Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Buka ea Deuteronoma

Likhaolo

Kakaretso ea Buka

  • 1

    • Ba tloha Thabeng ea Horebe (1-8)

    • Ho khethoa balaoli le baahloli (9-18)

    • Sechaba ha se mamele Kadeshe-barnea (19-46)

      • Baiseraele ba hana ho kena naheng (26-33)

      • Bakanana baa ba hlola (41-46)

  • 2

    • Ba lelera lefeelleng ka lilemo tse 38 (1-23)

    • Morena Sihone oa Heshbone oa hloloa (24-37)

  • 3

    • Morena Oge oa Bashane oa hloloa (1-7)

    • Ho aroloa naha e ka bochabela ho Jordane (8-20)

    • Joshua o bolelloa hore a se ke a tšoha (21, 22)

    • Moshe ha a lumelloe ho kena naheng (23-29)

  • 4

    • Ba laeloa hore ba mamele (1-14)

      • Le se ke la lebala lintho tseo Molimo a li entseng (9)

    • Jehova o batla hore batho ba inehele ho eena feela (15-31)

    • Ha ho na Molimo e mong kantle ho Jehova (32-40)

    • Metse ea setšabelo e ka bochabela ho Jordane (41-43)

    • Ba tsebisoa Molao (44-49)

  • 5

    • Selekane sa Jehova Horebe (1-5)

    • Melao e Leshome ea phetoa (6-22)

    • Batho ba tšohile Thabeng ea Sinai (23-33)

  • 6

    • Rata Jehova ka pelo ea hao eohle (1-9)

      • “Mamelang lona Baiseraele” (4)

      • Batsoali ba lokela ho ruta bana (6, 7)

    • Le se ke la lebala Jehova (10-15)

    • Le se ke la leka Jehova (16-19)

    • Le bolelle meloko e latelang (20-25)

  • 7

    • Lichaba tse supileng tse tl’o felisoa (1-6)

    • Lebaka la hore Molimo a khethe Baiseraele (7-11)

    • Ho mamela ho tlisa katleho (12-26)

  • 8

    • Litlhohonolofatso tse tsoang ho Jehova lia phetoa (1-9)

      • “Motho ha a phele ka bohobe feela” (3)

    • Le se ke la lebala Jehova (10-20)

  • 9

    • Lebaka la hore Molimo a fe Baiseraele naha (1-6)

    • Baiseraele ba halefisa Jehova ka makhetlo a mane (7-29)

      • Namane ea khauta (7-14)

      • Moshe o buella sechaba (15-21, 25-29)

      • Ba halefisa Molimo ka makhetlo a mang a mararo (22)

  • 10

    • Ho etsoa matlapa a mabeli hape (1-11)

    • Seo Jehova a se batlang (12-22)

      • Le tšabe Jehova ’me le mo rate (12)

  • 11

    • Le bone matla a Jehova (1-7)

    • Naha e Tšepisitsoeng (8-12)

    • Litlhohonolofatso tsa ho mamela (13-17)

    • Mantsoe a Molimo a tebe lipelong tsa lona (18-25)

    • “Tlhohonolofatso le thohako” (26-32)

  • 12

    • Ho rapela Molimo sebakeng seo a se khethang (1-14)

    • Le ka ja nama eseng mali (15-28)

    • Le se ke la rapela melimo e meng (29-32)

  • 13

    • Tsela eo le lokelang ho tšoara bakoenehi ka eona (1-18)

  • 14

    • Le se ke la utloa bohloko ka tsela e feteletseng (1, 2)

    • Lijo tse hloekileng le tse sa hloekang (3-21)

    • Karolo ea leshome bakeng sa Jehova (22-29)

  • 15

    • Selemong se seng le se seng sa bosupa likoloto lia hlakoloa (1-6)

    • Ho thusa bafutsana (7-11)

    • Makhoba a lokolloe ka selemo se seng le se seng sa bosupa (12-18)

      • Tsebe ea lekhoba e phunngoe ka elese (16, 17)

    • Matsibolo a liphoofolo a lokela ho halaletsoa (19-23)

  • 16

    • Paseka; Mokete oa Mahobe a se Nang Tomoso (1-8)

    • Mokete oa Libeke (9-12)

    • Mokete oa Maphephe (13-17)

    • Ho khethoa baahloli (18-20)

    • Lintho tse sa lokelang ho sebelisoa ha ho rapeloa (21, 22)

  • 17

    • Mahlabelo ha aa lokela ho ba le bokooa (1)

    • Ho sebetsana le litaba tse amanang le bokoenehi (2-7)

    • Litaba tseo ho leng thata ho li ahlola (8-13)

    • Litaelo tsa ho khetha morena (14-20)

