Lengolo le Eang ho Bagalata 3:1-29

  • Ba latelang Molao ba bapisoa le ba nang le tumelo (1-14)

    • Ea lokileng o tla phela hobane a e-na le tumelo (11)

  • Tšepiso e filoeng Abrahama ha e tsoe Molaong (15-18)

    • Kreste ke ngoana oa Abrahama (16)

  • Qalo ea Molao le bohlokoa ba oona (19-25)

  • Le bana ba Molimo ka lebaka la tumelo (26-29)

    • Bana ba Abrahama ke balateli ba Kreste (29)

3  Lona Bagalata ba se nang kelello, ke mang ea le susumelitseng hore le etse lintho tsee tse mpe+ le hoja le ile la hlalosetsoa hantle lebaka leo Jesu Kreste a ileng a khokhotheloa palong ka lona?+  Ke batla ho le botsa potso e le ’ngoe feela: Na le ile la fuoa moea o halalelang hobane le mamela molao kapa hobane le lumela lintho tseo le li utloileng?+  Na le nka hantle? Qalong le ne le tšepile moea o halalelang empa na joale qetellong le se le mamela lithuto tsa batho?+  Na le ile la mamella mathata a mangata hakaale mahala? Ha ke kholoe.  Ka lebaka leo, na motho ea le fang moea o halalelang le ea etsang mesebetsi e matla+ har’a lona o etsa joalo hobane le mamela molao kapa hobane le lumela linthong tseo le li utloileng?  Abrahama le eena o ile “a bontša tumelo ho Jehova* eaba o nkoa e le motho ea lokileng.”+  Lea tseba hore batho ba nang le tumelo ke bona bana ba Abrahama.+  Mehleng ea khale, Molimo o ile a bua ka lentsoeng la hae a re o ne a tla re batho ba lichaba tsohle ba lokile hobane ba e-na le tumelo. Kahoo, o ile a bolella Abrahama litaba tse monate esale pele a re: “Lichaba tsohle li tla hlohonolofatsoa ka lebaka la hao.”+  Batho ba nang le tumelo ba hlohonolofatsoa hammoho le Abrahama ea neng a e-na le tumelo.+ 10  Batho bohle ba tšepileng molao ba malimabe hobane Mangolo a re: “Batho bohle ba sa mameleng le ba sa etseng lintho tsohle tse ngotsoeng ka moqolong oa Molao ba malimabe.”+ 11  Ho hlakile hore Molimo ha a nke motho a lokile hobane feela a mamela molao+ empa o mo nka a lokile hobane Mangolo a re, “ea lokileng o tla phela hobane a e-na le tumelo.”+ 12  Molao ha oa itšetleha ka tumelo. Empa “motho ea etsang lintho tse nepahetseng ho ea ka Molao o tla phela.”+ 13  Kreste o re lopolotse+ thohakong ea Molao ka hore ho rohakoe eena eseng rona hobane Mangolo a re: “Ho rohakoe motho e mong le e mong ea fanyehoang palong.”+ 14  Sena se ile sa etsahala e le hore tlhohonolofatso eo Molimo a neng a e tšepisitse Abrahama e ka tlela lichaba tsohle ka Kreste Jesu+ le hore re fumane moea o halalelang+ ka lebaka la tumelo ea rona. 15  Bana beso, ke etsa mohlala oo batho ba ka o utloisisang: Ha ho entsoe selekane, ha ho na motho ea ka se fetolang kapa a se eketsa. 16  Litšepiso tseo li ile tsa etsetsoa Abrahama le ngoana* oa hae.+ Mangolo a re: “Le ngoana* oa hao,” se bolelang motho a le mong e leng Kreste empa ha ho na moo a reng “le bana* ba hao” joalokaha eka ho buuoa ka batho ba bangata.+ 17  Ke boetse ke re: Molao o bileng teng ka mor’a lilemo tse 430+ ha o hlakole selekane seo Molimo a se entseng khale ebile ha o felise le tšepiso eo a e entseng. 18  Haeba Molimo a fa batho lefa hobane ba mamela molao, o tla be a sa fane ka lona hobane a tšepisitse. Leha ho le joalo, Molimo o ile a ba mosa eaba o fa Abrahama lefa leo a neng a mo tšepisitse lona.+ 19  Joale ke hobane’ng ha Molao o bile teng? O bile teng ho senola libe tsa batho+ ho fihlela leloko* leo le neng le filoe tšepiso eo le fihla.+ Molimo o ile a fa mangeloi+ molao ’me ’ona a o fetisetsa ho batho a sebelisa ’muelli.+ 20  Kaha Molimo o entse tšepiso a le mong, ha ho hlokahale ’muelli. 21  Na see se bolela hore Molao ha o lumellane le litšepiso tsa Molimo? Ha ho joalo hobane haeba batho ba ne ba filoe molao o khonang ho ba phelisa, ho ne ho tla thoe ba lokile hobane ba ne ba mamela molao. 22  Empa Mangolo a bontša hore batho ba laoloa ke sebe e le hore batho ba nang le tumelo ba ka fuoa litšepiso tse fumanoang ke batho ba bontšang tumelo ho Jesu Kreste. 23  Leha ho le joalo, pele re lumela ho Kreste re ne re laoloa ke molao, re emetse seo Molimo a tla se senola.+ 24  Ka lebaka leo, Molao o ile oa re tataisetsa* ho Kreste+ e le hore ho ka thoe re lokile ka lebaka la tumelo.+ 25  Empa kaha re na le tumelo ho Kreste,+ ha re sa hloka molao hore o re tataise.*+ 26  Kaofela ha lona le bana ba Molimo+ hobane le lumela ho Kreste Jesu.+ 27  Lona bohle ba ileng ba kolobetsoa ’me la ba bonngoeng le Kreste, le se le e-na le makhabane a tšoanang le a hae.+ 28  Kaofela ha lona le bonngoeng le Kreste Jesu.+ Kahoo, ha ho sa na Mojuda kapa Mogerike,+ lekhoba kapa motho ea lokolohileng+ ebile ha ho sa na motho e motona kapa e motšehali.+ 29  Hape, haeba le le balateli ba Kreste, le bana* ba Abrahama.+

Linaletsana

Ka Segerike: “peo.”
Ka Segerike: “peo.”
Ka Segerike: “peo.”
Ka Segerike: “peo.”
Kapa: “ruta ka.”
Kapa: “rute.”
Ka Segerike: “peo.”