Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Buka ea Ezekiele

Likhaolo

Kakaretso ea Buka

  • 1

    • Ezekiele o bona lipono tse tsoang ho Molimo a le Babilona (1-3)

    • Pono ea koloi ea Jehova ea leholimo (4-28)

      • Sefefo, leru le mollo (4)

      • Mangeloi a mane (5-14)

      • Mabili a mane (15-21)

      • Sepaka-paka se benyang joaloka leqhoa (22-24)

      • Terone ea Jehova (25-28)

  • 2

    • Ezekiele o laeloa hore a e’o profeta (1-10)

      • “Ebang baa mamela kapa ha ba mamele” (5)

      • O bontšoa moqolo oa koli-ea-malla (9, 10)

  • 3

    • Ezekiele o laeloa hore a je moqolo o tsoang ho Molimo (1-15)

    • Ezekiele e ba molebeli (16-27)

      • Ho se mamele ho tlisa lefu (18-21)

  • 4

    • Pontšo ea hore na Jerusalema e tla thibelloa joang (1-17)

      • Molato o jaroa ka matsatsi a 390 le a 40 (4-7)

  • 5

    • Pontšo ea hore na Jerusalema e tla felisoa joang (1-17)

      • Moriri oa moprofeta o kutiloeng o aroloa likarolo tse tharo (1-4)

      • Jerusalema e sokolisa ho feta lichaba tse ling (7-9)

      • Batho ba sa mameleng ba bolaoa ka litsela tse tharo (12)

  • 6

    • Molaetsa oa kahlolo oa lithaba tsa Iseraele (1-14)

      • Litšoantšo tse nyonyehang tse rapeloang li tla felisoa (4-6)

      • “Le tla tseba hore ke ’na Jehova” (7)

  • 7

    • Bofelo bo fihlile (1-27)

      • Tlokotsi e sa tloaelehang (5)

      • Chelete e tla lahleloa literateng (19)

      • Tempele e tla silafatsoa (22)

  • 8

    • Ezekiele o isoa Jerusalema ka pono (1-4)

    • O bona lintho tse nyonyehang ka tempeleng (5-18)

      • Basali ba llela Tamuze (14)

      • Banna ba rapela letsatsi (16)

  • 9

    • Banna ba tšeletseng ba bolaeang le monna ea tšoereng lenaka la enke (1-11)

      • Kahlolo e qala sehalalelong (6)

  • 10

    • Mollo o nkoa pakeng tsa mabili (1-8)

    • Likerubime le mabili lia hlalosoa (9-17)

    • Khanya ea Molimo e tloha tempeleng (18-22)

  • 11

    • Likhosana tse khopo lia ahloloa (1-13)

      • Motse o tšoantšoa le pitsa (3-12)

    • Iseraele e tla khutlela naheng ea eona (14-21)

      • “Tsela eo ba nahanang ka eona” ea fetoloa (19)

    • Khanya ea Molimo e tloha Jerusalema (22, 23)

    • Ezekiele o khutlela Kalde ka pono (24, 25)

  • 12

    • Botlamuoa bo bontšoa esale pele ka liketso (1-20)

      • Thoto ea botlamuoa (1-7)

      • Khosana e tla tsamaea ho le lefifi (8-16)

      • Bohobe ba ho tšoenyeha le metsi a ho tšoha (17-20)

    • Mantsoe a thetsang ha a phethahale (21-28)

      • “Ha ho na mantsoe ao ke a buileng a tla lieha ho phethahala” (28)

  • 13

    • Molaetsa oa kahlolo o eang ho baprofeta ba bohata (1-16)

      • Mabota a pentiloeng a tla oa (10-12)

    • Molaetsa oa kahlolo o eang ho baprofeta ba basali (17-23)

  • 14

    • Batho ba rapelang litšoantšo baa ahloloa (1-11)

    • Jerusalema e ke ke ea phonyoha kahlolo (12-23)

      • Noe, Daniele le Jobo ke banna ba lokileng (14, 20)

  • 15

    • Jerusalema ke sefate sa morara se se nang thuso (1-8)

  • 16

    • Molimo o rata Jerusalema (1-63)

      • E fumanoe e le ngoana ea lahliloeng (1-7)

