Feta

Ho Hodisa Bana

Ka Moo o ka Bang Motswadi ya Molemo ka Teng

Ke Hobaneng ha e le ha Bohlokwa Hore le Tlwaetse Bana ho Bala?​—Karolo ya Pele: Theknoloji Kapa Dibuka?

Bana ba bangata ba rata ho shebella divideo. Batswadi ba ka etsang e le hore ba thuse bana ba bona hore ba rate ho bala?

Mohlala—wa Malapa a Atlehileng

Etsa hore diketso tsa hao di dumellane le seo o se buang haeba o batla hore bana ba hao ba o mamele.

Kwetlisa Bana ba Hao

Ruta Bana ho Etsa Mosebetsi wa Lapeng

Na le tswafa ho fa bana ba lona mesebetsi ya ka tlung? Haeba ho jwalo, hlahloba kamoo ho fa bana mesebetsi ya ka tlung ho ka etsang hore ngwana a be le boikarabelo le ho mo fa thabo kateng.

Ho Etsa Diqeto Tse Nepahetseng

Ho ruta bana ba hao ho etsa diqeto tse nepahetseng hona jwale ho tla ba thusa hore ba nne ba etse diqeto tse nepahetseng le ha ba se ba hodile.

Ho ba le Boikarabelo

Motho a ka ithuta ho ba le boikarabelo ha a se a ena le dilemo tse kae, haele ngwana kapa motho ya moholo?

Kamoo o ka Rutang Ngwana wa Hao Kateng

Ho kgalemela ho akarelletsa ho fetang feela ho fana ka kotlo kapa ho beha melao.

Ho ba le Mamello

Bana ba ithutang ho mamella ba kgona ho hlola mathata a ba hlahelang bophelong.

Ka Moo o ka Thusang Ngwana wa Hao Hore a Sebetse Hantle Sekolong

Sheba hore keng e etsang hore ngwana a feile sekolong ebe o leka ho mo thusa ho ntlafatsa.

Bua le Bana ba Hao ka Kgethollo ya Morabe

Bua le ngwana ka kgethollo ya morabe ho latela hore na dilemo tsa hae di kae.

Sireletsa Bana ba Hao

Kalebe le Sofia ba fumana thuso ya hore ba dule ba sireletsehile.

Buisana le Bana ka Jwala

Ke neng hona jwang batswadi ba lokelang ho buisana le bana ba bona ka jwala?

Boitshwaro

Ruta Bana ba Hao Hore ba Ikokobetse

Ruta bana ba hao ho ikokobetsa ba sa itheole seriti.

Melemo ya ho ba le Boitshwaro

Ke hobaneng ha ho le bohlokwa ho ba le boitshwaro, hona re ka ba le bona jwang?

Ho ba le Boikokobetso

Ho ruta bana ba hao ho ba le boikokobetso ho tla ba thusa hona jwale le nakong e tlang.