Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lengolo le Eang ho Baroma

Likhaolo

1 2 3 4 5 6 7 8 9 10 11 12 13 14 15 16

Kakaretso ea Buka

  • 1

    • Litumeliso (1-7)

    • Pauluse o batla ho ea Roma (8-15)

    • Ea lokileng o tla phela hobane a e-na le tumelo (16, 17)

    • Batho ba sa lokang ha ba na mabaka a ho ikemela (18-32)

      • Makhabane a Molimo a bonoa linthong tseo a li bopileng (20)

  • 2

    • Molimo o tla ahlola Bajuda le Bagerike (1-16)

      • Tsela eo letsoalo le sebetsang ka eona (14, 15)

    • Bajuda le Molao (17-24)

    • Ho bolotsa pelo (25-29)

  • 3

    • ‘Molimo o bua ’nete ka linako tsohle’ (1-8)

    • Bajuda le Bagerike ke baetsalibe (9-20)

    • Motho o nkoa a lokile hobane a e-na le tumelo (21-31)

      • Batho bohle ba hloleha ho bonahatsa khanya ea Molimo (23)

  • 4

    • Abrahama o ile a nkoa a lokile ka lebaka la tumelo ea hae (1-12)

      • Abrahama ke ntate oa ba nang le tumelo (11)

    • Tšepiso e fumanoa ka ho ba le tumelo (13-25)

  • 5

    • Re metsoalle le Molimo ka lebaka la Kreste (1-11)

    • Lefu le teng ka Adama, bophelo bo teng ka Kreste (12-21)

      • Sebe le lefu tsa namela ho batho bohle (12)

      • Ketso e le ’ngoe e lokileng (18)

  • 6

    • Bophelo bo bocha ka lebaka la ho kolobeletsoa ho Kreste (1-11)

    • Le se ke la lumella sebe hore se le buse (12-14)

    • Re ne re le makhoba a sebe empa re se re le makhoba a Molimo (15-23)

      • Moputso oa sebe ke lefu, mpho ea Molimo ke bophelo (23)

  • 7

    • Papiso ea ha motho a lokolloa Molaong (1-6)

    • Molao o etsa hore sebe se tsebahale (7-12)

    • Ho loantšana le sebe (13-25)

  • 8

    • Moea o halalelang o fana ka bophelo le bolokolohi (1-11)

    • Moea oa Molimo oa re kholisa hore re bana ba Molimo (12-17)

    • Popo ea Molimo e letetse ho fumana tokoloho joaloka bana ba Molimo (18-25)

    • “Moea o halalelang oa re buella” (26, 27)

    • Molimo o etsa litlhophiso (28-30)

    • Re tla hlola hobane Molimo oa re rata (31-39)

  • 9

    • Pauluse o llela Baiseraele (1-5)

    • Litloholo tsa Abrahama tsa ’nete (6-13)

    • Ha ho motho ea ka tšoaeang thato ea Molimo phoso (14-26)

      • Batho bao Molimo a ba halefetseng le bao a ba hauhetseng (22, 23)

    • Ke ba seng bakae feela ba tla pholosoa (27-29)

    • Baiseraele baa khoptjoa (30-33)

  • 10

    • Ho etsa seo Molimo a nkang hore se nepahetse (1-15)

      • Ho bolella ba bang ka tumelo (10)

      • Ea tšepetseng lebitsong la Jehova o tla pholoha (13)

      • A matle hakaakang maoto a ba bolelang litaba tse monate (15)

    • Batho ba hana ho mamela litaba tse monate (16-21)

  • 11

    • Ha se Baiseraele bohle ba lahliloeng (1-16)

    • Papiso ea sefate sa mohloaare (17-32)

    • Bohlale ba Molimo bo ke ke ba lekanngoa (33-36)

  • 12

    • Fanang ka ’mele le maphelo a lona joalokaha eka ke sehlabelo (1, 2)

    • Re ’mele o le mong empa ho na le limpho tse sa tšoaneng (3-8)

    • Tsela eo Bakreste ba lokelang ho phela ka eona (9-21)

  • 13

    • Ho ikokobeletsa balaoli (1-7)

      • Ho ntša lekhetho (6, 7)

    • Ho ba le lerato ke ho etsa seo Molao o se laelang (8-10)

    • Itšoareng hantle joalokaha batho ba itšoara hantle motšehare (11-14)

  • 14

    • Le se ke la ahlolana (1-12)

    • U se ke oa khopisa ba bang (13-18)

    • Etsang sohle seo le ka se khonang hore le be le khotso le be le momahane (19-23)

  • 15

    • Amohelanang feela joalokaha Kreste a ile a etsa (1-13)

    • Pauluse ke mohlanka oa lichaba (14-21)

    • Pauluse o itokisetsa leeto (22-33)

  • 16

    • Pauluse o ba tsebisa Fibi, mosebeletsi oa phutheho (1, 2)

    • Pauluse o lumelisa Bakreste ba Roma (3-16)

    • Ba eletsoa hore ba hlokomele ba bakang likarohano (17-20)

    • Litumeliso tse tsoang ho basebetsi-’moho le Pauluse (21-24)

    • Re tsebisitsoe lekunutu le halalelang (25-27)