      • Molimo oa e khabisa ebile o etsa selekane sa lenyalo le eona (8-14)

      • Ha e tšepahale (15-34)

      • E ahloleloa botekatse (35-43)

      • E bapisoa le Samaria le Sodoma (44-58)

      • Molimo o hopola selekane sa hae (59-63)

  • 17

    • Selotho sa lintsu tse peli le sefate sa morara (1-21)

    • Lekala le lenyenyane le fetoha sefate se seholo sa kedare (22-24)

  • 18

    • E mong le e mong o ikarabella ka libe tsa hae (1-32)

      • Motho ea etsang sebe o tla shoa (4)

      • Mora a ke ke a ba molato ka lebaka la sebe sa ntate oa hae (19, 20)

      • Ha ke thabele ho bona motho ea khopo a shoa (23)

      • Ho baka ho etsa hore motho a phele (27, 28)

  • 19

    • Koli-ea-malla ea likhosana tsa Iseraele (1-14)

  • 20

    • Histori ea ho se mamele ha Iseraele (1-32)

    • Iseraele e tšepisoa ho khutlela naheng ea eona (33-44)

    • Molaetsa oa kahlolo oa naha e ka boroa (45-49)

  • 21

    • Sabole ea Molimo ea kahlolo e ntšitsoe selateng (1-17)

    • Morena oa Babilona o tla hlasela Jerusalema (18-24)

    • Khosana e khopo ea Iseraele e tla felisoa (25-27)

      • ‘Rola korone’ (26)

      • “Ho fihlela motho ea nang le tokelo ea molao a fihla” (27)

    • Baamone ba tla felisoa ka sabole (28-32)

  • 22

    • Jerusalema motse o nang le molato oa mali (1-16)

    • Baiseraele ba fetohile ntho e se nang thuso (17-22)

    • Baeta-pele le batho ba Iseraele baa ahloloa (23-31)

  • 23

    • Bana ba motho ba sa tšepahaleng (1-49)

      • Ohola le Asiria (5-10)

      • Oholiba le Babilona le Egepeta (11-35)

      • Bana ba motho baa ahloloa (36-49)

  • 24

    • Jerusalema e joaloka pitsa e mafome (1-14)

    • Lefu la mosali oa Ezekiele ke letšoao (15-27)

  • 25

    • Molaetsa oa kahlolo o eang ho Baamone (1-7)

    • Boprofeta bo buang ka kahlolo ea Moabe (8-11)

    • Boprofeta bo buang ka kahlolo ea Edomo (12-14)

    • Boprofeta bo buang ka kahlolo ea Bafilista (15-17)

  • 26

    • Boprofeta bo buang ka kahlolo ea Tire (1-21)

      • “Sebaka seo ho aneheloang matlooa ho sona” (5, 14)

      • Majoe le mobu li lahleloa ka metsing (12)

  • 27

    • Pina ea koli-ea-malla e bineloang sekepe sa Tire se tebang (1-36)

  • 28

    • Boprofeta bo buang ka kahlolo ea morena oa Tire (1-10)

      • “Ke molimo” (2, 9)

    • Pina ea koli-ea-malla e bineloang morena oa Tire (11-19)

      • “U ne u le Edene” (13)

      • ‘Kerubime e tlotsitsoeng e sireletsang’ (14)

      • ‘U ile oa etsa lintho tse sa lokang’ (15)

    • Boprofeta bo buang ka kahlolo ea Sidone (20-24)

    • Baiseraele ba tla khutlisetsoa naheng ea bona (25, 26)

  • 29

    • Boprofeta bo buang ka kahlolo ea Faro (1-16)

    • Babilona e tla pataloa ka naha ea Egepeta (17-21)

  • 30

    • Boprofeta bo buang ka kahlolo ea Egepeta (1-19)

      • Boprofeta bo buang ka hore Nebukadnezare o tla hlasela (10)

    • Matla a Faro aa fela (20-26)

  • 31

    • Ho oa ha Egepeta e leng sefate se selelele sa kedare (1-18)

  • 32

    • Pina ea koli-ea-malla e bineloang Faro le Egepeta (1-16)

    • Egepeta e tla patoa le batho ba sa bollang (17-32)

