Lengolo la Jakobo 3:1-18

  • Ho laola leleme (1-12)

    • Le se ke la ba mesuwe le le bangata (1)

  • Bohlale bo tswang lehodimong (13-18)

3  Bana beso, le se ke la ba mesuwe le le bangata hobane le a tseba hore re tla amohela kahlolo e boima ho feta ya ba bang.+  Kaofela ha rona re etsa diphoso* hangata.+ Haeba motho a sa kgopise batho ba bang ka seo a se buang, motho eo o phethahetse ebile o kgona ho laola mmele wohle wa hae.*  Haeba re kenya ditomo melomong ya dipere, di tla re mamela mme re tla kgona ho laola mmele yohle ya tsona.  Nahanang ka dikepe: Le hoja di le kgolo haholo ebile di tsokotswa ke meya e matla, bakganni ba tsona ba sebedisa masokwana a manyenyane haholo ho di isa moo ba batlang.  Leleme le lona ke setho se senyenyane sa mmele empa le ithorisa haholo. Mollo o monyenyane o ka tjhesa moru o moholo haholo.  Leleme le tshwana le mollo.+ Ke karolo ya mmele e etsang dintho tse fosahetseng le e silafatsang mmele wohle.+ Le ka senyetsa motho bophelo, hape le tshwana le Gehena* hobane le a senya.  Batho ba kgona ho laola mefuta yohle ya diphoofolo tse hlaha, dinonyana, dihahabi le dibopuwa tse phelang lewatleng ebile ba se ba ntse ba di laola.  Empa ha ho na motho ya ka laolang leleme. Ha le laolehe, le kotsi ebile le tletse tjhefo.+  Re le sebedisa ho rorisa Ntate wa rona Jehova* re be re le sebedise ho rohaka batho ba bopilweng ka “setshwantsho sa Modimo.”+ 10  Molomong o le mong ho tswa thoriso le thohako. Bana beso, ha ho a lokela ho ba jwalo.+ 11  Na metsi a monate le a mabe a ka tswa sedibeng se le seng? 12  Bana beso, sefate sa feie* se ke ke sa hlahisa mehlwaare kapa sefate sa morara sa hlahisa difeie.+ Le metsi a letswai a ke ke a hlahisa metsi a monate. 13  Ke mang hara lona ya bohlale le ya nang le kutlwisiso? Haeba o teng, a bontshe ka boitshwaro ba hae bo botle hore o etsa dintho tsohle ka bonolo boo motho a bang le bona hobane a le bohlale. 14  Empa haeba ka dipelong tsa lona le le mona+ ebile le rata diqabang,*+ le se ke la ithorisa+ ka hore le bohlale hobane le tla be le bua leshano. 15  Bohlale bona ha se bo tswang lehodimong empa ke ba lefatshe.+ Ke bohlale ba batho ba laolwang ke ditakatso tsa bona ebile ke bohlale ba bademona. 16  Moo ho nang le mona le diqabang* ho dula ho ena le meferefere le dintho tsohle tse mpe.+ 17  Empa motho ya nang le bohlale bo tswang lehodimong pele ho tsohle o phela bophelo bo hlwekileng,+ hape o na le kgotso,+ ha a manganga,+ o itokiseditse ho mamela, o mohau haholo, o etsa dintho tse ntle,+ ha a kgetholle+ ebile ha se moikaketsi.+ 18  Batho ba sebedisanang hantle le batho ba bang, ba etsa hore ho be le kgotso+ mme qetellong ba etsa dintho tse lokileng.*+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Segerike: “kgoptjwa.”
Kapa: “laola mmele wohle wa hae jwalo ka ha eka ke ka tomo.”
Kapa: “feiga.”
Kapa mohlomong: “le itjheba bolona.”
Kapa mohlomong: “batho ba itjhebileng bobona.”
Ka Segerike: “Ditholwana tsa ho loka di jalwa ka kgotso ho ba etsang kgotso.”