      • Morena a kopitse buka ea Molao (18)

  • 18

    • Kabelo ea baprista le Balevi (1-8)

    • Boloi ha boa lumelloa (9-14)

    • Moprofeta ea tšoanang le Moshe (15-19)

    • Litsela tsa ho bona baprofeta ba leshano (20-22)

  • 19

    • Ho ba molato oa mali le metse ea setšabelo (1-13)

    • Matšoao a moeli ha aa lokela ho chechisoa (14)

    • Batho ba fanang ka bopaki khotla (15-21)

      • Ho hlokahala hore ho be le lipaki tse peli kapa tse tharo (15)

  • 20

    • Melao ea ntoa (1-20)

      • Mabaka a hore motho a se ke a ea ntoeng (5-9)

  • 21

    • Batho ba bolailoeng ho sa tsebahale hore na ba bolailoe ke mang (1-9)

    • Ho nyala basali ba hapiloeng ntoeng (10-14)

    • Tokelo ea ho ba letsibolo (15-17)

    • Mora ea manganga (18-21)

    • Motho ea fanyehiloeng palong o rohakiloe (22, 23)

  • 22

    • Ho hlompha liphoofolo tsa batho ba bang (1-4)

    • Ho apara liaparo tsa batho ba bong bo fapaneng (5)

    • Ho tšoara liphoofolo hantle (6, 7)

    • Lebota le lekhutšoanyane ho potoloha marulelo (8)

    • Lintho tse sa lokelang ho kopanngoa (9-11)

    • Litjobo liaparong (12)

    • Melao mabapi le thobalano (13-30)

  • 23

    • Batho ba sa lokelang ho ba ka phuthehong ea Molimo (1-8)

    • Ho boloka litente li hloekile (9-14)

    • Makhoba a balehileng (15, 16)

    • Botekatse ha boa lumelloa (17, 18)

    • Phaello le likano (19-23)

    • Lintho tseo batho ba fetang ka tsela ba lumeletsoeng ho li ja (24, 25)

  • 24

    • Lenyalo le tlhalo (1-5)

    • Ho hlompha bophelo (6-9)

    • Ho nahanela bafutsana (10-18)

    • Melao ea ho kotula (19-22)

  • 25

    • Tsela eo motho a neng a lokela ho shapuoa ka eona (1-3)

    • U se ke oa tlama poho molomo ha e pola (4)

    • Ho nyala mosali oa ngoan’eno (5-10)

    • Litho tsa motho tseo u sa lokelang ho li tšoara ha le loana (11, 12)

    • Likala le litekanyo tse nepahetseng (13-16)

    • Baamaleke ba tla felisoa (17-19)

  • 26

    • Ho nyehela lihlahisoa tsa pele (1-11)

    • Karolo ea leshome ea bobeli (12-15)

    • Iseraele, thepa ea Jehova e khethehileng (16-19)

  • 27

    • Molao o lokela ho ngoloa majoeng (1-10)

    • Thabeng ea Ebale le Thabeng ea Gerizime (11-14)

    • Lithohako lia phetoa (15-26)

  • 28

    • Litlhohonolofatso tsa ho mamela (1-14)

    • Lithohako tse tlisoang ke ho se mamele (15-68)

  • 29

    • Selekane se entsoeng le Baiseraele Moabe (1-13)

    • Temoso mabapi le ho se mamele (14-29)

      • Lintho tse patiloeng, lintho tse senotsoeng (29)

  • 30

    • Ho khutlela ho Jehova (1-10)

    • Litaelo tsa Jehova ha li boima (11-14)

    • Ho khetha pakeng tsa bophelo le lefu (15-20)

  • 31

    • Moshe o haufi le ho shoa (1-8)

    • Molao o baloa phatlalatsa (9-13)

    • Joshua oa khethoa (14, 15)

    • Taba ea hore Baiseraele ba ke ke ba mamela Molimo e boleloa esale pele (16-30)

      • Pina e lokelang ho rutoa Baiseraele (19, 22, 30)

  • 32

    • Pina ea Moshe (1-47)

      • Jehova ke Lefika (4)

      • Baiseraele ba lebala Lefika la bona (18)

      • “Phetetso ke ea ka” (35)

      • “Thabang lona lichaba hammoho le batho ba hae” (43)

    • Moshe o ne a tla shoella Thabeng ea Nebo (48-52)

  • 33

    • Moshe o hlohonolofatsa maloko a Iseraele (1-29)

      • ‘Matsoho a Jehova a tla lula a le tlas’a hao ka ho sa feleng’ (27)

  • 34

    • Jehova o bontša Moshe naha (1-4)

    • Lefu la Moshe (5-12)