Ho Bakolose 3:1-25

  • Botho ba kgale le bo botjha (1-17)

    • Bolayang ditakatso tsa lona tse sa lokang (5)

    • Lerato le etsa hore batho ba utlwane (14)

  • Keletso e fuwang malapa a Bakreste (18-25)

3  Haeba le tsositswe le Kreste,+ tswelang pele le batla dintho tse lehodimong moo Kreste a dutseng ka letsohong le letona la Modimo.+  Dulang le nahana ka dintho tse lehodimong+ eseng tse lefatsheng.+  Le ile la shwa mme bophelo ba lona bo matsohong a Kreste tumellanong le thato ya Modimo.  Ha Kreste ya fanang ka bophelo+ a bonahatswa, le lona le tla bonahatswa le yena ka kganya ya hae.+  Ka hoo, bolayang ditakatso tsa lona tse sa lokang+ e leng boitshwaro bo bobe bo amanang le thobalano,* ho se hlweke, takatso e sa laoleheng ya ho batla ho etsa thobalano,+ takatso ya ho batla ho utlwisa batho ba bang bohloko le meharo e leng borapedi ba ditshwantsho.  Modimo o tla halefela batho ba etsang dintho tseo.  Le lona le ne le etsa dintho tsena pele.*+  Empa jwale tlohelang dintho tsena tsohle, e leng kgalefo, bohale, dintho tse mpe,+ ho bua mantswe a hlabang+ le a nyonyehang.+  Le se ke la bolellana leshano.+ Hlobolang botho* ba kgale*+ le diketso tsa bona 10  le apare botho bo botjha+ boo Modimo a re thusang hore re be le bona ha re ntse re ithuta ka yena. Seo se tla etsa hore re be le makgabane a tshwanang le a hae.+ 11  Motho ya nang le makgabane ana ha a bone ho na le phapang pakeng tsa Mogerike kapa Mojuda, ho bolla kapa ho se bolle, moditjhaba, Moskitha,* lekgoba kapa motho ya lokolohileng. Kreste o dinthong tsohle mme rona re ka tlasa hae.+ 12  Lona ba kgethilweng ke Modimo,+ ba halalelang le ba ratwang, ebang le qenehelo,+ mosa, boikokobetso,+ bonolo+ le mamello.+ 13  Le tswele pele ho mamellana le ho tshwarelana+ le haeba ho ena le motho ya le kgopisitseng.+ Le tshwarele batho ba bang ka pelo yohle feela jwalo ka ha Jehova* le yena a le tshwarela.+ 14  Empa ka hodima dintho tsena tsohle, le ratane+ ka ha lerato le etsa hore batho ba utlwane.+ 15  Dumellang kgotso ya Kreste hore e laole dipelo tsa lona+ hobane le bitseditswe ho yona hore le be mmele o le mong. Hape dulang le leboha. 16  Dumellang lentswe la Kreste hore le sebetse ho lona mme le le etse hore le be bohlale. Tswelang pele ho ruta le ho kgothatsa ba bang ka dipesaleme,+ ka ho rorisa Modimo, ka dipina tsa bodumedi tse binwang ka kananelo le binela Jehova* ka dipelo tsohle tsa lona.+ 17  Ntho le ha e le efe eo le e buang kapa eo le e etsang, le e etse ka lebitso la Morena Jesu, le lebohe Modimo Ntate le sebedisa lebitso la hae.+ 18  Lona basadi, le ikokobeletse banna ba lona+ hobane Morena o lebeletse hore le etse jwalo. 19  Banna, le tswele pele ho rata basadi ba lona+ mme le se ke la ba halefela.*+ 20  Bana, le mamele batswadi ba lona dinthong tsohle+ hobane ha le etsa jwalo le thabisa Morena. 21  Bontate, le se ke la utlwisa bana ba lona bohloko*+ e le hore ba se ke ba nyahama. 22  Basebeletsi, le mamele benghadi ba lona dinthong tsohle+ eseng feela ha ba le shebile jwalo ka ha eka le batla ho thabisa batho empa le ba mamele ka pelo yohle hobane le hlompha* Jehova.* 23  Ntho le ha e le efe eo le e etsang, le e etse ka pelo yohle jwalo ka ha eka le e etsetsa Jehova*+ eseng batho 24  ka ha le a tseba hore le tla fuwa lefa ke Jehova* e le moputso.+ Sebeletsang Monghadi wa lona e leng Kreste. 25  Jwang kapa jwang motho ya etsang dintho tse mpe o tla ahlolwa ka lebaka la tsona.+ Modimo ha a leeme.*+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Segerike ke por·neiʹa. Sheba Tlhaloso.
Kapa: “le ne le phela ka tsela eo.”
Kapa: “Tlohelang mekgwa ya kgale.”
Ka Segerike: “motho.”
Lentswe lena le bua ka batho ba neng ba kgellwa fatshe ka lebaka la meetlo ya bona le tsela eo ba phelang ka yona.
Kapa: “la ba buisa hampe.”
Kapa: “halefisa; kgopisa.”
Ka Segerike: “tshaba.”
Kapa: “ha a kgetholle.”