • Gedalia o khetheloa hore a okamele motse (7-12)

    • Ba rera ho bolaea Gedalia (13-16)

  • 41

    • Gedalia o bolaoa ke Ishmaele (1-10)

    • Ishmaele o baleha ka lebaka la Johanane (11-18)

  • 42

    • Batho ba kopa Jeremia hore a ba rapelle (1-6)

    • Jehova o re ba se ke ba ea Egepeta (7-22)

  • 43

    • Batho ha ba mamele ’me ba ea Egepeta (1-7)

    • Jehova o bua le Jeremia ha a le Egepeta (8-13)

  • 44

    • Molimo o profeta tlokotsi e tla hlahela Bajuda ba Egepeta (1-14)

    • Batho ha ba mamele Molimo (15-30)

      • Batho ba rapela “Mofumahali oa Leholimo” (17-19)

  • 45

    • Molaetsa oa Jehova o eang ho Baruke (1-5)

  • 46

    • Boprofeta bo mabapi le Egepeta (1-26)

      • Egepeta e tla hloloa ke Nebukadnezare (13, 26)

    • Lintho tseo Iseraele e li tšepisitsoeng (27, 28)

  • 47

    • Boprofeta bo mabapi le Bafilista (1-7)

  • 48

    • Boprofeta bo mabapi le Moabe (1-47)

  • 49

    • Boprofeta bo mabapi le Baamone (1-6)

    • Boprofeta bo mabapi le Edomo (7-22)

      • Ha ho na motho ea tla lula Edomo (17, 18)

    • Boprofeta bo mabapi le Damaseka (23-27)

    • Boprofeta bo mabapi le Kedare le Hazore (28-33)

    • Boprofeta bo mabapi le Elame (34-39)

  • 50

    • Boprofeta bo mabapi le Babilona (1-46)

      • Balehang Babilona (8)

      • Baiseraele ba tla khutla (17-19)

      • Metsi a Babilona a tla psha (38)

      • Babilona ha e sa tla hlola e e-ba le baahi (39, 40)

  • 51

    • Boprofeta bo mabapi le Babilona (1-64)

      • Bamede ba tla liha Babilona ka tšohanyetso (8-12)

      • Buka e lahleloa ka nokeng ea Eufrate (59-64)

  • 52

    • Tsedekia o fetohela morena oa Babilona (1-3)

    • Nebukadnezare o thibella Jerusalema (4-11)

    • Motse le tempele lia chesoa (12-23)

    • Batho baa haptjoa ba isoa Babilona (24-30)

    • Jojakine o ntšoa teronkong (31-34)