Fetela boitsebisong

Ke Hobane’ng ha Jesu a Bitsoa Mora oa Molimo?

Ke Hobane’ng ha Jesu a Bitsoa Mora oa Molimo?

Karabo ea Bibele

 Hangata Bibele e re Jesu ke “Mora oa Molimo.” (Johanne 1:​49) Mantsoe ana a reng “Mora oa Molimo” a bontša hore Molimo ke ’Mopi kapa Mohloli oa bophelo ho akarelletsa le ba Jesu. (Pesaleme ea 36:9; Tšenolo 4:​11) Bibele ha e rute hore Molimo o ile a tsoala Jesu joalokaha batho ba tsoala bana.

 Bibele e boetse e re mangeloi ke “bara ba Molimo oa ’nete .” (Jobo 1:6) Hape Bibele e re motho oa pele e leng Adama e ne e le “mora oa Molimo.” (Luka 3:​38) Leha ho le joalo, kaha Molimo o ile a bopa Jesu pele ebile ke eena feela eo Molimo a ileng a mo bopa ka ho toba, Bibele e re Jesu ke Mora oa Molimo ea ka sehloohong.

 Na Jesu o ne a lula leholimong pele a phela lefatšeng?

 Ho joalo. Jesu e ne e le lengeloi leholimong pele a ka tsoaloa e le motho lefatšeng. Jesu o ile a re o tsoa leholimong.​—Johanne 6:​38; 8:23.

 Molimo o bopile Jesu pele a ka bopa ntho efe kapa efe. Ha Bibele e bua ka Jesu e re:

 Jesu o ile a phethahatsa boprofeta bo buang ka “eo lesika la hae le tsoang linakong tsa pele, matsatsing a nako e sa lekanyetsoang.”​—Mikea 5:2; Matheu 2:​4-6.

 Jesu o ne a etsa’ng pele a tla lefatšeng?

 O ne a e-na le boemo bo phahameng leholimong. Jesu o ile a bua ka boemo bona ha a ne a rapela, a re: “Ntate, u ntlotlise . . . ka khanya eo ke neng ke e-na le eona haufi le uena pele lefatše le e-ba teng.”​—Johanne 17:5.

 O ile a thusa ntate oa hae ho bopa lintho tse ling tsohle. Jesu o ne a sebetsa haufi le Molimo e le “mosebetsi ea hloahloa.” (Liproverbia 8:​30) Bibele e re ka Jesu: “Lintho tse ling tsohle tse maholimong le tse lefatšeng li ile tsa boptjoa ho sebelisoa eena.”​—Bakolose 1:16.

 Molimo o ile a sebelisa Jesu ho bopa lintho tse ling tsohle. Lintho tsena li akarelletsa mangeloi hammoho le lintho tse ling tsohle. (Tšenolo 5:​11) Tsela eo Molimo le Jesu ba neng ba sebelisana ka eona e ka bapisoa le tsela eo motho ea toroeang meralo ea mehaho a sebelisanang ka eona le sehahi. Motho ea toroeang o etsa meralo ea mehaho ebe sehahi sea o haha.

 E ne e le Lentsoe. Ha Bibele e bua ka Jesu pele a tla lefatšeng e re e ne e le “Lentsoe.” (Johanne 1:1) Kamoo ho bonahalang kateng, sena se bolela hore Molimo o ne a sebelisa Jesu ho fetisa molaetsa le litaelo ho mangeloi a mang.

 Hape ho bonahala Jesu e ne e le ’Muelli oa Molimo lefatšeng. Ho ka etsahala hore Molimo o ne a sebelisa Jesu e le Lentsoe ha a ne a fa Adama le Eva litaelo serapeng sa Edene. (Genese 2:​16, 17) E ka ’na eaba Jesu e ne e le lengeloi le ileng la tataisa Baiseraele ha ba ne ba le lefeelleng le leo ba neng ba lokela ho mamela lentsoe la lona.​—Exoda 23:​20-23. a

a Jesu [kapa Lentsoe] ha se eena feela lengeloi leo Molimo a neng a le sebelisa e le ’Muelli. Ka mohlala, o ile a sebelisa mangeloi a mang ho fa Baiseraele ba mehleng ea pele melao.​—Liketso 7:​53; Bagalata 3:​19; Baheberu 2:​2, 3.