  • 33

    • Mesebetsi ea molebeli (1-20)

    • Litaba tse buang ka ho oa ha Jerusalema (21, 22)

    • Molaetsa o eang ho baahi ba metse e sentsoeng (23-29)

    • Batho ha ba mamele molaetsa (30-33)

      • Ezekiele o “joaloka pina e monate ea lerato” (32)

      • “Moprofeta o ne a le teng har’a bona” (33)

  • 34

    • Boprofeta bo buang ka kahlolo ea balisa ba Iseraele (1-10)

    • Jehova o hlokomela linku tsa hae (11-31)

      • “Mohlanka oa ka Davida” o tla li lisa (23)

      • “Selekane sa khotso” (25)

  • 35

    • Boprofeta bo buang ka kahlolo ea lithaba tsa Seire (1-15)

  • 36

    • Boprofeta bo buang ka kahlolo ea lithaba tsa Iseraele (1-15)

    • Baiseraele ba khutlisetsoa naheng ea bona (16-38)

      • “Ke tla halaletsa lebitso la ka le leholo” (23)

      • “E tšoana le serapa sa Edene” (35)

  • 37

    • Pono ea thota e tletseng masapo a omeletseng (1-14)

    • Lithupa tse peli li tla kopanngoa (15-28)

      • Sechaba se le seng se tla busoa ke morena a le mong (22)

      • Selekane sa ka ho sa feleng sa khotso (26)

  • 38

    • Gogo o hlasela Iseraele (1-16)

    • Jehova o halefela Gogo (17-23)

      • ‘Lichaba li tla tseba hore ke Jehova’ (23)

  • 39

    • Gogo le masole a hae baa felisoa (1-10)

    • Sebaka sa lepato sa Khohlo ea Hamone-Gogo (11-20)

    • Baiseraele ba tla khutlisetsoa naheng ea bona (21-29)

      • Molimo o fa Baiseraele moea oa hae o halalelang (29)

  • 40

    • Ezekiele o isoa Iseraele ka pono (1, 2)

    • Ezekiele o bona tempele ponong (3, 4)

    • Mabala le likeiti (5-47)

      • Keiti e ka ntle e ka bochabela (6-16)

      • Lebala le ka ntle; likeiti tse ling (17-26)

      • Lebala le ka hare le likeiti (27-37)

      • Likamore tsa tšebeletso ea tempele (38-46)

      • Aletare (47)

    • Foranta ea tempele (48, 49)

  • 41

    • Sehalalelo sa tempele (1-4)

    • Lebota le likamore tse ka mahlakoreng (5-11)

    • Mohaho o ka bophirimela (12)

    • Mehaho ea methoa (13-15a)

    • Karolo e ka hare ea sehalalelo (15b-26)

  • 42

    • Likamore tsa ho jela (1-14)

    • Mahlakore a mane a tempele aa methoa (15-20)

  • 43

    • Khanya ea Jehova e tlala tempele (1-12)

    • Aletare (13-27)

  • 44

    • Keiti e ka bochabela e lokela ho lula e koetsoe (1-3)

    • Melao e eang ho balichaba (4-9)

    • Melao e eang ho Balevi le baprista (10-31)

  • 45

    • Monehelo o halalelang le motse (1-6)

    • Karolo e fuoang likhosana (7, 8)

    • Likhosana li lokela ho tšepahala (9-12)

    • Menehelo ea batho le ea khosana (13-25)

  • 46

    • Linyehelo tsa mekete e fapaneng (1-15)

    • Lefa la sebaka la khosana (16-18)

    • Libaka tseo ho belisetsoang linyehelo ho tsona (19-24)

  • 47

    • Nokana e phallang ho tloha tempeleng (1-12)

      • Metsi a ntse a eketseha (2-5)

      • Metsi a Leoatle le Shoeleng aa hloekisoa (8-10)

      • Libaka tse lulang li e-na le metsi le seretse ha li hloekisoe (11)

      • Lifate tsa lijo le tse folisang (12)

    • Meeli ea naha (13-23)

  • 48

    • Naha ea aroloa (1-29)

    • Likeiti tse 12 tsa motse (30-35)

      • Motse o rehiloeng “Jehova o Teng Moo” (35)